Ho Nyarela ka Litabeng
Na Mokreste o Tšoanela Ho Belaela?
● Mongoli oa buka e rekisoang hantle haholo hona joale ea thuto ka tsebo ka Molimo e bitsoang “Predigten für Zweifler” (Lipolelo bakeng sa Babelaeli) o buile ka a mang a maikutlo a hae nakong ea litšebeletso tse ileng tsa tšoareloa sekolong sa Lutere se Riphabliking e Kopaneng ea Majeremane. A bolela hore, “tumelo e hloka ho ba le lipelaelo,” a bile a tsoela pele ho bolela hore ho bea ha rōna tšepo ho Jesu Kreste ho ntse ho lutse e le ntho e sa nepisisoeng hantle. “Ha ho litiiso.” A boela a bua ka ‘liphello tse ling tse molemo’ tsa ho belaela, tse kang ho thibela ha hona motho hore a nke bohato bo fetisisang kapa ho kena “chesehong e tlōtseng ea bolumeli.”
Leha ho le joalo, Bibele ha e tlamahanye ‘tumelo le pelaelo’ e le tse tsamaeang hammoho. E hlalosa tumelo ea ’nete le “tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng.” (Ba-Heb. 11:1) Ha e le hantle, Molimo ‘o etselitse batho bohle bopaki’ ba tumelo ea bona ka ho tsosa Jesu Kreste bafung. (Lik. 17:31) Ho feta moo, Bibele e hlakisa hore ha ho na “liphello tse molemo” tse tlisoang ke hore Mokreste a be le lipelaelo ka tumelo ea hae. Ha a ne a bua ka thapelo, Jakobo o ngolile: “Feela, a kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea. Ea joalo a se ke a tšepa hobane a ka neoa letho ke Morena. Ke motho ea pelo tse peli, ea lika-likang metsamaong ea hae eohle.”—Jak. 1:6-8.