Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/15 maq. 26-29
  • Ba Hloka Metsoalle ea Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Hloka Metsoalle ea Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA RE TSILA-TSILA KA NAKO E ’NGOE?
  • U KA RE’NG?
  • HAPA TŠABO EA HAO
  • “EMPA HA RE LAHLOE”
  • HOPOLA METSOALLE EA HAO E LLANG
  • Kamoo U ka Thusang Motsoalle oa Hao ea Kulang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Khothatsa Batho ba Kulelang Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle
    Tsoha!—2004
  • Metsoalle ea ka ea Sebele ke Bo-mang?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/15 maq. 26-29

Ba Hloka Metsoalle ea Bona

HA A ntse a le mosebetsing oa hae motšehare, Mokreste a arabela thelefono. E ne e le mosali oa Mokreste e mong: “Oho, moena, ngaka e mpoleletse hore monna oa ka o na le likhoeli tse tharo feela a phela. Ha ke tsebe hore na ke tla mo bolella joang. Ke ile ka phakisa ka nahana ka uena. Kea kōpa, na u ka bua le eena?” Kamor’a metsotsoana karabelo ea hlaha: “Ho lokile. Ke tšepa hore ke tla mo bona hosesane hoseng.”

Hoseng ka le latelang, banna ba babeli ba lumelisana ka mofuthu. Hoba ba noe kopi ea kofi, moeti a botsa hore na motsoalle oa hae ea kulang o ikutloa joang. “Hamolemo. Ho buuoa ha ka ho atlehile. Ho saletse feela hore ke khutlele ’meleng.”

“Hoo ho utloahala ho khothatsa. Ho bontša hore u khothetse. U ka khothala ka mehla joaloka mohlanka oa Molimo, le haeba u lieha ho fola, mohlomong u nka nako e teletsana ho feta eo u e lebelletseng hona joale. Empa le haeba ho ka hlaha eng, re ka mamella lintho tsohle ka matla a Ntat’a rōna oa leholimo, na ha ho joalo?”

Mokuli, le eena e le monna ea butsoisitsoeng ke bophelo, a sheba motsoalle oa hae ka har’a thaka ea leihlo. “Hei! Ebe ho na le hoo u ho tsebang ka ’na hoo ’na ke sa ho tsebeng?” Moeti oa hae a mo arabela ka bonolo: “Ho joalo ruri. Ngaka e buisane le mosali oa hao, ’me e mo boleletse ntho e boima. E nahana hore bophelo ba hao bo kotsing. Koana, ke eena ngaka ea pele e faneng ka maikutlo, empa ho bontša hore re lokela ho etsa ho hong. Na ebe ho ke ke ha e-ba molemo hore re bone ngaka e ’ngoe e ka tsebang ho thusa ka thuso e fapaneng? U ke ke ua ba mokuli oa pele ea phelang haleletsana ho feta kamoo lingaka li nahanang. Empa na ho ke ke ha e-ba molemo ho lokisa litaba hona joale, bakeng sa haeba u ka kula hampenyana? Ke utloisisa ho u thusa ka tsela leha e le efe eo u e hlokang.”

Moqoqo ona oa tsoela pele haleletsana, empa re utloile ho lekaneng ho bona ka ho hlakileng hore na e bile o tšepahalang le o thusang hakaakang. Bakuli ba na le tokelo ea ho tseba ’nete ka boemo ba bona, haholo haeba ba botsa ka bona.

KE HOBANE’NG HA RE TSILA-TSILA KA NAKO E ’NGOE?

Mohlomong ka linako tse ling re monyebe ho etela motho eo re tsebang hore bophelo ba hae bo tla fela haufi. Rea bona le ho utloa matla a senyang a lefu le haufi ’me hoa re tšosa. (Ba-Heb. 2:14, 15) Empa, ka kōpo—joaloka mabakeng ’ohle ao ho oona metsoalle ea hao e leng bothateng bo boholo—u se inahane u le boemong boo. Liproverbia 17, temana ea 17, ha e bue feela ha e re: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” Hobane, joaloka setho sa phutheho ea Bokreste, moena oa hao kapa khaitseli o u hloka ho feta leha e le neng pele. U se ke ua lumella boemo ba tsieleho ba motsoalle oa hao ea kulang bo u bakele hore u laoloe ke boikutlo ba botho ho e-na le ho ameha ka seo a hlileng a se hlokang. Nahana ka lithahasello tsa hae tse fetisisang, ’me u be motsoalle ea molemo. Ho tla tlosa ho imeloa hoo u nang le hona, ’me thabo e tebileng ea ho sebeletsa ba bang e tla phekola masoabi a hao.

U KA RE’NG?

Ha u etela motho ea kulang haholo, ho molemo ho hlokomela hore a ke ke a thusoa ke ho hlasimoloha ha maiketsetso. Potso e mosa “Na u rata ha ke lula le uena ka nakoana?” e ka ’na ea qalisa litaba hantle. Lipotso tse kang “U ikutloa joang?” kapa “Nka u etsetsa’ng?” li ka bontša uena hore na mokuli o batla ho bua ka’ng. Haeba a tšohile lintho tseo a sa li tsebeng tse ka ’nang tsa tla, ho tla ba thata haholo hore a bue ka tsona. Ha ho bonolo hore motho a ka bolela ho etsahalang ka hare ho eena mohopolong le pelong. Empa haeba ho ka etsahala hore mokuli a bue ka tebello e lerootho ea ho kula ha hae, u se ke ua kenella ka lipolelo tse sa hlokahaleng tse kang: “Oho, u se ke ua nahana joalo! U tla fola. Lumellana le eena hore lintho li ka ’na tsa tloha tsa senyeha, empa hore leha ho ka ba joalo a ka bea sohle matsohong a nang le hona a Ntate oa hae oa leholimo.—Ba-Fil. 4:6, 7.

U ka ’na ua re: ‘Na u ka thabela ha ke u balla mantsoe a monate a tsoang ka Bibeleng?’ Mantsoe ana a tšelisang a tla ba le tšusumetso e bululelang tumelo. Bakuli ba rata Lipesaleme hobane boikutlo bo tebileng ba motho ea tsielehong le ho llela ha hae thuso ho Jehova li senoloa ka ho babatsehang ho tsona.

Batho ba kulang ka mokhoa o kotsi hangata ba khathetse haholo ho tšoarella moqoqong. Kahoo ha ho hlokahale ho bua haholo boemong bo joalo. Ho lula ka khutso pel’a moalo oa motho ’me u mo tšoara ka seatla ka bohona, e ka ba mohloli oa matšeliso a maholo. Le haeba ba sa kōpe thapelo, metsoalle ea rōna e makhetheng a lefu e tla e ananela haholo haeba Bakreste hammoho le eona ba batla monyetla oa ho kopanela thapelo. Haeba u ka fumana mantsoe a tumelo e feletseng takatsong le matleng a Jehova ho tšehetsa motsoalle oa hao boemong ba hae bo thata, ka bobeli ba lōna le tla kopanela motsotso o phahameng oa kopano moeeng.

Le hoja re sa lokela ho hatella ka matla motho ea kulang haholo hore a etse litokisetso bakeng sa nako ea ha a se a shoele, ho hotle ho lisa motsotso oo a ka ratang ho bua ka hona. Ho tla mo tšelisa haholo haeba metsoalle ea hae ea Bakreste e ka tšepisa hore e tla hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha a se a robetse lefung—haholo mosali oa hae le bana kapa, tabeng ea mosali, monna oa hae. Mohlomong ho ka hlokahala ho ngola ho hong haeba bohlokomeli bo tlameha ho lokisetsoa kapa lithuso tsa bophelo li isoa ho motho e mong. Ho bonana le ’muelli oa molao ho fana ka tiiso e molemonyana hore litakatso tsa ho qetela li tla phethahatsoa.

Koana, boeti ba rōna hase ka mehla ho hlokahalang hore ebe bo tebileng hakaalo joalokaha re sa tsoa hlalosa. Ho itšetlehile ka boemo boo u fumanang motsoalle ea kulang a le ho bona. Hangata bakuli ba rata ho hopoloa kamoo ba neng ba le kateng nakong ea bona ea thabo bophelong. Na u tseba phihlelo e thabisang eo u ka e kopanelang le eena? E phete ’me u ka tiisa hore kamor’a hore u tlohe, mokuli o tla nahana haholo ka mehopolo ena e thabisang pelo. U ka tlisetsa lipelo tsa bahlanka ba chesehang ba Jehova boikutlo ba thabo bo tebileng bao joale ba seng ba sitoa ho etsa leha e le eng lebaleng la ho bolela ‘litaba tse molemo.’ Mo hopotse ka sohle seo a se entseng ntlheng ena nakong e fetileng. Babatsa bakuli ka mofuthu ka mamello ea bona le mohlala o motle oo ba o beileng oa mamello ha ba mamella bohloko ba bona ka tumelo le thabo.—Ba-Heb. 6:10.

HAPA TŠABO EA HAO

U tla lumela hore ba lumelang hore ho ka ’na ha etsahala hore ho kula kapa kotsi li felise bophelo ba rōna ba boemong bo molemo ho thusa ba bang ba talimanang le lefu le ke keng la qojoa. Ke bopaki ba khōlō tsebong ho se latole linnete tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore re talimane le tsona.

Empa haeba ho tšaba lefu ho re kokona, re ka etsa joang ho hlōla boikutlo bona bo bobe le mehopolo e lefifi? Pele ho tsohle, u se ke ua leka ho hlokomoloha tšabo ea hao. Iphe sebaka sa ho nahana ka ho se tsitse ha bophelo bona le pheko eo Molimo o fanang ka eona. Metsoalle ea Molimo, Mohloli oa bophelo oa leholimo, e ka nahana ka taba ena ka mokhoa oa sebele empa e le ka tsela e leka-lekanang. Baa tseba hore na lefu le hlile le seng: boroko ba ho se ikutloe, bo se nang bohloko kapa matsoalo. (Joh. 11:11-14) Jesu o rutile ka bolokolohi hore bafu ba tla tsosoa, a re: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho oona.” (Joh. 5:28, 29) Le hoja Jesu a ile a bolaoa ke bahanyetsi ba hae, o ile a khutlisetsoa bophelong ke Ntat’ae oa leholimo. Kamor’a mohlolo ona, moapostola Pauluse a ngola, “a bonoa ke baena ba fetisang makholo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng.” (1 Ba-Kor. 15:3-8) E, ka sebele, bopaki bo bile bongata ba tsoho ea Kreste.

Bakreste ba tseba hore bophelo boo ba bo thabelang hona joale hase bona ntho ea bohlokoa haholo. Ho amoheloa ke Molimo ke ho molemo haholo, ‘kaha ho na le pallo ea bophelo ba hona joale le ba nakong e tlang.’ (1 Tim. 4:8) ’Me u tiise hore Jehova o tla fana ka matla a ho talimana le lefu nakong ea ha ho hlokahala kannete.’—Pes. 46:1.

“EMPA HA RE LAHLOE”

Haeba u ka ikutloa ka tieo hore lefu le u jang hona joale ha le na tšepo, joale ke habohlokoa hore u ipoloke u tsitsitse moeeng. Mohlomong lipotso tse kang: ‘’Na hobane’ng?’ li phalla ka ho uena. Tšabo le boikutlo bo tebileng ba ho lahleha bo ka ’na ba u hlorisa. Bo loantše. Laola mehopolo ea hao ’me u e tsamaise. U sa phela ’me Jehova o haufi. Hlokomela hore Diabolose o rata ho ipha monyetla ka mefokolo ea hao ha a leka ho fokolisa tumelo ea hao ho Molimo le litšepiso tsa oona. Empa ntoa ha u e loane u le mong. Jehova ‘a ke ke a u tlohela.’—2 Ba-Kor. 4:9.

Batla metsoalle hore e u thuse, haholo e seng e hlōtse mathata a mangata ka matla a Jehova. Itsetsepele ka matla tumelong ea hao litšepisong tsohle tsa Molimo. Lebella nako ea ha u tla khutlela bophelong ’me u bone mahlohonolo ’ohle a tsoang ho Jehova. Eo e tla ba nako e kaakang! Ho phela ka ho sa feleng bohloko le masoabi li le sieo, u phela le metsoalle ea sebele. Jehova Molimo o rata ha rōna kaofela re ka phela ka ho sa feleng. Jesu o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.”—Joh. 11:25.

HOPOLA METSOALLE EA HAO E LLANG

Ha ho ka etsahala hore e be moena kapa khaitseli oa Mokreste o robetse borokong lefung, se lebale beng ka eena ba haufi. Eo ke nako ea ho ipea boemong ba bona. Na u ka nahana hore na ba ikutloa joang kamor’a tahlehelo e joalo? Ba tšoanela ho tsoela pele ka bophelo ba bona ba mehla ba tsatsi le leng le le leng, empa maqeba a bona a sa tebile. Joale ke nako eo ba hlokang metsoalle ea bona ka eona—metsoalle, leha ho le joalo, e tsebang ho mamela. Hore motho a mamele hang hape litlaleho tsa seo monna, mosali kapa ngoana a se buileng kapa a se entseng e ka ba ho thobang le ho tšelisang. Ho thata ho bona hore ba ka lebala moratuoa oa bona ea ileng ka ho panya ha leihlo. Ho sa le joalo, u ka ba thusa hore bophelo ba bona bo khutlele malulong hape.

U ka etsa ho hongata bakeng sa metsoalle ea hao e llang. Ho buisana le bona ka thelefono kapa ho ba memela lijo ba sa lebella ke e meng ea menyetla. Na ba ka tla kopanela le uena thutong ea hao ea botho ea Bibele? Na mekhoa eohle ea molao le ea lichelete e hlophisitsoe? Na ba na le chelete e lekaneng hore ba phele ka eona, haeba ho se joalo, na re ithaopela ho ba thusa ka ho hong hoo Jehova a re fileng hona?

Ho totobetse ha metsoalle ea rōna e re hloka ka tsela e khethehileng—nakong ea mahlomola, lipelaelo, leha e le tšabong. Jesu o re etselitse papiso ea hae ea Mosamaria ea molemo bakeng sa molemo oa rōna ka linako tse joalo. Le ka mohla ho se ke ha ngoloa ka rōna hore: “A mo koekoetla,” joalokaha ho entse moprista le Molevi paleng ea Jesu. (Luka 10:29-37) Joale re utloisisa hamolemo haholo se ngotsoeng ho Moeklesia, khaolo ea 7, temana ea 2: “Ho molemo ho ea ka tlung ea bofifi, ho e-na le ho ea ka tlung ea menyaka.” ’Me Jakobo o ngolile hore: “Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatseng a se na le lethebanyana.” (Jak. 1:27) Jehova a ke a re hlohonolofatse ha re etsa joalo!

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela