Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/1 maq. 26-29
  • Ho Paka Motseng oa Mahae oa Nigeria

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Paka Motseng oa Mahae oa Nigeria
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • MOKHOA OA BAAHI BA MOTSE
  • HO BA BOLELLA KA MOLIMO
  • KANANELO EA MONNA-MOHOLO
  • HO TSEBA MOLIMO
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/1 maq. 26-29

Ho Paka Motseng oa Mahae oa Nigeria

KA TLHOKOMELO e kholo Gosta a lebisa koloi lebaleng ’me a e emisa ka tlas’a sefate sa “mango.” Batho ba qala ho tsoa matlong a mabeli a ahuoeng ka mobu. Monna-moholo o ne a lutse ka tlase ho sefate ’me ra mo lumelisa ka hore “Wa domo-o!” (“Lumela!”). Monna-moholo a re talima a khutsitse ka motsotsoana. Eaba sefahleho sa hae se tsutsubaneng ka baka la botsofali sea phuthuloha ’me a re, “Obokhian!” (“Lea amoheloa!”)

Re kene moo re le banè ho tla buisana molaetsa oa Bibele le baahi ba motse ona. Hobane ntlo ena e ne e qheletse thoko ho matlo a mang motseng ’me hape e na le sebaka seo re neng re ka tseba ho emisa koloi ea rona ho sona, re ile ra kena ka bone ba rona ho eona ’me ho tsoa moo re ne re tla arohana ho ea pakela baahi ba bang ba motse, re e-ea ka ntlo le ntlo.

Pele re kena motseng, re ile ra buisana ka litemana tsa Bibele le lihloho tsa puisano. Re ile ra hopola kamoo ho leng bohlokoa ka teng ho thusa baahi ba motse ona oa mahae ho ithuta ka tsebo e nepahetseng ea Molimo oa ’nete. (Joh. 17:3) Hore re tsebe ho etsa sena, re ile ra rapela hore Jehova a re hlohonolofatse le ho re tataisa mosebetsing oa rona oa boboleli.

MOKHOA OA BAAHI BA MOTSE

Ha re akhela mahlo likarolong tse ka bochabela le tse ka boroa bo ka bochabela ho Nigeria, re ne re thabela ho boha maralla le naha e ntle e bulehileng, boemo ba leholimo bo ne bo hlakile ’me moea o pholileng o ne o theosa mocheso likarolong tse ling tsa naha. Ho na le mefuta e mengata ea linonyane le litšoene tseo re neng re li bona mona le mane tse neng li re qabola haholo. Ka tloaelo, metseng ea mahae matlo ha a atamelana haholo joale ka metseng e meholo ea litoropo. Ho na le “lelapa” le etsoang ke matlo a mabeli kapa a eketsehileng ’me le ahuoe sebaka se bohole ba limethara tse 50 ho ea ho tse 100 ho tsoa ’mileng o moholo o teanang le tselana ea maoto e entsoeng hantle e fetang har’a masimo a bona a cassava, yam le coco. Ha re ntse re atamela matlo, ho ne ho re thabisa ho bona lirapa tsa lipalesa tse ntle, tse koahetsoeng ke meriti ea lifate, tseo re ka lulang tlas’a tsona ho buisana le batho ka Bibele.

Pele re kena ka “lelapeng,” re ema ka ntle ’me re otle matsoho—ketso e tšoanang le ho kokota monyakong. Mong a ntlo le bana ba bararo kapa ba bane ba hlahella kapele. Re memeloa ho kena ka tlung ’me re lumelisoe ka matsoho. Bajaki ba sebele, joaloka rona, ba neoa litulo ka pele. Ho tlisoa metsi le sesepa sa ho hlapa matsoho. ’Me ho latele lijo—litholoana kapa koro e bilisitsoeng. Re lokela ho ja pele. Beng ba ntlo ba tla re mamela feela kamor’a ho etsa sena. Leha eba ho sa tlisoe lijo, metsi a ba teng, ’me, haeba moeti a sa tsejoe ho hang kapa e le motho e moholo, mong a ntlo o mo nea galase e nang le metsi ka matsoho a mabeli e le pontšo ea hlonepho.

Ka linako tsohle batho ba batla ho tseba hore baeti ba tlile ka litaba life. Ha re ne re tsamaisana le Lipaki tsa motse ona, ho kena ka ntlo le ntlo mosebetsing oa rona oa boboleli, re ile ra hlokomela hore litho tsohle tsa lelapa li mamela ka hloko ha molaetsa o fanoa ka puo ea bona, ’me hamorao ba hloke hore moeti a akhele lentsoe le eena. Mokhating oo, taba e ne e qalisoa ntlheng.

Ho neng ho eketsa thabo liketelong tsa rona e ne e le ho bapala ha likhoho, lipoli, lintja le bana ba banyenyane bao ka tloaelo ba sa aparang letho ’meleng. Ho bonahala bana bana ba sa felloe ke matla ha ba ntse ba matha ho likoloha lelapa, lintja li matha le bona. Joalo joalo ba ne ba fihla ba ema moo re leng teng ’me ba re talime ka mahlong ha re bua.

Ho ea qetellong ea moqoqo oa rona re ba nea libuka tsa ho ithuta Bibele. Hobane metseng ea mahae chelete e le ntho e sa luleng le batho, ba ne ba re nea “lihoete,” mahe, hlapi kapa esita le likhoho bakeng sa tsona. Ho ba salisa hantle, re boela re ba tšoara ka matsoho ’me re fetele lelapeng le leng, bana ba banyenyane le ba batlang ba holile ba ne ba re sala morao. Ba ne ba tsamaisana le rona ntlong e ’ngoe le e ’ngoe ’me ba bang ba ntse ba kenella joalo, ’me matlong a mang ke bona ba neng ba bua pele ’me ba tsebise baahelani ba bona hore re tlile ho ba bolella ka Molimo.

HO BA BOLELLA KA MOLIMO

Ha re ne re amoheloa ke monna-moholo motseng ona o ka bophirimela ba Nigeria, re ile ra hla ra lebella ho ba le puisano e monate. Kamor’a hore re itsebahatse le ho hlalosa hore re tsamaea ka morero ofe, monna-moholo a ntša lentsoe la hore re tlisetsoe litulo, ka hona ra lulisoa katlase ho sefate. Lelapa le ne le hlile le thahasella ho utloa taba tsa rona. E ne e le monna-moholo, mafumahatsana a mabeli, bana ba babeli, bashemane ba babeli, bahlankana ba babeli le monna e mong eo re tla mo bitsa Josefa. O ne a bonahala a itjeletse.

Josefa o ne a batla hore re kene ka tlung; empa monna-moholo o ne a laetse ka hosele. Lentsoe la monna-moholo le haheloa lesaka. Re ile ra thabela hore re lule kantle, hobane ho ne ho na le moea o fokang hamonate o neng o tsoa lifateng ’me o ne o re pholisa. Hobane motšehare oo oa mantsiboea le ne le sele le bohoeng ba ntja hape ho na le ponahalo e ntle ea botala ba makala a lifate, sebaka sa hla sa buleha hore re bue ka ’Mopi.

Nath o ile a kenyelletsa moqoqo ka bohlokoa ba ho tseba Jehova. ’Na, Gosta le Jeremia ra thula ho mamela moqoqo, kapa, ho bona kamoo lelapa le arabelang kateng. Koana, Jeremia o ne a thabela moqoqo. Ba ne ba bua ka puo ea habo ea se-Edo. ’Na le Gosta re baromuoa ba Lipaki ho tsoa Lagos ’me ha re e-so ho be le nako ea ho ithuta puo ena. Leha ho le joalo, ka hore ka hloko re mamele ha ho baloa litemana tsa Bibele, re ne re khona ho latela puisano, ’me hamorao Nath o ne a re hlalosetsa hore o ne a bua kang.

Hobane Nath a holetse motseng ona, o ne a tseba meetlo ea ona. O ile a sebelisa tsebo ea hae ea meetlo ea bona hamolemo ’me a tšoasa tlhokomelo ea bona ka hore a sebelise taba e amanang le ho kotuloa ha “lihoete” nakong eo, ka hore: “Ena ke nako eo batho ba heso ba thabileng haholo hobane, ke nako ea ho kotuloa ha ‘lihoete’, ba lebelletse ho kotula litholoana tsa mofufutso oa bona.” Monna-moholo a araba: “Ke ’nete, ’me re hlile re thaba haholo hobane re lebelletse chai.”

Nath a tsoela pele: “Ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho li leboha. Ke lumela hore le utloisisa hore ho lokela hore ho be le linako tse sa tšoaneng tsa selemo le boemo bo lokelang limela le lipeo, nako ea hore li hole ’me ho latele kotulo. Na ena hase pontšo ea lerato la Molimo ka hore o re nee lintho tsena?”

Sehlopha sa batho bana sa re, “Emwuanta-no!” (“Ke ’nete!”)

Nath a tsoela pele: “Molimo o joalo oa lerato o thahasella bophelo ba rona joale ka batho. O re nea lintho tseo re li hlokang hore re lule re phela hape re thabile, ’me o re nea lintho tseo re li hlokang e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Re tlile mona ho tla le thusa ho ithuta ka Molimo ona o lerato.”

Monna-moholo a re: “Re thabela ho fihla ha lona,” ’me ba bang ba bolela mantsoe a tšoanang a kananelo. Leha ho le joalo, Josefa a phosumela moqoqong, a tšoara Gosta mangoleng ’me a re: “Re batla ho utloa monna enoa a bua.” Josefa o ne a jala hohle mahlo a hae a sa boneng, ’me a leka ho ema empa a boela a oela setulong sa hae a hatelletsoe ke e mong mahetleng. Ha re fihla lelapeng lena re ile ra sola hore o ne a noele haholo veine e neng e entsoe ka litholoana tsa sefate sa palema e neng e tšetsoe mohopeng. Bahlanka ba babeli ba mo nyatsa haholo ka ho hloka hlonepho ha hae ka hore a kenelle feela moqoqong, ’me Gosta a etsa khotso ka ho mo tšepisa hore o tla bua hamorao.

Nath a tsoela pele: “Ho le bontša hore ke ho hokae hoo re ho kolotang Molimo le hore re itšetlehile ka oona hakae ke lakatsa ho le balla se boleloang ke Bibele mona ho Pesaleme 145:15, 16.” Ha Jeremia a ne a toloka litemana tsena ka puo ea se-Edo, Nath a bala ka Senyesemane: “Mahlo a libopuoa kaofela a lebeletse uena [Jehova], ho li fa lijo ka nako e tšoanetseng. U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” Nath a tsoela pele ho bontša kamoo litokisetso tsa Jehova tsa lijo li hlollang kateng, liaparo, ntlo le kamoo a entseng lefatše ka bokhabane bakeng sa ho phela ha batho le hore e be sebaka sa thabo.

Boemo bo neng bo re likolohile bo ne bo šoaneleha hakaakang bakeng sa moqoqo o joalo! Letsatsi le ne le se le hloella lithaba ka bophirimela ’me mahlaseli a lona a khanyang a bonahala har’a lifate joaleka e se eka moea o fetotsoe ’mala ho ba oa gauda. Ho elella qetellong maru a khanya ka ’mala o mosehla bo tšoakiloeng le bofubelu. Khele! botala ba leholimo bo ne bo jere ponahalo ena e hlollang pel’a mahlo a rona. Ho ne ho na le lebaka la ho leboha Molimo o bopileng ka ho rona kananelo ea botle bona.

KANANELO EA MONNA-MOHOLO

Ha moqoqo o ntse o tsoela pele, mafumahatsana a mabeli a tloha ho ea etsa mesebetsi e itseng ea ntlo, empa a boela a ba teng hamorao. Batho ba bang ba neng ba iphetela ka tsela, ho akarelletsa le monna e mong oa sethuthuthu, ba kena ho tla mamela. Joale sehlopha se ne se etsoa ke batho ba 15 ba neng ba tsoa malapeng a sa tšoaneng a mahlano. Hape ha fihla le monna-moholo e mong ea neng a hlotsa habohloko ka baka la ho holofala leotong, o ile a tsoa ho e ’ngoe ea matlo hore a tl’o mamela. O ile a be a se a kopanela moqoqong.

E ne e le ntho e sa tloaelehang bakeng sa ho bontša hlonepho le thahasello. Ka tloaelo, monna-moholo oa mo-Nigeria ha a tsoe ka tlung ea hae ho tla khahlanyetsa baeti. Baeti ba lokela ho tlisoa ho eena. Mohlomong lena ke lona lebaka le ileng la etsa hore ha re fihla Josefa a batle ho hatella hore re kene kahare. Empa monna-moholo o ne a ituletse kantle ’me a se a re amohetse.

Ha monna-moholo oa bobeli a fihla, Nath, ka thuso ea lipapiso tsa Jeremia, a hlalosa hore batho ka kakaretso ha ba ka ba ananela litokisetso tse lerato tsa Jehova. Ha ba ka ba batla ho ithuta ’nete ea Molimo e le hore ba ka o sebeletsa ka “moea le ka ’nete.” (Joh. 4:24) Ke ka baka leo ho nang le mahloreho le khatello lefatšeng. Leha ho le joalo, Nath a hlalosa hore re na le lebaka la ho thaba. Hobane’ng? Hobane Molimo o nea batho bohle ka tsela e tšoanang, o tiisetsa ba o sebeletsang tšireletseho ’me o tla felisa batho ba babe hore ba se hlole ba etsa bobe “joale ka ha le lōna le tlosa mofoka o batlang ho bolaea limela tsa lona.” Eaba joale o bala Pesaleme ea 145:20: “Jehova o boloka bohle ba mo ratang, empa o felisa ba babe kaofela.”

Tsena e ne e le litaba tse molemo ho bamameli ba rona. Ba ile ba hlalosa kamoo ba khotsofetseng ka teng hore Jehova o sireletsa bahlanka ba hae le hore o tla felisa batho ba babe ba bakang likhathatso. E mong ho bamameli ba rona a botsa: “Empa, re tla tseba joang hore Molimo o tla re sireletsa?”

HO TSEBA MOLIMO

Ho arabela potso ena, Nath a hlalosa kamoo ho leng bohlokoa hore rona re tseba Molimo oa ’nete. A re: “Bibele e ruta ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo ’me e re bolella hore ke ka baka la’ng le hore ke hobane’ng ha re lokela ho o rapela. Hlokomelang kamoo Molimo o re memelang ho oona le hore re ithute ho loka ha oona, haeba re batla ho bolokoa ke oona. Sofonia 2:3 e re: ‘Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.’”

Hlaloso ena e ile ea lateloa ke moqoqo o chesang, ha totobatsoa hore, joale ka ha molemi a hlokomela melao ea hlaho e laolang likarolo tsa selemo, boemo ba mobu le lintho tse ling ha ho jaloa peo, le rona ka ho tšoanang re lokela ho hlokomela melao ea Jehova e mabapi le boitšoaro ba rona le borapeli ba rona ho eena. Re lokela ho ‘batla Jehova.’ Nath o qetella ka hore, “Hona ho bolela hore re lokela ho ithuta Bibele e le hore re tsebe ka Molimo ’me re leke ho phela ka tsela e lumellanang le thato ea oona.”

Ntlheng ena, monna-moholo oa pele a re: “Mantsoe ’ohle a lona ke ’nete. Moo re eang ho se ho le haufi ho feta moo re tsoang. Re se re holile haholo ho ka ithuta lintho tse ncha. Empa le ka tsoela pele ho ruta bana ba rona.”

Monna moholo oa bobeli a tlatsetsa ka mantsoe ana: “Hona ha ho bolele hore ha re thabele seo le re bolellang sona. Ha ho le joalo ke ne nke ke ka tloha ha ka ho tla kopanela moqoqo le lona. Empa hona joale re holile ’me ha re tsebe ho bala. Re ka ithuta lintho tseo tsohle joang e le hore re ka tseba Molimo ka tsela eo le mo hlalosang ka eona? Re ’nile ra eteloa ke Lipaki tsa Jehova nakong e fetileng, ra amohela le libuka tsa bona. Ho ho bana ba rona ho li bala le ho ithuta ka lintho tsena.”

’Na le Gosta ra memeloa ho bua. Ka thuso ea motoloki re ile ra ba hlalosetsa kamoo batho ba tsofetseng ba ileng ba ithuta Bibele le ho ithuta lintho tse ngata ho eona tseo ba tsebileng ho li bolella ba bang. Ba bang ba neng ba le kaholimo ho lilemo tse 70, tseo ho lekanyetsoang hore mohlomong banna baholo bana ba babeli ba ne ba le ho tsona, ba ile ba atleha ho ithuta le ho ngola ba ntse ba tsofetse joalo.

Josefa a qala ho mamela ka hloko ha Gosta a hlalosa hore Jehova ha a lahle batho hobane ba holile. Ho e-na le hoo, Molimo o thusa batho ba ratang hore ba tsebe merero ea oona. Gosta a tsoela pele ho hlalosa: “Jehova Molimo o re thahasella e le ka ’nete. Ha re kopana hammoho ho bua ka eena, joaleka ha re etsa hona joale, kapa ha re ithuta Lentsoe la oona kapa re le hlalosetsa ba bang, o-oa re mamela. Le ka tšepa hore o tla hopola boiteko ba lona ba ho batla ho mo tseba le ho mo sebeletsa hobane le tla be le latela tsela e bontšang hore lea mo tšaba le ho mo hlonepha.

Banna-baholo ba babeli ba bua hape, ba bolela ka kananelo ea bona ka leeto la rona le ho bontša takatso ea ho ba thusa ho ithuta Bibele. Ba bang sehlopheng sena ba amohela limakasine, ’me ra ba tiisetsa hore litokisetso li tla etsoa hore Lipaki tsa Jehova li ba etele ho ba ruta ka linako tsohle. E, kamor’a hore re tšoare e mong le e mong ka letsoho ’me ho utloahale mantsoe a reng “Okhiendehia!” (“Salang hantle!”) leeto la rona le monate la fella moo.

Ketelo ena e le ’ngoe ea rona ea tlatsa nako ea rona e monate. Joale ka linakong tse ling, ra khutlela hae re thabile re leboha tokelo eo re bileng le eona ho pakela batho ba motse ona ba nang le hlonepho e tebileng hakaale ka Molimo le Lentsoe la oona.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela