Tšepo—Leruo la Bohlokoa
TŠEPO e na le matla a maholo a phelisang. Ba lumela hore karolo ea bona e matla e tla qetella e ntlafetse, batho ba bangata ba mamelletse khethollo, khatello le tlatlapo. Ka linako tse ling, bakuli ba lipetlele ba neng ba tetsoe ke lingaka hore ba ke ke ba phekoleha ba ile ba hlaphoheloa ka ho tsotehang. Hobane’ng? Hobane ha baa ka ba felloa ke tšepo. Ka lehlakoreng le leng, batho ba neng ba e-na le monyetla o motle oa ho fola ba shoa ha ba ineela tšabo le tsieleho.
Lilemong tsa morao tjena, lingaka le ba bang li ananela bohlokoa ba tšepo haholoanyane. Leha ho le joalo, ke ’Mōpi oa rōna feela, Jehova Molimo, ea tsebang ka botlalo hore na ke ea bohlokoa hakae. Leratong la hae le leholo ho batho, o lokiselitse tšepo e tiileng nakong ea ha ho ne ho le lerootho. Ea Holimo-limo a bolela taelo ea boahloli e ileng ea phahamisa tšepo. Kahlolo ee e ne e tobisitsoe ho mang, hona ke hobane’ng ha e ile ea supa bokamoso bo molemo bakeng sa bana ba batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva?
Ka buka ea Bibele ea Genese re ithuta hore noha e tlase e ile ea sebelisetsoa ho thetsa Eva. Satane Diabolose, motho ea sa bonahaleng oa moea, o khetholloa kaekae ka Mangolong e le eena ea neng a ikarabella bakeng sa thetso, ka ho totobetseng a sebelisa noha ka mokhoa oo motho a ka buang eka ho bua popi eo a e nkileng. Motho enoa oa moea ka boomo o ne a ipeile mohanyetsi oa Molimo ’me hape a mo etsellelitse. Kahoo a iketsa Satane, e bolelang “Mohanyetsi,” le Diabolose, e bolelang “Moetselletsi.” Ka baka la ho sebelisa ha Sera noha, Bibele e se bitsa “noha ea khale.”—Gen. 3:1-6; Joh. 8:44; Tšen. 12:9.
Ka baka leo, kahlolo ea tobisoa ho “noha ea khale” ka mokhoa o latelang: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e loma serethe.”—Gen. 3:15.
Taelo ea boahloli mabapi le noha ea khale e senotse hore e tla pshatloa hore e se hlole e e-ba teng. Jesu Kreste o khetholloa ka ho hlakileng ka Mangolong e le eena ea tla pshatla noha, a etsolla tšenyo eohle eo enoa a e entseng. Ho 1 Johanne 3:8, rea bala: “Lebaka leo Mor’a Molimo a hlahileng ka lona, ke hore a felise mesebetsi ea Diabolose.” Ha a le lefatšeng, koana, Jesu o fetse a ‘longoa seretheng’ ha a bolaeloa sefateng. Leha ho le joalo, kaha o ile a tsosetsoa bophelong ba ho se bole ba leholimo, a ka khoba Diabolose hlohong.
Ho tlosoa ha Satane le tšusumetso ea hae e bolaeang, le ho etsolloa ha mesebetsi eohle ea hae e khopo, ho tla tlisa mahlohonolo a maholo bakeng sa batho. Ho tla beng ho phethahalitsoe e tla be e le mantsoe ana a tšelisang: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšen. 21:4.
Lekholong lena la bo20 la lilemo, batho ba baloang ka makholo a likete ba tšelisitsoe ke tšepo ena e babatsehang e beiloeng ka Mangolong. Pontšo e hlollang ea sena e bonahetse letotong la Likopano tsa Setereke tsa “Tšepo e Phelang” tse neng li tšoeroe ke Lipaki tsa Jehova ngohola ho tloha ka Phuptjane. Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika batho ba 982 585 ba bokana likopanong tse 93, ’me ba 8 630 ba kolobetsoa. Likopano tse joalo tsa tšoaroa le likarolong tse ling tsa lefatše. Hantle-ntle baromuoa libokeng tsee ba fane ka bopaki joang hore ba phelisoa ke tšepo?