Hlokomela ho se Khopise ba Bang
Batho ba ipolelang hore ba rata Molimo le Kreste ho hlokahala hore ba alose lipolelo tsa bona le liketso. Ho seng joalo, ba ka ba molato oa ho khopisa e mong oa “ba banyenyane” kapa balateli ba Jesu. Jesu ka boeena o hlakisitse hona hantle ka tšoantšiso ha a re:
“Ha e le ea ka khopisang e mong oa ba banyenyane bana ba lumetseng ho ’na, ho ka bang molemo ho eena ke ho tlamelloa leloala le leholo [le kang le tsamaisoang ke esele] molaleng, a lahleloe leoatleng.”—Mar. 9:42; Matt. 18:6.
Maloala a kang le bontšitsoeng mona a etsa hore polelo ea Jesu e be matla haholo. Ho pitikisa tšiloana ho ne ho hloka phoofolo e matla hobane boholo ba eona bo ne bo le limithara tse 1,2 ho ea ho tse 1,5. Ka baka la boholo bo bokaalo ba lejoe le joalo, ho ne ho ke ke ha e-ba le tšepo ea ho pholoha bakeng sa motho ea liheloang ka leoatleng a tlamelletsoe molaleng ka boima bo boholo hakaalo. Ka sebele, ke khothatso e matla ea hore re alose lipolelo tsa rōna le liketso!