“Jehova o ba Etselitse Ntho e Kholo”
KE HO khathollang hakaakang ho fumana “taba tse monate tse tsoang naheng e hole”! (Liprov. 25:25) Ruri e bile thabo ho amohela lengolo le tsoang Bangui, Central African Republic, la la 1 Mphalane, 1979, ’me le ngotsoe ka pampiri ea molao ea Lipaki tsa Jehova, tse ngolisitsoeng ka molao naheng e le “Association Les Témoins de Jéhovah” (lebitso la Sefora). Lengolo la qaloa ka mantsoe ana:
“Na le makalla ho bona pampiri ee ea mangolo ea mokhatlo? Le rōna re maketse joaloka lōna. Ha e le hantle, ho tloha ka Labone mantsiboea, ka la 27 Loetse, ka hora ea botšelela, Lipaki tsa Jehova kaofela ha tsona mona Central African Republic li ile tsa phela ka toro e monate, e tletseng ka thabo e se nang mantsoe a e hlalosang a boleloang ho Pesaleme 126. Ka nako eo, ho ile ha boleloa pontšeng ka sea-le-moea sa naha mona Bangui hore ho thibeloa ho entsoeng ka la 19 Phato, 1976 ho Lipaki tsa Jehova ho tlositsoe, le hore re boetse re filoe matla a ho bolela ka bolokolohi naheng eohle ea Central African Republic.”
Hammoho le litaba tsena tse monate ha fihla kopi ea molao oa ’muso, e ngotsoe ke mookameli oa Rephabliki, Mong. David Dacko, ho etsa ho tlosoa ha thibelo ntho ea molao. Mr. Dacko o ne a nka sebaka sa Moempera Bokassa e le hlooho ea ’muso ka la 20 Loetse, ’me o lokela ho babatsoa ka bohato ba hae bo potlakileng ho khutlisetsa bolokolohi ba bolumeli le puo ba Lipaki tsa Jehova tse neng li hateletsoe.
Lipaki li itšoere joang ka bohato boo ba leseli ba ’muso? Tlaleho e tsoang Bangui e tsoela pele:
“Metsoalle mona e ile ea potlakela ho khutlela tšebetsong e mafolo-folo. Bekeng ena e fetileng, palo e khōIō e ne e tsoile ho thabela mosebetsi oa ntlo le ntlo hang hape. Liphutheho tse neng li e-na le Liholo tsa ’Muso tsa khutlela ho tsona bakeng sa puo ea phatlalatsa ea tsona ea Sontaha le thuto ea Molula-Qhooa. Liphutheho tse tharo feela mona motseng o moholo, ka kakaretso ea [Lipaki] tse teng tse 150, tsa tlaleha hore ho ne ho le teng batho ba 612 ka kakaretso maobane. Le batho ba bangata bao e seng Lipaki tsa Jehova ba boletse thabo ea bona ka ho tlosoa ha thibelo. [Ba bang] ba botsa . . . litumelo tse ling tsohle li ile tsa amana haufi le [’muso o fetileng], ntle ho Lipaki tsa Jehova feela tse ileng tsa lula li sa nke lehlakore.”
Ho se nke lehlakore ha Lipaki tsa Jehova mabapi le litsekisano tsa bopolotiki le likhohlano tseo joale li qhomang likarolong tse sa tšoaneng tsa Afrika ho li fumanetse hlompho ea ba bangata, hammoho le babusi ba bang. Ho fapana le litumelo tsa Bojakane, tse lekang ho nōka motsoako ho ’musi ofe le ofe ea busang, le haeba ke mohatelli kapa ea leka-lekaneng, Lipaki tsa Jehova ka ho leka-lekana li latela tsela feela e bulehetseng Bakreste ba ’nete—eo ea ho ‘se be ba lefatše.’ Ka baka la sena, li hlorisoa libakeng tse ngata. Empa hona ba ho amohela ka boithatelo, joalokaha Morena oa bona, Jesu Kreste, a ile a mamella tsohle “ka baka la thabo eo a e beetsoeng.”—Joh. 15:18-21; Ba-Heb. 12:2.
Ke e mong oa babusisi ba Jerusalema, Gamaliele, eo ka bohlale a ileng a eletsa ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore: “Khaohanang le batho bao, le ba tlohele.” (Lik. 5:38) E le mookameli oa Central African Republic, Mong. David Dacko o latetse tsela eona eo e khabane mabapi le Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Barati ba tokoloho lefatšeng lohle ba tla mo babatsa ka sena. ’Me tšepo e teng ea hore babusi ba linaha tse ling tsa Afrika moo Lipaki tsa Jehova li ntseng li thibetsoe ba tla hlokomela mohlala ona o motle, ba nea Bakreste bana ba seng kotsi tokoloho ea ho rapela Jehova Molimo ka tsela eo a e laelang hore ba etse ka eona ka maqephe a Lentsoe la hae, Bibele.
Kannete, Lipaki tsa Jehova tsa Central African Republic li thabela hore li ka itlhalosa ka mantsoe a Pesaleme ea 126:2, 3: “Eaba molomo oa rōna o tšela litlatse tsa thabo, le leleme la rōna lipina tsa nyakallo. Ha ’na ha thoe har’a lichaba: Jehova o ba etselitse ntho tse khōlo. E, Jehova o re etselitse ntho tse kholo; ke sona se re thabisang.”