Matla a Tšehelitseng Pōpo Eohle na ke Tšusumetso ea Mohlolo Kapa Motho oa Sebele?
MAETO a ho ea khoeling le se bonoeng ke bahlalefi se sengata li phaelletse haholo tsebong ea rōna ea pōpo eohle. Boholo ba eona bo pharaletseng le ho hlophisoa ka mokhoa o nang le taolo li ntse li totobala haholoanyane. Ho batho ba bangata, ho ba teng ha pōpo e joalo ntle ho matla a mang a itseng a e laolang ho bonahala ho sa utloahale. Le hoja ba bangata ba feletsoe ke tumelo likerekeng, litumelong le bolumeling ka kakaretso, ba sa ntsane ba lumela ho “Molimo.”
Empa lentsoe “Molimo” le bolela eng ho uena? Matla a mohlolo? Bohlale bo feela? Motho ea hole-hole, ea ke keng a hlalosoa le ea se nang lebitso?
Kapa, na ho uena, “Molimo” e bolela motho, ea bileng a leng haufi le ho rateha joaloka ntate ea lerato? Ho ba lumelang thuto ea mahlale, hoo ho ka ʼna ha utloahala e le bohlanya. Empa nahana ka sena:
THUTO EA MAHLALE E NA LE MOO E HAELLOANG?
Tabeng ea lintho tse sibolloang bocha le tsebo e phahamang, re phela lekholong la lilemo le thabisang. Motho o finyelletse meeka. Batho ba nang le lineo ba nontšitse moloko oa motho ka ho qapa lintho tse tsotehang ʼme ba atolositse boholo ba tšebetso ea batho le tsebo haholo.
Leha ho le joalo bahlalefi, ka tsebo eohle ea bona e eketsehileng le mesebetsi e tsoetseng pele e etsoang ka matsoho, ke bona ba pele ba tla lumela hore ba ke ke ba hlahisa mothatsoana leha o le mong o phelang. Ntho e bonolo joaloka lekhapetla la joang e phahametse matla a bahlalefi hore ba ka e etsa.
Ha ba leka ho hlalosa meeka e ba potolohileng, bangoli ba bang ba tšabela lipolelong tse kang “ke Tlhaho,” kapa ke “Lintho-li-ikentse,” joalokaha eka tsena ke batho ba bohlale. Empa na ha hoa hlaka hore tšusumetso e sethoto e ke ke ea ikarabella ho hang bakeng sa bophelo bo sa tšoaneng bo hlollang, kapa bakeng sa bohlale le matla tseo ho seng tse tšoanang le tsona tse bonahalang pōpong eohle?
SEBAKA SA TSEBO KAPA SA MOEA
Ha re kena sebakeng sa tsebo kapa sa moea ʼme re batla ho utloisisa tšimoloho ea litšobotsi tse kang bohlale, toka, mohau, mosa le ʼnete, ke hokae moo re ka fumanelang lipotso tsa rōna likarabelo tse tšepahalang? Na ho teng motho ea ka hlalosang tšebetso le tšimoloho ea “boitšebetso” bola bo hlollang ba motho ea ka hare bo ka mo bolellang ha a fosa—letsoalo la motho? Liphoofolo ha li na le lona. Empa le bona batho ba sa rutehang, ba morao-rao ba na le lona. Joalokaha mongoli oa pele oa Mokreste Pauluse a hlalositse ka lekhetlo le leng: “Ba bonahatsa hobane mosebetsi oa molao o ngoliloe lipelong tsa bona, ba ntse ba pakeloa ke letsoalo le ke mehopolo ea bona e ba khalemelang, kapa e ba emelang.” (Ba-Roma 2:15) Litaba tse joalo li phahametse matla a kutloisiso ea motho. Leha ho le joalo, na seo batho ba se finyellang ka tsebo ea bona le moeeng hase sa bohlokoa haholo ho feta matla a ʼmele oa hae?
Liphoofolo tse ngata li na le matla a fetang a motho. Litlou li matla haholoanyane, lintsu li ka bona hojana, letsa le ka matha ka potlako e kholoanyane, bommankhane ba ka bona hamolemonyana, lintja li utloa monko haholoanyane. Empa ke phoofolo efe e ka qapang lintho tse ncha? Ke ʼnete, linonyana li ka haha lihlaha, likokoanyana tse ling tsa etsa matamo, likho tsa ohla tepo. Empa libopuoa tsena ntle ho khethollo li pheta ntho e le ʼngoe. Ha ho le e ʼngoe e ka rerang ntho e ncha ʼme ea e ntlafatsa.
Ha ho bapisoa, batho ba ka nahana, ba rera le ho etsa lintho tse ngata tse sa tšoaneng. Le haeba ke mosali ea lohang jesi kapa mohlalefi ea hahang sekepe sa sepaka-paka se ka eang khoeling sa ba sa khutla, batho ba thabisoa ke ho etsa lintho. Ke karolo ea kamoo motho a entsoeng kateng. Ka matla a kelello le litšobotsi tse phahameng haholo ho tsa liphoofolo le matla a futsitsoeng a ho etsa lintho, motho ke setšoantšo se sa phethahalang sa Boleng bo Phahameng, bo entseng motho ka ho tšoana le Bona.—Gen. 1:26.
Nahana joale ka tšobotsi e ʼngoe ea motho eo liphoofolo li se nang eona—takatso ea hae ea ho rapela. Ke ʼnete e ke keng ea hanyetsoa, e bonahalang ka mehla eohle le melokong eohle, hore batho ba na le takatso e tebileng le ea tlhaho ea ho rapela matla a sa bonoeng.
Bahlalefi ba kajeno ba ka ʼna ba latola sena, ba re, “Re se re tsoetse pele ho feta moo.” Ba “tsoetse pele” ho ea kae? Ho ea lefatšeng le thekeselang ho tloha tlokotsing e ʼngoe ho kena ho e ʼngoe le le itsetsepetseng ka tšabo tlas’a moriti o kang sekhele oa ho tšoha tlokotsi ea lefatše. Hobane’ng? Hobane ba bangata ba rapetse “melimo” ea mahlale le likhopolo tse fapa-fapaneng ha ba latola bohlale ba Boleng bo Phahameng.—Jer. 8:9.
Kahoo, batho ba bangata kajeno, le hoja ba khathetse ke likereke le bolumeli, ba lumellana le mantsoe ana a tsoang bukeng e baloang haholo le e hlomphuoang haholo ka linako tsohle, Bibele, e buang tjena ka Boleng bo Phahameng: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona.”—Ba-Roma 1:20.
BAHLALEFI BA THUSITSE HAHOLO
Ha bahlalefi ba ntse ba batlisisa haholoanyane ka pōpo eohle, ba arola lintho tse phelang ka boholo ba tsona, thuto ea bona e ntse e senola haholo botle, tumellano le ho rarahana ha lintho tsohle. Boholo le ho rarahana ha pōpo eohle ho etsa hore kelello ea motho e bilike. Empa ha ho mosi o ka kubellang ho se mollo. Se susumetsang botle bona bohle, pontšo ena e hlollang ea bohlale le matla a fetisisang, na u ke ke ua “bona” ka “leihlo la kelello” “tse sa bonoeng” tsa Moetsi e Moholo? Ka ho totobetseng, pōpo eohle e laoloa ka melao e sa fetoheng. Na hoo ha ho pake hore Monei-molao ea Phahameng o teng? Maemo a se nang palo le litokisetso lefatšeng ka ho hlakileng li ile tsa etsetsoa ho lumellana le se hlokoang ke motho ka ho phethahetseng. ʼMe liphello tseo tse ngata li tlameha li be li HLAHISITSOE ke ho hong ho lumellanang le tsona, Molokisetsi e moholo le Monei-bophelo.
Bahlalefi ba bang ba re’ng ka see?
Frank Allen, ea ithutileng bohlale ba sepaka-paka, o hlalositse tjena: ‘Litokiso tsa lefatše bakeng sa bophelo li ngata haholo hoo ho ke keng ha thoe li hlahile ka tsietsi.’
Setsebi sa “mathematics” se tsoang Univesithing ea Cambridge, P. Dirac, se ngolile tjena ho Scientific American: “Molimo ke setsebi sa ‘mathematics’ sa taolo e phahameng ka ho fetisisa, ‘me O sebelisitse ‘mathematics’ o tsoetseng pele haholo ha a etsa pōpo eohle.”
Sir Isaac Newton, ea hlalosoang ke bangoli ba bangata ba lipale ba thuto ea mahlale e le “kelello e khōlō ho feta tsohle ea mahlale eo lefatše le kileng la e bona,” o ile a ngola tjena ho Principia ea hae e tumileng: “Tsamaiso ena e ntle ka ho fetisisa ea letsatsi, linaleli, mafatše, e ne e ka tsoa feela keletsong le pusong ea Boleng bo bohlale le bo matla. . . . Molimo o Phahameng ke Boleng bo sa feleng, bo bohlale bo ke keng ba lekanngoa, bo phethahetseng ka ho feletseng.’
Mohlomong u lumellana le Sir Isaac Newton. Mohlomong le uena, u nyakallisoa ke linaleli, khanya ea letsatsi, bokhabane bo tsotehang ba khoeli, ho khatholla ha pula, botle ba lithaba, ponahalo e fetohang joalo-joalo ea maru le leoatle, lipalesa tse bongata bo sa tšoaneng bo hapang, lifate, likokoanyana, linonyana le liphoofolo, letšeho la bana, mosa oa metsoalle le lerato la molekane. ʼMe botebong ba pelo ea hao u tseba hore sena sohle se lokiselitsoe ke MOTHO oa sebele—Mohahi e moholo oa pōpo eohle.—Ba-Heb. 3:4.
Ka ho utloahalang, he, tumellanong le linnete tsohle le mabaka, Boleng bo Phahameng e tlameha ho ba MOTHO OA SEBELE. Ha ho le joalo, na o na le lebitso? Haeba ho joalo, LEBITSO leo ke lefe?