Jonathane ‘Monna a le Mong ho ba Sekete’
MORENA SALOMONE ea bohlale o kile a hlokomela: “Ho ba sekete, monna, ke mo fumane.” (Moek. 7:28) Hona ho supa hore monna ba bohlokoa oa oeloa. Ke ba seng kae, ba emang ka boitšoaro bo khabane. Ea kileng a etsa joalo ke Jonathane, mora oa Morena Saule. O ne a le sebete a tšepahala e bile e se moithati. Haeba ho ne ho ka ba teng motho ea neng a ka emeloa ka ho ineela boikutlong ba mohono, bora kapa mona, Jonathane ke eena motho eo. Empa a bontša lerato le leholo le botšepehi ho eena motho eo batho ba bangata ba khabane ba ka beng ba ile ba mo nka e le kotsi boemong ba bona.
Qalehong ea puso ea ntat’ae, Jonathane a iponahatsa hore ke mohlabani ea sebete. Ka banna ba sekete ba sa hlomelang hantle, a hlōla lebotho le hlometseng la Bafilista le Geba. (1 Sam. 13:1-3) Ka nako eo Jonathane o ne a tlameha a be a le lilemo li 20, kaha tseo e ne e le lilemo tse tlase-tlase bakeng sa masole a Iseraele.—Num. 1:3.
Hamorao, ka thuso e halalelang, Jonathane le ea jarang lihlomo tsa hae ba bolaea lira tsa Bafilista tse ka bang 20. Ketso ena ea bulela Baiseraele tsela ea ho hlōla lira tsa bona. Phutuhong ena, Jonathane ka ho se tsebe a hlokomoloha kano e entsoeng ke ntat’ae ka lepotla-potla. Hore Saule a tle a phethahatse liphello tsa kano ena ka ho feletseng ho ne ho hlokahala hore mora oa hae a bolaoe. Jonathane ha a ka a checha ke ho tšaba empa a re ho ntat’ae: “Ke ’na enoa, nke ke shoe!” Se hlokomela hore Jehova o bile le Jonathane, sechaba, leha ho le joalo, sa mo lopolla.—1 Sam. 14:1-45.
E bile lilemo tse ka bang 20 hamorao ha Davida a bolaea senatla sa Mofilista Goliatha. Ketso e sebete ea Davida, e entsoeng ka tumelo e feletseng matleng a Jehova a ho pholosa, ea susumetsa pelo ea Jonathane. Bibele e-ea tlaleha: “Pelo ea Jonathane ea holehana le pelo ea Davida, ’me Jonathane a mo rata, joale ka ha a ithata.” (1 Sam. 18:1) E le bopaki ba botsoalle ba hae, Jonathane a nea Davida liaparo tsa hae, lerumo la hae, seqha sa hae le lebanta la hae.—1 Sam. 18:4.
Ha hamorao Davida a iponahatsa a le sebete ho etella pele makhotla a Iseraele ntoeng khahlanong le Bafilista, basali ba amohela bahlōli ba khutlileng ka pina le mehobelo. Ba bina: “Saule o bolaile likete tsa hae, Davida eena o bolaile mashome a likete tsa hae.” (1 Sam. 18:5-7) Hona ha etsa hore Saule a be mona haholo, ’me a qala ho belaella Davida haholo. A hlōlehile boitekong ba hae ba ho bolaea Davida ka lerumo, hamorao Saule a lumela ho mo nea Mikale morali oa hae hore a mo nyale, ha feela Davida a ka fana ka bopaki ba hore o bolaile lira tsa Bafilista tse 100. Ho sena Saule o ne a tiisa hore Davida o tla oela matsohong a sera. Leha ho le joalo, Davida a khutla le bongala ba ba 200 ho Bafilista—bopaki ba hore o bolaile ba bangata hakaalo, hona ha mpa ha tiisa feela lehloeo le tšabo ea Saule ho Davida.—1 Sam. 18:8-29.
Empa Jonathane ha a ka a lumella lehloeo le mona la ntat’ae le senye setsoalle sa hae le Davida. Eare ha Saule a bolela pepenene hore o lakatsa ha Davida a ka bolaoa, Jonathane a kenella ’me a atleha ho etsa hore ntat’ae a tšepise hore a ke ke a bolaea motsoalle oa hae. Hamorao, leha ho le joalo, Davida a qobelloa hore a balehise bophelo ba hae, kaha Saule o ile a boela a mo betsa ka lerumo. Hape morena a rōmela banna ba tla lebela ntlo ea Davida bosiu, ka kutloisiso ea hore ba tla mo bolaea hoseng. Busiung boo Davida a khona ho baleha ka ho tsoa tlung ea hae le fenstereng.—1 Sam. 19:1-12.
Kamorao ho moo Jonathane a sebelisana le Davida boitekong ba ho lekanyetsa hore na ntat’ae o ikutloa joang ka motsoalle oa hae. Saule a halefa ’me a halefela mora oa hae ka mantsoe ana: “Ngoana ea lonya, ea ikhantšang, ha ke re, kea tseba hobane u ikhethetse mor’a Jese hore ka eena u hlabisoe lihlong le bona bofeela ba ’m’ao na? Hobane, mor’a Jese ha a ntse a phela lefatšeng, ho ke ke ha tiea uena, leha e le borena ba hao. Rōmela joale ho ea ntšoarela eena; hobane o lokeloa ke ho shoa.” Eare ha Jonathane a ipelaetsa, ntat’ae ea halefileng a mo betsa ka lerumo.—1 Sam. 20:1-33.
Kahoo, sebakeng se neng se hlile sa lokisetsoa pele, Jonathane a teana le Davida. Ka bobeli ba bona banna bana ba boetse ba tiisetsana setsoalle sa bona le botšepehi. (1 Sam. 20:35-42) Hore setsoalle se joalo se bile teng ’me sa tsoela pele ke ho tsotehang. Jonathane ke eena ea neng a lokela hore e be mohlahlami teroneng ’me a tseba hore qetellong borena bo tla ba matsohong a Davida. Ho phaella moo, o ne a le moholo ho Davida ka lilemo tse ka bang 30. Leha ho le joalo Jonathane o tsebile ho thabela katleho ea Davida le ho lla le eena mahlomoleng a hae. Ntle ho pelaelo thuso ea Jonathane ea thusa Davida hore a boloke hlonepho e loketseng bakeng sa morena e le hore a se iphe menyetla ea ho mo ntša kotsi. Ha Saule a ne a lelekisa Davida ntle ho mohau, Jonathane a ba le linako tsa ho tiisa motsoalle oa hae. Ka lekhetlo le leng, rea bala: ‘Se tšabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la u fihlela? hape u tla ba morena oa Iseraele, ’me ke be ea u hlahlamang? le ntate Saule oa tseba hobane ho tla ba joalo.’—1 Sam. 23:16, 17.
Jonathane o ne a le khabane hakaakang ka ho khotsofalla ho nka sebaka sa bobeli ’musong! Boineelo bo se nang boithati joalo bo bile bonolo hobane Jonathane o ne a lumela hore Davida ke mokhethoa oa Jehova bakeng sa borena ’me a mo ratela litšoaneleho tsa hae tse ntle.
Jonathane, leha ho le joalo, ha a ka a nka sebaka sa bobeli ’musong empa a shoa le ntat’ae ntoeng. (1 Sam. 31:2) Lefu la Saule le Jonathane la fana ka sebaka sa hore Davida a qape koli’a malla, e bitsoang “pina ea seqha.” Qalehong, pina ena ea fetoha karolo ea lithoko, lipina le mengolo e meng e ileng ea etsa buka ea Jashare. Kamor’a moo “pina ea seqha” ea kenngoa tlalehong e bululetsoeng ea 2 Samuele. Pina ka boeona ho qaptjoeng ha eona e ne e tla rutoa bara ba Juda.—2 Sam. 1:17-27.
Ha re nahana ka tlamo ea bohlokoa ea botsoalle e neng e le teng pakeng tsa Davida le Jonathane, re ananela hore na ke hobane’ng ha Davida a ile a itlhalosa kamoo a ileng a etsa ho “pina ea seqha.” A lla ka mokhoa o latelang: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso; u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali!” (2 Sam. 1:26) Kannete, Jonathane e ne e le ‘monna a le mong ho ba sekete.’