Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 8/1 maq. 9-11
  • Lebitso la Molimo Historing ea Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Molimo Historing ea Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SETŠEHETSO SA HISTORI EA PELE
  • PUSO EA MORENA DAVIDA
  • MAIKUTO A FETOHILENG
  • KRESTE LE BARUTUOA BA HAE BA ETSA JOANG?
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lintho Tse Etsang Hore ho be Thata ho Tseba Molimo ka Lebitso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 8/1 maq. 9-11

Lebitso la Molimo Historing ea Pele

MOLIMO, Matla a tšehelitseng pōpo eohle, ke Motho oa sebele. Ho feta moo, re bone hore o na le lebitso le khethehileng le la botho—Jehova (kapa, Yahweh—ka Seheberu, YHWH).

Empa ho thoeng ka ho tšehetsoa ha lebitso leo ke histori? Histori e ka fana ka leseli lefe lebitsong la Molimo?

SETŠEHETSO SA HISTORI EA PELE

A re khutleleng lekholong la lilemo la bo16 B.C.E. Baiseraele ba Egepeta ba mahlomoleng tlas’a puso e sehlōhō ea Faro. Moshe o rongoa ke Jehova ho ea kōpa ho lokolloa ha Iseraele. Ho bontša hore na Moshe o tla etsa a be a bue ka lebitso la mang, Molimo o re ho eena: “U tle u re ho bana ba Iseraele: Jehova, Molimo oa bontat’a lōna . . . o nthomile ho lōna. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng.”—Ex. 3:15.

Empa Faro ka boeena hamorao o hana ho mamela, a re: “Jehova ke mang . . . Jehova ha ke mo tsebe.” (Ex. 5:2) Kamor’a likotlo tse ngata, Molimo o re ho Faro: “Empa ke u tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka uena, le hore lebitso la ka le tume lefatšeng lohle.”—Ex. 9:16.

Libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele, tse nang le tlaleho e tsoa boleloa, li supa ka makhetlo a mangata lebitso la Molimo la botho. Le hlaha ka makhetlo a 550 litemaneng tsa Seheberu tsa Deuteronoma feela. Lebitso le ne le sa sebelisoe ke baprista le Balevi feela. Moshe o ngolile: “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ʼnotši. Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ʼohle. Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ʼme u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tšoha.” (Deut. 6:4-7) Ntle ho potso, lebitso le phahameng la Molimo le ne le sebelisoa ka bolokolohi borapeling ba lelapa mehleng eo.

PUSO EA MORENA DAVIDA

Pusong ea Morena Davida, tšebeliso ea lebitso Jehova e ile ea fihla bophahamong bo bocha le bo khanyang. Tlas’a pululelo ea bomolimo, Davida o ile a ngola lipesaleme tse ngata tse ntle, kapa lithoko, tse lebisoang ho Jehova. Hape Davida a hlophisa sehlopha se seholo sa libini tsa tempele tsa liletsa le tsa batho. Ka mehla li ne li bina le ho letsa lipina tse monate le tse susumetsang tse rorisang Jehova, ‘li binela lebitso la hae.’—Pes. 68:4.

Na Jehova o ne a koatisoa ke tšebeliso ee e etsoang pontšeng le lapeng ea lebitso la hae? Na o ne a nyatsa Davida le lithaka tsa hae ka litumellano tsa molao oa boraro: “U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao”? (Ex. 20:7) Ka ho totobetseng ha ho joalo! Davida o ile a hlohonolofatsoa haholo ke Molimo ʼme puso ea hae ea atleha haholo.

MAIKUTO A FETOHILENG

Hantle kamor’a makholo a lilemo a mahlano hamorao, moprofeta ea tšepahalang oa Jehova Malakia o ile a sebelisa litlhaku tse ʼnè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo ka makhetlo a 48 likhaolong tse ʼne tse khutšoanyane tsa boprofeta ba hae. Ka karolo feela, lentsoe la Jehova le boletsoeng ka Malakia ke hore: “Ho tloha Bochabela ho isa Bophirimela, lebitso la ka le leholo har’a lichaba.” ʼMe ntlha e phetoa hape ho e hatisa—“lebitso la ka le leholo har’a lichaba, ho bolela Jehova oa makhotla.”—Mal. 1:1, 11.

Hlokomela seo Malakia a ileng a boela a se ngola ka baprista ba mehleng ea hae: “Mora o hlonepha ntat’ae, le mohlanka o hlonepha morena oa hae. Ha eba ke ntat’a lōna, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena oa lōna, e kae tšabo eo le ntšabang ka eona? Ho bolela Jehova oa makhotla ho lōna baprista ba nyelisang lebitso la ka.”—Mal. 1:6.

Se potolohileng temana eo se bontša hore baprista ba ne ba se molato oa ho sitoa ho sebelisa lebitso la Molimo empa ba ne ba le nyelisa ka ho nyehela mahlabelo a sa amoheleheng. Mangolo a Seheberu le a mang a nakong eo a bontša hore lebitso la Jehova le ne le sebelisoa haholo. Ka mohlala, litokomane (tse bitsoang “Elephantine Papyri”) tsa ho tloha lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. tse tsoang koloning ea Bajode e Upper Egypt li na le lebitso la bomolimo. Leha ho le joalo, ho na le bopaki ba hore pele Jerusalema e timetsoa ke Baroma, ho ile ha hōla tšekamelo ea tumela-khoela ea ho qoba lebitso la bomolimo.a Hona mohlomong ho ile ha tsoaloa ke tlhaloso e fetisisang le ea lerato le tlōtseng ea molao oa boraro—ho se tlaele ka lebitso la Molimo. (Ex. 20:7) Empa ha Molimo o ne o fana ka molao oo, na o ne o bolela hore lebitso la oona le se sebelisoe ntle ho linako tse hlahang seoelo, tse khethehileng, mohlomong sehalalelong feela? Ho ne ho ke ke ha e-ba joalo, hobane nakong eo lebitso la bomolimo le neng le sebelisoa haholo (joaloka mehleng ea Davida), tlhohonolofatso ea Molimo e ne e totobetse haholo Iseraeleng. Empa tlhohonolofatso ea bomolimo e ne e le sieo ka ho totobetseng sechabeng seo ka kakaretso nakong ea ha Jesu Kreste a phela lefatšeng le ha a sebetsa ha lebitso la Molimo le ne le sa sebelisoe ka baka la lineano tsa Bajode. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba mehleng eo ba ne ba ikarotse ho Molimo le metheo ea oona hoo ba neng ba sa koalla lebitso la oona lekunutung feela empa hape ba itlama ka boikarabelo ba lefu la Mora oa oona. Lilengoana hamorao, ka 70 C.E., Bajode ba lefa habohloko bakeng sa hona ha tempele ea bona le motse o halalelang Jerusalema li timetsoa ke makhotla a Baroma.

KRESTE LE BARUTUOA BA HAE BA ETSA JOANG?

Na Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba ile ba latela mokhoa oa Sejode mabapi le lebitso la Molimo? Ka sebete, Jesu a nyatsa mokhoa oa Bafarisi le bangoli, a lokolla barutuoa ba hae litšusumetsong tse bolaeang moeeng joalo. A re ho “baikaketsi” bao: “Le lōna, le tlolela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na? . . . Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.”—Matt. 15:3-9.

Na Jesu le barutuoa ba hae, he, ba ile ba sebelisa lebitso la Molimo ka bolokolohi? Ka ho tiileng, hobane ba ne ba qotsa hangata haholo Mangolong a nang le lebitso la Jehova. Hangata ba ne ba sebelisa Septuagint Version, phetolelo ea Mangolo a Seheberu ka Segerikeng e qalileng ho lokisoa Alexandria hoo e ka bang lekholong la boraro la lilemo B.C.E., eo lipampiri tsa eona li neng li ntse li e-na le litlhaku tse ʼnè. Ke ʼnete, likopi tsa Septuagint Version tse entsoeng lilemo tse makholo hamorao li ile tsa latela mokhoa oa Sejode oa ho tlōla lebitso la Molimo. Empa meqolo kapa likarolo tsa Septuagint ea Segerike ho tloha mehleng ea ha Jesu a le lefatšeng li na le litlhaku tse ʼnè tsa Seheberu.—Bona The Watchtower, ea May 1, 1978, maq. 6-8.

Jesu ka boeena o bontšitse ka ho hlakileng hore o ne a sebelisa lebitso la bomolimo. Ka mohlala, thapelong ho ntate oa hae o itse: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng; . . . Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ʼme ke tla ʼne ke ba tsebise lōna.” (Joh. 17:6, 26) Ho feta moo, Jesu o rutile balateli ba hae ho rapela. “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe.” (Matt. 6:9) Jesu o ne a ka bua joalo joang haeba a ne a sa ka a sebelisa lebitso la Molimo?

Kahoo lebitso la Molimo le ne le sebelisitsoe haholo ke bakhethoa ba oona ba bacha, Iseraele oa moea, phutheho ea Bokreste. (Ba-Gal. 6:16) Ke ka baka leo liphetolelo tse ling tsa Mangolo a Segerike (“Testamente e Ncha”) li kenyang lebitso la Jehova. Ka mohlala, hona ke ʼnete ka Greek Scriptures ea Seheberu, ea Franz Delitzsch (1877); The Emphatic Diaglott, ea Benjamin Wilson (1864); The Christianʼs Bible—New Testament, ea George N. LeFevre (1928), le New World Translation of the Christian Greek Scriptures (1950), le liphetolelo tse ling. Ha ho bapisoa, liphetolelo tse ngata li latetse mokhoa oa Sejode ʼme li tlōtse lebitso la Molimo.

Nakoana kamor’a mehla ea Jesu, bokoenehi bo neng bo hlile ba boleloa ba qala ho silafatsa Bokreste ba ʼnete thutong le moeeng. (2 Ba-Thess. 2:3; 2 Pet. 2:1-3) Ha bosiu bo bolelele ba “Mehla ea Lefifi” bo kenella, tšebeliso ea lebitso la bomolimo ea nyamela.b Ka makholo-kholo a lilemo, tsebo ea lebitso la Molimo ea fella haholo-holo matlong a boitlami—e fumaneha feela ho liithuti tse kang bamonke.

Ho tlile joang, he, hore lebitso la bomolimo le tsejoe lefatšeng ka bophara, joalokaha ho le joalo kajeno?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba susumelitsoe ka matla ke bohlale ba bohetene ba Bagerike. Ka mohlala, Philo, mohlalefi oa Mojode oa Alexandria, o ne a lumela hore Plato, mohlalefi ea tsebisahalang oa Mogerike, o ne a bululetsoe ke Molimo ʼme a ruta hore Molimo ha o hlalosehe ʼme, kahoo, ha o na lebitso.

b Ka lilemo tse fetang 1 000 tsebo ea Bojakane ka Molimo e ne e tšoana le ea lithuto tsa Plato. Bona A History of Europe, H. A. L. Fisher, leq.52; The Encyclopædia Britannica, khatiso ea 1964, Moq. 18, leq. 63.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela