Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/1 leq. 25
  • Liketso Tsa Rōna li Ama Phutheho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liketso Tsa Rōna li Ama Phutheho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšepehi bo Tataisa ba Lokileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bontša Lerato le Tlhompho ka ho Laola Leleme la Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ke Hobane’ng ha ke Lula ke Bua Lintho Tseo ke sa Ikemisetsang ho li Bua?
    Bacha Baa Botsa
  • Phutheho e ke e Rorise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/1 leq. 25

Liketso Tsa Rōna li Ama Phutheho

Ho Liproverbia 11:11 rea bala: “Hlohonolofatso ea ba lokileng e haha motse; empa o qhaloa ke melomo ea ba babe.”

Batho ba motse ba latelang tsela e khabane le ba hōlisang khotso le boiketlo ’me ba phahamisa ba bang, motse o tsoela pele. Ba buang lintho tse etselletsang, tse kotsi le tse fosahetseng ba tlisa meferefere, bosula, karohano le khathatso. Hona ho joalo haholo haeba batho ba le boemong ba boikarabelo. Motse o joalo o kena morusung, tšilafalong le ho oa boitšoarong le boemong.

Motheo o boletsoeng mona o sebetsa har’a Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste, ha li lutse liphuthehong tsa tsona tse kang metse. Phutheho e nang le batho ba likolohang Mangolong le linthong tsa moea ba nang le tšusumetso e iphumana e thabile, e le mafolo-folo, e thusa ho litho tsa eona, e tlisetsa Molimo hlompho. Molimo oa khahloa ’me o atlehisa phutheho moeeng. Empa ba arohaneng, ba sa khotsofalang, ba belaelang le ba buang hampe ka tsela eo lintho li etsoang ka eona ba tšoana le “monoko o mahloko” o ka atang ho senya ba bang ba neng ba sa ameha qalong. (Ba-Heb. 12:15) Ba tšoenyang hangata ba batla matla a mangata le botumo. Ba baka likarohano ka ho kenya moea oa hore botsoa bo teng, kapa leeme, kapa khethollo ea mohlobo, joalo-joalo, ka phuthehong kapa ka lehlakoreng la baholo.

Maele a mang a sebetsana le motheo ona motheong oa motho ka mong, a re: “Molomo o motle ke sefate sa bophelo; ha e le o khopo, o sohlokanya moea.” (Liprov. 15:4) Leleme le buang hantle le ka bonnete ka bonolo, mosa le boikokobetso le na le phello e ntle ho ea mametseng. Lea mo phahamisa le ho mo haha moeeng ’me, ka baka leo, le tlatsetsa bophelong ba moea ba phutheho eohle. Empa leleme le khopo le ntša moea oa bamameli maqeba le ho o sohlokanya, le sa ba nee molemo kapa mehopolo e matlafatsang ho ba thusa tseleng ea bophelo. Ha e le hantle, leleme le lebe le tloaetse ho tlisa tšenyo ea moea le lefu ho ba bang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela