Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/1 leq. 30
  • Hobane ba Tšoarella Lentsoeng la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane ba Tšoarella Lentsoeng la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Koae le Thibelo
    Tsoha!—1989
  • Molimo o Ikutloa Joang ha ke Tsuba Koae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na Khoebo ea Koae ke Boitšoaro bo Botle?
    Tsoha!—1991
  • Ho Boloka Bonngoe ba Bokreste Likamanong Tsa Khoebo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/1 leq. 30

Hobane ba Tšoarella Lentsoeng la Molimo

Botšepehi le ho khomarela Lentsoeng la Jehova Molimo, Bibele, li putsa ka litsela tse sa tšoaneng. Hona ho bontšoa ka ho hlakileng ke phihlelo e latelang e tsoang Afrika Boroa.

Qalehong ea bo-1970 paki ea Jehova ea motho e motšo ea qala khoebo e nyenyane. Hang feela, ea batla Bakreste hammoho le eona e le basebetsi. Eare ha a ithuta hore koae e bea bophelo kotsing, le hore Bakreste ha baa lokela ho e sebelisa kapa ho e rekisa, monna enoa a ntša koae eohle e ka lebenkeleng la hae. Beng ba mabenkele ba haufi le eena ba mo tšeha, ba bolela hore o habile ho oa kaha koae ke eona ntho e rekisoang kapele sebakeng sa bona sa khoebo.

Ho makaleng ha bahaelani, leha ho le joalo, kamor’a nakoana Paki ea atolosa lebenkele la eona. Ha se feela hore le bile leholo ho a bona, empa ea e-ba “supermarket” ea pele sebakeng seo, e na le k’hefi le moo ho jeloang le moo ho tšeloang mafura a likoloi. Liphetoho tsena, ka 1976, tsa tšoenya beng ba mabenkele ba haufi ba ileng ba mo botsa hore na o khonne ho fumana sena joang ka nako e khutšoanyane hakaalo, ha bona ba loane ka lilemo ho fumana phaello le ho ntlafatsa khoebo ea bona.

Paki ea hlalosa hore basebeletsi ba eona ba Bakreste baa tšepahala le hore ba ke ke ba nka leha e le pompong ha hae—e seng hobane ba tšaba mong a bona empa ka baa la ho tšaba ha bona Jehova Molimo. Hape, a supa hore chelete eo a rekisang ka eona e tumellanong le mokhatlo o laolang thekiso ’me sebaka sa hae se hloekile ka linako tsohle.

Ho tloha ka nako eo, basebetsi ba Lipaki ba ka fumanoa hoo e ka bang mabenkeleng ’ohle sebakeng seo, ’me ho tloaelehile hore mona batho ba batlang mosebetsi ba botsoe: “U na bolumeli bofe?” ’Me Lipaki tsa Jehova li nkoa e le tsona tse molemo bakeng sa ho sebetsa. Hobane’ng? Hobane li itšoarelletse ka Lentsoe la Molimo ’me li na le botumo ba ho tšepahala le botšepehi.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela