Leseli la ʼNete le Khanya Belgium
BELGIUM e ʼnile ea bitsoa ‘mateanong a litsela’ tsa Europe. Hobane’ng? Hobane naha ena e nyenyane e pakeng tsa France le Luxembourg, Jeremane, Great Britain le Holland.
Lithotanyana tse tala le tse nonneng tsa Flanders, haesita le maralla le meru ea Wallonia, li bula “menyako” ea tsona bakeng sa baahi ba metse e meholo e kang Brussels, Antwerp, Charleroi le Liège. Mafelong a beke e ʼngoe le e ʼngoe ho fumaneha batho ba bangata ba tsamaea ho e ʼngoe ea litsela tse kholo tse ntle ka ho fetisisa tse rarahaneng tsa Europe. Litsela tsena li bile li khantšitsoe le bosiu e le hore ba tsamaeang ka makoloi ba ka fumana molemo ho seo “tlhaho” e fanang ka sona.
Belgium e boetse ke naha ea metsoako ʼme hangata le ea mathata bakeng sa mefuta e ʼmeli ea batho e bōpang sechaba sena. Flanders ho buuoa Sedache ʼme Wallonia ho buuoa Sefora. Brussels e lutse hantle setsing sa lihlopha tsena tse peli tsa tsoelopele le lipuo. Empa motsoako o tsotehang haholo o bonoa ho Lipaki tsa Jehova tse 18 000 tse sebetsang hammoho ka khotso le kopano ho fana ka thuso ea moea bakeng sa baahi ba 9 800 000.
MOKHOSI OA PELE OA ‘LITABA TSE MOLEMO’
A susumetsoa ke lerato le tebileng bakeng sa batho ba kang eena le takatso e matla ea ho ba bolella ka “litaba tsena tse molemo” ho batho ba mefuta eohle, Charles Taze Russell a etela Belgium hoetla ka 1891, ha a haola le Europe. Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Society, a hlokomela se hlokoang ke batho moeeng, bakeng sa bolokolohi, kaha ba ne ba sa le lefifing le letšo la bolumeli. Hobane ba bangata ho bona, ho bala Bibele ho ne ho haneloa, ʼme ba phela ka ho tšaba mollo oa lihele hape le ho tšoha baprista ba lipharishe.
Lilemo tse leshome hamorao, morati oa toka ea phelang sebakeng sa Charleroi a qala ho thula tumela-khoela ea boi e amanang le ho bala Lentsoe la Molimo. Hang hoba a fumane meqolo e ʼmeli ea pele ea Millennial Dawn, monna enoa. J. B. Thilmant, a hlophisa thuto ea lelapa ea Bibele. Ka pele ‘litaba tse molemo’ tsa jaleha metseng e meng ha esita le ho ea fihla France, liteboho li ea ho mosebetsi o sebete oa lelapa la Thilmant.
JEHOVA O HLOHONOLOFATSA BAIKOKOBETSI
Leha e le eona mekoloko e meholo haholo ea bolumeli kapa mehaho e meholo ea likereke ha e-ea ka ea tšosa bahlanka ba ikokobelitseng ba Jehova. Kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše, monna ea bitsoang Joseph Poelmans, ea neng a sebetsa merafong ea mashala Liège ʼme a rutehile haholo puong ea Sedache, nako le nako o ne a palama baesekele lik’hilomithara tse 120 ho ea Antwerp hore a ka bolela ‘litaba tse molemo’ motseng oo. Mohaho o moholo oa kereke Antwerp, ka motsu oa oona o phahameng ka limithara tse 122 ho ea holimo, o na le litšoantšo tse tumileng tse ferefiloeng tse entsoeng ke Rubens, har’a tsona e le “Tsoho ea Kreste.” Empa ho ne ho hlokahala ho hong ho thusa ba phelang Antwerp ho utloisisa bohlokoa ba ketsahalo ena, e tiisang hore Jesu ke eena ea khethiloeng ke Jehova ho ‘ahlola lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka ho loka.’ (Lik. 17:31) Mosebetsi o ikokobelitseng oa Moena Poelmans oa hlohonolofatsoa haholo ʼme kajeno liphutheho tse 10 li theiloe ka matla Antwerp.
Hoba Ntoa ea I ea Lefatše e lale mosebetsi oa rōna le oona oa tsoela pele haholo sebakeng sa Liège. Ernest Heuse le Léonard Smets, basebetsi ʼmoho ba Moena Poelmans, ba qala bopaki ba ntlo le ntlo motseng oo. Ba mamella mathata a maholo lintoeng tse peli tsa lefatše. Leha ho le joalo, ‘litaba tse molemo tsa khotso’ tsa ama lipelo tsa batho ba bangata, hoo hona joale ho leng teng liphutheho tse fetang 30 sebakeng seo.—Ba-Ef. 2:17.
HO TALIMANA LE THIBELO
Ka la 30 Tlhakubele, 1940, Letona la Litaba tsa Kahare la thibela libuka tsohle tsa rōna. Le pele khoeli e fela, Belgium ea fetoloa lebala la ntoa, ʼme kapele ea oela mabothong a Hitler. Lipaki tse 218 tsa Jehova li ne li tla etsa joang? Tsa tsoela pele ho tsebahatsa ʼmuso oa Molimo e le oona tšepo feela bakeng sa khotso. Ba tsongoa ke masole a Manazi, Lipaki tse ngata tsa tšoaroa tsa isoa botlamuoeng le ho kenngoa likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Ba bang ha baa ka ba pholoha tlhokofatso e sehlōhō eo ba e etselitsoeng.
Moena Francois Hankus o ne a hlile a tšoarehile ka ho khethehileng tšebeletsong ea Jehova Charleroi, moo a ileng a tšoaroa ka baka la ho pata Moena André Wozniak, ea neng a batloa ke Gestapo. Kaha Moena Hankus o ile a hana ho bolela mabitso a balumeli hammoho le eena, baemeli ba Hitler ba mo shapa ʼme ba mo isa litlamong a ilibane. Hoba a tšoaroe, ka tlung ea hae ho ne ho fumanoa lihlotšoana tsa moriri oa hae o mali. Ha a ka a hlola a hlaphoheloa tšoarong e sehloho eo a e utloileng lilemong tsa ho tlangoa ha hae. Leha ho le joalo, a sebeletsa Jehova ka moea ʼohle oa hae ho fihlela phefumolohong ea hae ea lefu ka 1954. Kajeno, ho teng liphutheho tse 26 Charleroi.
Watch Tower Society ha e na khatiso Belgium. Empa pusong ea Manazi, ka tšebelisano le mohatisi oa Brussels, baena ba tsebile ho phatlalatsa likopi tse 6 000 tsa thuso ea ho ithuta Bibele, Children. Hoba ntoa e lale, bahoeletsi ba ʼMuso ba ka fetang 700 ba tsoa mosebetsing oa sekhukhu, ʼme bana ba sebetsa e le khothalletso ea katoloho eo ho seng e kileng ea tšoana le eona pele. Moena Ernest Heuse e monyenyane, a tloha Liège ʼme a ea haha Brussels. Ka nako eo, liphutheho li ne li le peli feela motse moholo (e ʼngoe e le ea Sefora e ʼngoe e le ea Flemishe kapa Sedache) bakeng sa baahi ba fetang 1 000 000. Kajeno, ho teng liphutheho tse fetang 40 Brussels.
Moena Wozniak, ea neng a pholohile lifi tse ngata tseo a neng a li chehetsoe ke manazi, a tsamaea Flanders eohle. E ne e le ʼmoleli ea chesehang oa ntlo le ntlo. Ho fumanoa ha mashala ha tlisa basebetsi ba bangata sebakeng se tsejoang e le Kempenland, le metse e kang Genk, Eisden le Waterschei ea fetoha masimo a nonneng bakeng sa ho bolela ‘litaba tse molemo.’ Butle-butle, barati ba toka le ʼnete ba lokolloa lineanong tse ngata tse neng li ba bolokile bohlankeng, ʼme ba amohela ʼnete, hoo kajeno ho fumanoang liphutheho tse 115 Flanders. Mehleng e fetileng, ho ne ho tloaelehile ho bona baprista ba lipharishe ba ea ka ntlo le ntlo. Hobane’ng? Ho bokella le ho senya libuka tse siiloeng ke baena.
HO FANA KA BOPAKI BO FELETSENG
Motho ea etetseng libakeng tse nang le baahi ba bangata tsa Belgium a ka ʼna a makatsoa ke ho utloa ho buuoa Setaliana, hammoho le Spanishe, Segerike, Searabia, Seturkishe le Senyesemane. Motse-moholo, Brussels, mekhatlo ea machaba e fetang 500 e na le liofisi. Basele ba etsa hoo e ka bang karolo ea bohlano ea baahi, ʼme batho ba bangata haholo ba buang lipuo lisele ke Mataliana. Kopanong ea rona ea machaba e neng e tšoaretsoe Charleroi ka 1965, N. H. Knorr (e le mookamali oa Mokhatlo nakong eo) a lokisetsa hore ofisi ea lekala e hlophise liphutheho tsa maleme a sele Belgium. Ho bamameli ba 725 ba baena ba Mataliana a bolela hore ho ka etsoa liphutheho tse 10 tsa Setaliana. Kajeno har’a naha eohle ho teng liphutheho tse 30 tsa Setaliana.
Ha a ntse a sebetsa morafong oa mashala, monna e mong oa Motaliana a fumana e ʼngoe ea libuka tsa rona ʼme a ba le maikutlo a hore e theko e boima ka baka la sekoahelo sa eona le ho ngoloa ha eona ka gauda. Eaba o leka ho e rekisa; empa ha ho lea mong morafong ea neng a batla ho e reka. Qetellong, monna a fihlela qeto ea ho bala buka ka boeena, hobane a ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho se ea batlang ho e reka. Ke tsela eo ka eona a fumaneng ʼnete. Hona joale o sebeletsa e le moholo ea khethiloeng phuthehong ea Setaliana ʼme mora oa hae o mosebetsing oa potoloho.
Motaliana e mong a amohela thuto ea Bibele ʼme a bona bohlokoa ba ho tloaetsa lelapa la hae molaetsa oa ʼMuso. Le hoja moprista oa K’hatholike a ile a leka ho mo nyahamisa hore a tsoele pele ka thuto ea Bibele, khang ea bohlalefi ea moruti ha ho moo e ileng ea hlaha ʼneteng. Boikemisetso ba monna ba ho tsoela pele ho ithuta bo ne bo ke ke ba sitisoa le ke litšoso tsa ntat’ae: “Ha u sa lahle bolumeli boo bo bocha, ke tla u khaola maoto!” Empa ha ho letho le joalo le ileng la etsahala, ʼme kamorao ho nako Motaliana enoa a thabisoa ke ho thusa mosali oa hae le litho tse ling tsa lelapa ho ananela ʼnete ea Bibele. Hona ha etsa letoto la liketsahalo le ileng la tlala Belgium eohle le ho kenella Switzerland le Italy, ho isa boahlamong boo kajeno litho tse fetang 70 tsa moena enoa, ho kopanyelletsa batsoali ba hae, ba leng ʼneteng.
Baena ba moo le bona ba bile le hona ho fumana batho ba bangata ba kang linku har’a baahi ba buang Spanishe, Segerike, Senyesemane le Seturkishe. Ba sa tsebe ho bala puo ea motho ea thahasellang, bahoeletsi ba ʼMuso hangata ba tsamaisa lithuto tsa Bibele ka thuso ea libuka tse peli (e ʼngoe ka puo e buuoang ke Paki e ʼngoe ka puo ea seithuti). Ruri Jehova o entse hore lipeo tsa ʼnete li hole. Kajeno, Belgium, ho teng liphutheho tse robong tsa Segerike, tse supileng tsa Spanishe, le tse tharo tsa Senyesemane. Mathata a tsa moruo a tlamme Mataliana, Magerike le Maspaniard a mangata hore a khutlele le malapa a bona linaheng tse habo bona, empa hona ho fetohile lehlohonolo hobane Lipaki tsena li tsoela pele ho sebeletsa linaheng tsa habo tsona moo tlhokahalo e leng khōloanyane ho feta Belgium.
HO HLŌLA BOIPHAPANYO
Ho ea ka ntlo le ntlo kajeno Belgium, bahlanka ba Jehova ba kopana le boiphapanyo bo ntseng bo phahama har’a batho. Moloko oa hona joale o tšoarehile ke takatso ea ho eketsa matlotlo a bonahalang ʼme ha o thahaselle bolumeli. Mak’hatholike a soetsoa ke se etsahalang bolumeling ba oona. A mang a re: “Ha ho letho le nepahetseng kerekeng ea rōna.” ʼMe ba bang baa tsota: “Ke bofelo ba Kereke e K’hatholike.” Linakong tse fetileng, Kereke e K’hatholike e ne e le motlotlo ho bolela hore Belgium ke ea Bok’hatholike ka makhetlo a 100 ho lekholo. Empa haufinyane haholo moprista oa Brussels o boletse hore ke karolo ea 10 lekholong feela ea Mak’hatholike a Belgium eo hona joale e sebelisang bolumeli ba eona ʼme, ho bana, ke karolo ea 10 lekholong feela ba nkoang e le “Bakreste ba batle.” Kahoo, re tlameha ho iteka ka matla ho fumana batho bao kannete ba thahasellang Bibele. Empa boiteko ba rōna boa hlohonolofatsoa, ʼme lilemong tse fetileng tse peli, ho kolobelitsoe batho ba fetang 1 600 tšoantšetsong ea boineelo ba bona ho Jehova Molimo.
Mosebetsi oa boboleli ba ʼMuso o tsebisahala haholo Belgium hoo hangata ho utloahalang batho ba bua ka Lipaki tsa Jehova. Ka letsatsi le leng moena moo a sebetsang a utloa moqoqo o monate haholo o neng o tsoella tjena: ‘U tlameha ho lumela hore ha u ka ipha sebaka sa ho buisana le e ʼngoe, ’nete e teng ho seo li se buang.’ Khahleho ea hae e tsohile, moena a botsa hore na ho boleloa bo-mang. Karabo ea khutla e re: ‘Lipaki tsa Jehova. Ebe ha ba so fihle monyakong oa hao?’ Ka hoo, moena a itsebahatsa hore ke e mong oa Lipaki ʼme hona ha isa thutong ea Bibele le monna e mong le mosali oa hae. Bekeng e latelang, banyalani ba bang ba ne ba le teng bakeng sa thuto, ʼme beke e latelang eo mosali e mocha o ne a ikopantse le sehlopha. Nakong ea thuto, monna oa hae a itulela a khutsitse setulong, a bala makasine ea lefatše. Ka nako e ʼngoe, a lula ka moo ho pheheloang. Ka thuto ea bone, a boela a lula thōko. Empa ha ho botsoa hore na ke selemong sefe ‘mehla ea qetello’ e qalileng, ʼme ho khutsoa ka nakoana, a hoesheletsa mosali oa hae, “1914!” (2 Tim. 3:1) Ho sa tsebahale ho ba bang ba teng, o ne a se a qetile ho bala buka ea rōna ea ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng. Kamorao ho moo, monna a ba teng thutong ka mehla. Kaofela lihlopha tsena tsa banyalani ba tšeletseng ba fihlela qeto ea ho khaotsa ho tsuba le ho apara ka ho feteletseng. Tsoelo pele e potlakileng ea moea ea etsoa ʼme hona joale ka botšelela ba bona ke Bakreste ba kolobelitsoeng.
BACHA BA AMOHELA ’NETE
Ho hlōleha ha Bojakane ho tlisitse boiphapanyo ba bolumeli le pefo. Ba lokolotsoe lithibelong le tumela-khoela, bacha ba bangata ba sokolohetse linthong tse ling, ho akarelletsa lithethefatsi le boitšoaro bo bobe. Empa banyalani ba bangata ba bacha ba thusitsoe ho otlolla bophelo ba bona ka ho nka Bokreste ba ʼnete.
Mocha e mong ea lilemo li 15 a tloaelana le sehlopha sa lithuthuthu se neng se atisa ho loana le lihlopha tse ling. Kamorao ho nako, a ea Amsterdam ho ea leka lithethefatsi tse fapaneng. Eaba o ikenya mosebetsing oa bootsoa Belgium, a khothalletsa banana ho sebetsa matlong a liotsoa tse rekisang ʼmele ea tsona. A tsongoa ke mapolesa ka baka la mesebetsi ea hae eo e seng ea molao, ha a le lilemo li 21 mohlankana a fihlela qeto ea hore bophelo ha bo na morero. A nyahame ke bophelo bo joalo, a rapela, a kōpa Molimo, haeba O fela o le teng, hore a tsoe moraheng oo a iphumanang a le ho oona. Hamorao, a fumana hore moholoane oa hae ke e mong oa Lipaki tsa Jehova le hore ntat’ae, eo e neng e le le letahoa, a rata ntoa le papali ea chelete, o khaolitse lintho tsena ʼme o ba teng lithutong tsa Bibele. Mohlankana le eena a qala ho ithuta Bibele ʼme a hlokomela hore o fumane karabelo ea thapelo ea hae.
Kamorao ho nako, mohlankana enoa a ikisa sepoleseng. Ngoanana ea neng a phela le eena ʼme ba entse mekhoa e sa eeng ka molao le eena a amohela ʼnete, ʼme ba nyalana. Ka baka la liphetoho tseo mohlankana a neng a li entse bophelong ba hae, lekhotla la mo lokolla liketsong tsa hae tsa nakong e fetileng. Hona ha fella ka bopaki bo matla sebakeng seo, ʼme banyalani hona joale ba phela bophelo bo beang mohlala ba Bokreste.
RE HAPA HLOMPHO
Ka mosebetsi oa rōna, litaba li fetohile haholo Belgium lilemong tse seng kae tse fetileng. Sea-le-moea, thelevishene, le litaba tsa khatiso li ʼnile tsa hatisa tsela ea rōna e beang mohlala ea bophelo ea Bokreste. Litlhaloso tsena ha lia feta feela li sa hlokomeloa ʼme li thusitse batho ba bangata hore e be barapeli ba Jehova. Kopano ea Lichaba ea “Tlhōlo e Halalelang” e neng e tšoaretsoe Brussels ka 1973 e ile ea sia khahleho e khōlō sechabeng. Baena ba tsoang Spain le Portugal bao ka nako eo ba neng ba se na bolokolohi ba ho kopana hammoho ba tla Brussels bakeng sa kopano eo, palo-khōlō ea ba bileng teng letsatsing la ho qetela e le 53 199. Ha fanoa ka bopaki bo susumetsang Brussels, le hona kajeno batho ba sa ntsane ba bua ka kopano eo.
Le bona baprista ba K’hatholike ba bolela Lipaki tsa Jehova e le mehlala. Ka tsatsi le leng, Mok’hatholike ea matla a fumana Bibele. Ha a ntse a e bala, a hlokomela hore na o ferekane hakaakang. A batla ho tseba hore na a ka fumana ʼnete hokae, a rapela Molimo bosiu le motšehare. Ka Sontaha se seng, ha a le ’Miseng, monna enoa a utloa moprista a bolella batho ba bane ba teng hore Bakreste ba ʼnete ke Lipaki tsa Jehova hobane li ea ka ntlo-le-ntlo ho bolela molaetsa oa Molimo. Hoo ea e-ba tšenolo e kaakang—ʼme e tsoa ka ho toba molomong oa moprista! A ntse a buisana le bona batho bao ba bane, moprista a phaella ka hore: “ʼMe lōna, le sitoa feela le ke ho etsa boiteko ba ho tla kerekeng.” Lipolelo tsena tsa susumetsa monna enoa hore a tlohele Kereke e K’hatholike ʼme a batle ʼnete. Ka eona nako eo, a memeloa ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste ʼme a khahloa haholo ke ho sebelisa ha sebui mangolo. Pelo ea monna enoa ea ameha ʼme a kōpa Lipaki thuto ea Bibele, e leng ho ileng ha qetella ho mo thusitse ho neela bophelo ba hae ho Jehova.
Ka sebele, mehla e fetohile ha motho a hopola mehla ea pele ea mosebetsi oa boboleli ba ʼMuso Belgium. Leha ho le joalo, kotulo ha e-ea s’o phethoe, ha ho ahloloa ka batho ba 36 383 ba bileng teng Sehopotsong mona ka 1979—ba fetang palo ea baboleli ba ʼMuso ba Belgium ka makhetlo a fetang bobeli.
Ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata oa bopaki o lokelang ho etsoa Belgium, ha motho a nahana hore na baahi ba bangata hakaakang, e le ba bang ba penyaneng ka ho fetisisa lefatšeng. Joaloka Jesu Kreste, re utloela bongata bona bohloko hobane, ha ho boleloa ka tsela ea moea, ba “khathetse, ba saretsoe, joale ka linku tse se nang molisa.” E, “kotulo” e sa le kholo Belgium.—Matt. 9:36, 37.
[’Mapa oa Belgium leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Antwerp
Gent
FLANDERS (E bua Sedutche)
Brussels (e li bua lipuo tse peli)
Liège
Charleroi
WALLONIA (E bua Sefora)