Ho Nyarela ka Litabeng
Lipotso tsa Lilemo-lemo
● Haufinyane Vermont Royster, mongoli oa mohlophisi ea hapileng moputso oa tlotla oa Pulitzer, o ile a bua ka matla a tsebo ea motho karolong ea hae ho “Wall Street Journal” e reng “Ho Inahana ka Litaba.” “Ka nako e ka tlase ho lilemo tse lekholo re namalalitse ha holo tsebong ea rōna ka likaroloana tse nyenyane haholo tse etsang lefatše le bonahalang le matla a maholo a laolang sebaka sa sepaka-paka se seholo seo lefatše le leketlileng ho sona joaloka thokoloana,” kamoo a ngotseng. “Leha ho le joalo ntho e makatsang ke ena. Boitekong ba motho ka boeena, litsietsi tsa hae, sebaka sa hae bokahohleng, ha rea tsoela pele hakaalo ho fapana le qalehong ea nako. Re sa ntsane re setse le lipotso tsa hore na re eng, le hore na ke hobane’ng ha re phela le hore na re ea hokae.”
Royster a etsa tlhahiso ea hore batho ho hlokahala hore ba nke bohato bo boholoanyane ho feta thuto ea mahlale e le eona feela hore ba fumanele lipotso tse joalo likarabo hobane “bakeng sa tsebo eo eohle e ntseng e hōla re setse le mohoo oa boholo-holo o tsoang Bukeng ea Jobo: ‘Bohlale bo ka fumanoa hokae? Hona kutloisiso e hokae?’” Likarabelo lipotsong tseo li fumanoa hona ka bukeng ea Jobo, litemana tse seng kae tlas’a moo. E re: “Bona, ho tšaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke eona kutloisiso.”—Jobo 28:12, 20, 28.
Bana ba Bohlale
● Ngaka ea mafu a hloho e ithutileng ka tšebetso ea methapo ea Univesithi ea Chicago e fumane leseli la hore na ke hobane’ng ha bana ba banyenyane ba ithuta kapele ’me ba ka tseba lipuo tse ling kapele. A sebelisa mochine oa seholisa oa motlakase, Dr. Peter Huttenlocher a fumana hore masea a pakeng tsa lilemo se le seng ho isa ho tse peli ba na le mararahane a kopanyang methapo a mangata ka karolo e fetang 50 lekholong a karolong e ka pele ea boko (e leng eona “e nahanang”) ho feta batho ba baholo. Kamor’a ho phahama haholo joalo lilemong tse peli, matla a mararahane ana a theoha butle-butle ho fihlela lilemong tse 16, moo a emang sebakeng se le seng ho fihlela botsofaling. Tlaleho ho “Brain Research” e bolela hore hona ho ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha boko ba bana bo “saroloha” le ho fola kapele ha bo tsoile kotsi.
Ntle ho pelaelo batsoali ba ka sebelisa molemo ona o fanoeng ke Molimo oa matla a tlang pele a ho ithuta. Ka mohlala, Moprofesa Archil Alkhazishvili oa Sekolo sa Mahlale sa Soviet Union sa Georgia o bolela hore bana ba ka rutoa ho bala ho tloha ha e le masea, a hlokomela hore barali ba hae ba babeli ba qalile ho bala ha ba le lilemo li peli ’me ba “montse” mekhoa e mengata ha ba le lilemo li supileng. Ho ea ka qaqiso ea hae bukeng ea Soviet “Sputnik,” batsoali ba lokela ho “leketlisa litšoantšo tse nang le liletere, mantsoe le lipolelo leboteng.” Tsena li tla hohela tlhokomelo ea ngoana ’me batsoali nako le nako ka mokhoa o itlisang ba ka li balla bana haholo. “Ngoana ho tla itlisa hore a li hopole,” kamoo ho bolelang “Sputnik,” a tiisa hore “thuto e sa tobang joalo e sebetsa haholo ho feta e etsoang ka morero.”
Lintho tse joalo tse fumanoang li tumellanong le maikutlo a keletso ea Bibele ka bohlokoa ba thuto e tlang bonyenyaneng, joaloka tabeng ea Timothea, eo ho ileng ha boleloa tjena ka eena: ‘Etsoe le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsoa ho bolokeha.’—2 Tim. 3:15; Liprov. 22:6.
“Bosiu ba Aparela ka 1914”
● Tokollong ea eona ea la 4 Phato, 1979, “The Economist” ea London ea bolela maikutlo sehlohong sa eona sa mohlophisi ka liketsahalo tse sisinyang lefatše tsa lilemong tse fetilang tse 65: ‘Liketsahalo tsa etsahala ka la 4 Phato, 1914—lilemo tse mashome a tšeletseng, meloko e ’meli motho le monahano o namalalitseng haholo o fetileng—tsa senya taoleho ea boitšoaro le ea bopolitiki, tsa senya botsitso ba mebuso ba lichaba, tsa qetella karolo ea Europa e le eona moqapi oa lefatše oa lietsahala ’me tsa bolaea, ha li ntse li tsoela pele batho ba baloang ka mashome a limillione. . . . ka 1914 lefatše la lahleheloa ke nyallano eo le sitiloeng ha hlapoheloa ho eona.”
E hlalosa nako ea ho tloha ka 1914, “The Economist” e re “ena e bile nako e sa tloaelehang ea pherekano le pefo, ka mose ho meeli ea lichaba le ka har’a tsona. . . . Tšoaneleho ena ea lilemo tse fetileng tse mashome a tšeletseng e ema e fapane hole le nako e tlileng pele ho eona,” e leng nako eo sehloho sa taba se e bitsang ‘mehla ea thabo’ eo bosiu bo ileng ba aparela ka eona ka 1914.”
Hang hape bahlokomeli ba hlomphehang ba phelang ka nako e le ’ngoe ba khetholla liketsahalo tse kholo tsa pale e le phetoho e bileng teng ka Ntoa ea I ea Lefatše le liketsahalo tse qalileng ka 1914. Ho hlokomelehang haholo ke ’nete ea hore, motheong oa boprofeta bo makholo-kholo a lilemo, liithuti tsa Bibele khale ho tloha ka 1876 li ile tsa bolela hore nako eo Jesu a ileng a e bitsa “Mehla ea Balichaba” e ne e tla fela ka nako eo, ka liketsahalo tse makatsang bakeng sa batho.—Luka 21:24.