Ho Fana ka Matšeliso ho Bea Litholoana
Paki ea Jehova Portugal e ne e sebelisana le motho ea kutang moriri oa “Baptist” eo ho hang a neng a hanne ho mamela tšepiso ea Bibele ea bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a ʼmuso oa Molimo. (Luka 23:43; Joh. 17:3) Ka letsatsi le leng, leha ho le joalo, ea kutang moriri o ne a nyahame haholo ka baka la mathata a tebileng a lelapa. Ka tsela e mosa, Paki ea mo supisa ka Bibele bohlokoa ba ho bontša tholoana ea moea oa Molimo—lerato, thabo, khotso, le tse ling. (Ba-Gal. 5:22, 23) Ha se feela hore ea kutang moriri o ile a bontša kananelo bakeng sa boitsebiso bo mosa le bo nang le thuso joalo, empa, ha a fihla lapeng, a sebelisa keletso.
Monna a makatsoa ke boemo bo botle ba mosali oa hae ʼme a botsa: “Ho etsahetse joang na ka uena?” O ne a maketse hore na ke hobane’ng ha mosali “a fetohile hakana,” ʼme monna a thabela ho utloa hore e mong oa Lipaki tsa Jehova o mo thusitse.
Ka beke e latelang, mosali oa Mokreste a fana ka hore na a ka tšoara thuto ea Bibele lapeng ha ea kutang moriri, ʼme a ho amohela ka tumellano ea hore monna oa hae le eena a ka ba teng. Mantsiboeeng a thuto ea pele, seng se sengata se ne se le teng, ka ho totobetseng e le ho tla bona hore na Paki li tsamaisa puisano ea Bibele joang. Tokisetso ea ba makatsa ʼme thuto ea ka mehla ea tsoela pele ntle ho bothata ba letho.
Likhoeli tse tharo hamorao, banyalani ba khahlehileng bocha ba tsoa likotsi tse mpe ʼme ba tlameha ho etsa qeto ea hore na ba tla amohela tšelo ea mali kapa che. Ba bontša ho hlompha molao oa Molimo ka khalalelo ea mali, ba tšoarella ka matla matsoalong a bona a rutiloeng ka Bibele ʼme ba hana tšelo ea mali. (Lik. 15:28, 29) Ba hlohonolofalitsoe haholo, ka sebele, hobane batho ba 10 lelapeng lona leo hona joale ke lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova. ʼMe ho qalile hohle ka bopaki bo sa rereloang ba mosali oa Mokreste ea neng a batla ho fana ka matšeliso le boitsebiso bo thusang bo tsoang ka Lentsoeng la Molimo.