Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 6/15 maq. 4-9
  • Baromuoa ba Kopano ba Nang le “Tšepo e Phelang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baromuoa ba Kopano ba Nang le “Tšepo e Phelang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TŠEPO E BEILOENG KA NEPO
  • HO TIISOA KE TŠEPO
  • BA FUMANA TŠEPO
  • BA IPHA SEBAKA HO ABA TŠEPO EA BONA
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 6/15 maq. 4-9

Baromuoa ba Kopano ba Nang le “Tšepo e Phelang”

‘KE THABO ho ba hammoho hape, ho keteka tafoleng ea Jehova, ho thaba botsoalleng bo thabileng haholo le ho khothalletsoa “ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.”’ (Lik. 11:23) Baromuoa ba ne ba le tumellanong e feletseng le mantsoe ana a qalang a molula-setulo likopanong tsa “Tšepo e Phelang.” Ho ba teng ha bona ha bontša sena.

Ha likopano tse ngata li ntse li tsoela pele, ho tsamaea ha hlahisa bothata Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika kaha mafura a mokoloi a ne a sa fumanehe habonolo. Paki e ’ngoe ea re: “Ka tlatsa tanka ea ka ka mafura matsatsi pele ho kopano ha ke fumane moo ho buletsoeng ho noesa. Eaba ke emisa koloi ea ka ke tsamaea ka maoto ho fihlela ka nako ea ho ea kopanong.” Ba bang ba etsa litokisetso tse joalo, ho tiisa hore e mong le e mong o na le mafura a lekaneng ho ea fihla motseng oa kopano eo ba e khethileng.

Ho ke keng ha tlōlisoa mahlo ke boiteko bo babatsehang boo bo-’mè ba bo entseng ho ba teng le masea a bona le bana ba banyenyane. E bile ho khothatsang hakaakang ho ba bona ba hlokomela ka mofuthu bana ba bona ha ba ntse ba loanela ho fumana molemo lenaneong la kopano! Boteng ba lihlopha tsa malapa le bona ba fana ka bopaki bo botle ho ba shebelletseng, bo paka hore tšepo e na le phello e hahang bophelong ba batho. Mosali e mong motsaneng oa Portland, Maine, o ile a hlalosa hore: “Ke lumela hore ke ho hlollang kamoo le tlang le bana ba lōna—le ba banyenyane ba hlomme libeche tse nang le mabitso a bona. Ke ’nile ka le lebella hoseng ho hong le ho hong ha le e-ea kopanong—ke pono e ntle.” Monna oa poso motseng oona oo a susumeletseha ho emisa Paki le mosali oa eona hore a re ho bona: “Kannete kea le rata—le apere hantle kaofela, le bona bana ba banyenyane.”

TŠEPO E BEILOENG KA NEPO

Ho ba bang, ho ba teng ha bona kopanong ho tiisitse hore tšepo ea bona ho Molimo e theiloe motheong o tiileng. Nka taba ea Robin le barali ba hae ba babeli Kim le Kari. Ha a utloa ka boikemisetso ba bona ho ba teng kopanong ea “Tšepo e Phelang,” monna, e se Paki, a re: “Nke ke ka khona leeto leha e le lefe la phomolo ea matsatsi a mane ka chelete ea ka.” Robin o pheta se ileng sa etsahala, a re:

“Ra makala ’me ra rapela. Na re ka lema monokotšoai o lekaneng seratsoaneng sa rōna ’me ra o rekisa chelete e lekaneng ho lefella ho lula ha rōna motseng oa kopano? Mohaelani oa rōna a re nyahamisa. Monokotšoai oa rōna ha o bapisoa le oa hae oa hae o ne o le motenya o phela hantle. . . .

“Leha ho le joalo, monokotšoai oa rōna oa bea haholo hoo re ileng ra bokella chelete e lekaneng bakeng sa rōna hape ra ba ra thusa Lipaki tse ling tse peli ho ea ba teng. Ha e le hantle, batho ba ne ba hlaha hohle ho tla bona monokotšoai o beileng hakana. Ka nako eohle ha re ntse re kha monokotšoai, re ne re buisana le ba rekang monokotšoai ka kopano le khothatso eo re tla e fumana moo. Mohaelani oa rōna o ne a sa utloisise hore na monokotšoai oa rōna o monyenyane o ka bea ho feta oa hae joang.

“Empa hona ha rarolla bothata bo le bong feela ba rōna. Re ne re ntse re se na koloi ea ho ea kopanong. Ka nako ea teng, lithapelo tsa rōna tsa boela tsa arabeloa. Morali oa ka Kari o qetile sekolong se phahameng hona selemong sena. Ka tsatsi le leng, rangoane oa hae ea tsoang motseng o ka ntle a fihla le mpho ea ho qeta sekolong—koloi.

“Eaba joale litšitiso tsohle li tlohile ’me ra tseba ho ba teng kopanong, moo ’na le morali oa ka Kim re ileng ra tšoantšetsa boineelo ba rōna ka kolobetso.”

HO TIISOA KE TŠEPO

’Nete ea hore tšepo e na le matla a maholo e hlile ea totobala har’a ba holofetseng ba neng ba le teng likopanong. Ho ne ho le teng batho ba lulang litulong tse nang le mabili, bao ba bang ho bona ba sitoang ho iketsetsa letho le ba neng ba sa bone ba bile ba sa utloe empa ba thusitsoe ho fumana molemo lenaneong ka litoloko tse sebelisang mokhoa oa ho ama.

Marvin ea lilemo li mashome a mahlano a metso e mehlano, ka mohlala, o bile likopanong tse ngata ho theosa le lilemo. Ka kananelo a re: “Lebaka feela leo ke tsebang ho ba teng ke hore ’mè o-oa ntokisa ’me Paki e ’ngoe e mosa, e lerato le e tšepahalang e etsa mosebetsi o boima oa ho mphahamisa le ho mpea hape setulong sa ka. Ke holofetse methapo ho tloha bongoaneng, ke sebelisitse setulo se mabili ka lilemo tse fetileng tse robong. Lilemong tse 32 ke le Paki ea Jehova, ke bile le tokelo le nyakallo ea ho ba teng likopanong tse ngata—tsa lichaba, tsa setereke le tsa potoloho. Ke ithutile ho hong ho hocha le ho fapaneng ho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka baka la taeo e ntle le ketso tse fanoang ho tsona, motho o fetoha mohlanka ea molemo haholo oa Jehova. Koana, motho a ke ke a lebala thabo le nyakallo ea ho bona metsoalle ea khale e ratoang le ho kopana le e mecha. Ke lebelletse letsatsi leo ka lona ‘sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, ’me leleme la semumu le hooe ka nyakallo.’”—Esa. 35:6.

Wayne, Paki e ’ngoe, o shoele litho ho tloha tsoalong. Empa le eena, o bile teng kopanong e ’ngoe ea tsa “Tšepo e Phelang.” Lelapa le na le ntlo-koloi e kentsoeng mehala ea molumo, e mo nolofalletsa ho mamela lenaneo la kopano a le moalong oa hae ka hare. A pheta kamoo mora oa hae a bileng le tšepo e fanoeng ke Molimo, ’mè o re:

“Mor’a ka Wayne o ile a ntšoa kotsi ke lintho tse sebelisoang nakong ea ha a ne a hlaha. Hona ha fella ka ho satalla ha methapo. Eare ha a ntse a hōla, ka bolelloa hore kelello ea hae e ka rutoa empa ho tla hlokahala hore ntho e phetoe hangata kamoo ho ka hlokahalang.

“Ke ne ke tsamaea le Wayne ha ke tsamaisa ’nete ea Bibele ka ntlo le ntlo, ke mo nkile ka matsoho ka lilemo tse ngata ho fihlela ha a nkimela. Le ho tloha bonyenyaneng, a bontša ho rata ’nete, ’me lintho tseo a neng a ithuta tsona ha bonahala li fihla pelong ea hae. O ne a nyoreloa tsebo hoo a neng a mpeletela mantsoe, a mpotsa hore na a bitsoa joang. Ka linako tse ling o ne a mphetisa lentsoe ka makhetlo a mangata ho fihlela a ka le hopola le ho le utloisisa. Ka 1960 Wayne a kolobetsoa a le lilemo li 19.

“O sitoa ho ea ka boeena libokeng holong ea ’Muso, kaha o tlameha ho robala moalong oa hae oa sepetlele lapeng. Empa re na le thelevishene e mo kopanyang le liboka, ’me o tseba ho bona se etsahalang holong. Hape re na le mohala o tobileng e le hore a ka kopanela libokeng ka mehla. Moalong oa hae, ka lilemo tse fetang bobeli Wayne e bile ea sebeletsang joaloka moholo phuthehong. O tsamaisa lithuto tse hlano tsa Bibele hona joale le batho ba tlang ntlo-koloing ea hae, ’me o tsamaisitse lithuto tse ngata bo ka fihlang ho 11 ka nako e le ’ngoe.”

Wayne ka boeena o boletse tjena: ‘Ke khotsoe hore ha u ka fumana tsebo, Jehova o tla u phetlela tsela ea hore u e ntše le ho mo sebeletsa. Le haeba u ke ke ua bua kapa ua utloa, thabo ea hao, tumelo le mamello li ka thusa batho ba bang, ’me hona ho tla fella ka bopaki.’

Libapali tse neng li bapalla tšoantšiso ea Bibele, li apere ka ho feletseng, tsa tla ho tla bona Wayne kopanong. Tsa tloha li khothetse haholo hobane li bone mohlala o tsotehang joalo oa tumelo le tšepo.

BA FUMANA TŠEPO

Batho ba bangata ho ba bileng teng likopanong tsa “Tšepo e Phelang” ba ile ba ananela kamoo boemo ba bona e neng e le bo bohloko kateng pele ba fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete. Mabakeng a mang, ba ne ba laba-labela ‘nete ho sa kang ha khotsofatsoa ho fihlela ha ba le lilemong tsa bona tsa botsofali.

Ho teng Chris ea lilemo li 77, ea kolobelitsoeng kopanong ea Billings, Montana. O itse: “Ka 1934, ka tsoa Kerekeng e K’hatholike ’me ka qala bo batla ’nete.” Eaba o kena kereke ena le eane ’me a senyeheloa ke lidolara tse baloang ka likete, a etela libakeng tse ngata Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Ka makhetlo a mangata o ne a nahana hore o fumane ’nete. Empa, he, ho ’ne ho bonahale eka ‘ha hoa lekana’ ebe joale ho batla ’nete ho tsoela pele. O re: “Qetellong, ka kena ‘bolumeli ba TV,’ ke ba romella lichelete tse ngata ’me ke nka maeto a bolumeli ho ea likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše. Hoba ke fumane lengolo le tsoang ho e mong oa ‘baboleli ba TV’ a ntsebisa hore kabelo ea ka e se e phahametse ho $295 ka khoeli, ka hlokomela hore hona e ke ke ea e-ba ’nete; ke ho qhekella ho phahameng. Ka etsa qeto, ‘Ke u rolela khaebana,’ empa ka sitoa ho itlhohlolla eena. Mangolo a ’na a tla, a leka ho fumana mohau oa ka le chelete ea ka.

“Ka baka la lilemo tsa ka, ka fihlela qeto ea ho khaotsa patlo ea ka ea ’nete ’me ke itulele lapeng polasing. Joale, e mong oa Lipaki tsa Jehova a etela malapa sebakeng sa rōna se ka thoko ’me a qala puisano le mokhoenyana oa ka, ea phelang a bileng a sebetsang polasing ea ka. A se ke a thabela. Empa seo Paki e ileng ea se bua ka ’Muso sa utloahala ho ’na. Eaba ke e kōpa hore e khutle ho tla buisana le ’na hape.”

Phello e bile efe? Ha qalisoa thuto ea Bibele. Chris o qetela ka hore: “Ho ithuta ’nete Bibeleng ho mphile tšepo ea sebele bakeng sa kamoso.”

Paki e tsebe-tutu le e bonang hanyenyane e hlakisitse kamoo molaetsa oa Bibele o e neileng tšepo le morero oa sebele bophelong, e re:

“Bophelong bohle ba ka ha kea lumella kholofalo ea ka e fetohe tšitiso bophelong bo feletseng le bo thabileng. Ke ne ke le sehlopheng se bapalang sa sekolo, ka nka sebaka sa pele sehlopheng sa papali ea “bowling” sa lifofu ’me qetellong ka fumana moputso oa ho etsa hantle ke le motho ea holofetseng. Hona hohle ha nketsa hore ke be motlotlo le ho itšepa empa ke sa thaba. Ka ba motho oa pele ea holofetseng ea ileng a sebeletsa Polaroid, ’me ka ba le sebaka sa boikarabelo. Ho hohela basali, ka reka ntlo e khōlō le seketsoana. Empa leha e le oona matlotlo a bonahalang kapa boitšoaro bo bobe ha lia ka tsa ntlisetsa boikutlo ba hore ke phethile ho hong. Ke se na sepheo bophelong, ke se na bokamoso. Ke le Mok’hatholike, ke ne ke lebelletse ho fumana bophelo ba leholimo ka ho boloka litšebeletso tse sa reng letho. Empa kamano pakeng tsa melao ea Molimo le tsela eo ke neng ke phela ka eona ha ho mohla li kileng tsa hlalosoa. Masoabi ana a nketsa lekhonono.

“E mong oa Lipaki tsa Jehova a mphumana ke le boemong bona. A khutla ka beke e latelang le Paki e tsebang ho bua ka liatla. Ho tšoara seatla sa eona ha e etsa lipontšo, ka tseba ho bua. Karabelo ea ka polelong e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le, ‘Bopaki bo kae?’ Ka mehla ho ne ho fanoa ka karabelo ea Mangolo.

“Qalehong ke ne ke hlile ke sa thahaselle Bibele empa ke batla ho leka Lipaki tsa Jehova, ke lebelletse hore li tšoane le litho tsa bolumeli bo bong. Ka emela letsatsi leo ka lona ke tla rōmelloa hore na ke lefe bokae bakeng sa lithuto tsa Bibele, empa letsatsi leo la se ke la tla. Ke ne ke li kōpa ho nketsetsa lintho tse seng kaenyana, e seng hobane ke ne ke sitoa ho iketsetsa tsona empa ho bona hore na li ka ithaopela ho etsa ntho e ’ngoe ntle ho ho ithuta Bibele le ’na. Ha ke e-ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, ke ne ke atamela ba teng, ke atamella haufi le bona ho utloa monko oa koae kapa joala. Ke ne ke ee ke meme Paki e sa utloeng ka litsebeng bakeng sa moketenyana ka serapeng sa ka ’me kamorao ho moo ke hlahlobe hore ke bone hore na ho na le ho nyametseng lapeng ha ka. Qetellong, ka hlokomela hore batho bana ba fapane le hore molaetsa oa bona ke oa ’nete.

“Ke leboha Jehova hakaakang ka ho mpha nako ea ho hōlisa pelo e ntle le ho mpha tšepo ea sebele bakeng sa kamoso! Ke monyaka ho kopanela ka mehla ho boleleng ‘litaba tse molemo’ ho ba bang, e seng batho ba tsebe-tutu feela ba sebakeng sa heso empa hape le ka monyako le monyako. Ke lebelletse nako ea ha ke tla utloa ke be ke bone. Ke na le tumelo e feletseng lipallong tsa Molimo o ke keng oa thetsa.”—Ba-Heb. 6:17, 18.

BA IPHA SEBAKA HO ABA TŠEPO EA BONA

Ka Labohlano hoseng kopanong, Lipaki tse ngata tsa itlhahisa bakeng sa monyetla oa ho abelana tšepo ea tsona le baahi ba metse ea kopano. Mecha ea litaba ea khahlehela hona haholo. E le bashebelli, batlaleheli ba bangata ba likoranta ba ba ba tsamaea le Lipaki mosebetsing ona.

Providence, Rhode Island, motlaleheli oa koranta o ile a utloa mosali-moholo ea lilemo li 72 a re ho Paki: “Ke ne ke ferekane haholo hoseng hona hoo ke neng ke batia ho ea Washington ho e qhomisa.” Hoba Paki e mo hlokomelise ka karabelo ea Bibele mathateng a lefatše, a re: “Ke lumela hore u nepile. Mohlomong le na le boikutlo bo nepahetseng—monahano o nang le tšepo. Ua tseba ke’ng? Ke se ntse ke ikutloa ke hlasimolohile haholo. Ha ke sa ikutloa le ho ea qhomisa Washington.”

Letoto la likopano tsa “Tšepo e Phelang” ruri le ipakile e le tlhohonolofatso ho ba bileng teng hammoho le batho ba bang ba bangata bao ho fihliloeng ho bona ka molaetsa oa Bibele metseng ea kopano. Haeba u har’a ba batlang tšepo e khanyang bakeng sa kamoso, re u memela ho bua le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo le latelang ha li etela sebakeng sa heno. Ke hobane’ng ha u sa iphumanele hore na tšepo e fanoeng ke Molimo e ka ba matla a makaakang bophelong ba hao?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

O shoele litho ho tloha tsoalong, Wayne Patrick, hona joale ke moholo oa Mokreste, a mamela lenaneo la “Tšepo e Phelang” a le moalong oa hae

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Meloko e mehlano ea lelapa lena ea thabela kopano San Antonia Texas

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

John C. Booth, oa Bethele ea Brooklyn, o hlahloba buka e ncha le bacha ba bararo ba Lipaki

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela