Na u Ka Iphetohela Sera ka Bouena?
“Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho, empa mōna o bolisa masapo.—Liprov. 14:30.
MOSALI e mong a qala ho ikutloa a ena le mathata a tebileng a ho utloa. Ngaka ea hae ea sitoa ho fumana ntho leha e le efe e ka bakang sena. O ne a thibana litsebe molato? Ka baka la lerata leo ba neng ba le tlatsetsana le morali oa hae, ho hang o ne a se a itloaelitse hore a se natse melumo. Ka tsela ena, ho bonahala hore o ne a leka ho itšireletsa boemong bo bosula. Hang hoba a hlokomele bothata, kutlo ea hae ea khutlela bolulong.
Monna ea lilemo li 29 a qala ho utloa mahlaba ho potoloha pelo ea hae. Ka lilemo tse 10 bohloko ba tsoela pele ’me ba ipha matla. Hona ha tsoela pele ho sa tsotellehe tlhokomelo e molemo ka ho fetisisa ea meriana le nako e ngata haholo ea ho ikhutsa. Bothata ba pelo ba kenakenana le mosebetsi oa hae ’me ba mo amoha thabo.
Na pelo ea hae e ne e hlile e e-na le khathatso? Che. Ha a le lilemo li 21, o ne a ile a tšoaroa ke boloetse bo matla haholo, empa a hlaphoheloa ka ho feletseng ho bona. Leha ho le joalo, ho theiloe ponong ea botho le litlhaloso tsa ba bang, o ne a kholisehile hore boloetse bo hlahisitse khathatso ea pelo. Ka baka leo, le hoja ’meleng a ne a sa kule ho hang, a ikutloa a e-na le se hlalositsoeng. Hamorao, ha a fumana thuso ea litsebi e ileng ea tobana hantle le bothata ba hae ba boikutlo ba botho, lehlaba la monna enoa la nyamela ’me a qala ho phela bophelo bo molemo.
E le setho sa lelapa le neng le tšoenngoa ke likhathatso tsa mokokotlo, moroetsana e mong a qala ho utloa mahlaba a mokokotlo. A ikutloa a tšoenyehile haholo ke sena empa a tšaba ho ea ngakeng. Ha a ntse a tšoenyeha ho ea pele, lehlaba la ’na la tota le lona. Qetellong, a ea ngakeng, hore feela a bolelloe hore ngaka ha e fumane lebaka leha e le lefe la bothata ba hae. Phoso e ne e le hokae? Lehlaba le qalile ha mosali enoa a fumana boikarabelo bo boimanyana mosebetsing oa hae. A ikutloa a amehile ka hore o tla hlōleha. Joale ho tšoenyeha ka ho hlōleha ha totisa lehlaba la mokokotlo. Hoba a hlokomele sesosa sa bothata, mosali enoa a khaotsa ho ’na a belaela, eaba lehlaba lea nyamela.
Ena ke mehlala e seng mekae feela e bontšang hore mabaka a boikutlo ba botho a ka ba le boikarabelo bo matla bakeng sa bophelo ba ’mele oa motho. A sa hlokomele le ho hlokomela motho a ka iphetohela sera eena ka boeena. Ho ea ka Encyclopedia Americana (khatiso ea 1977, Moq. 22, p. 732), ‘palo e hakanyetsoang ho hoo e ka bang 50% ea bakuli bohle e ka boleloa e le bao maloetse a bona a bakoang ke boikutlo ba kelello.’ Pelo ho bonahala haholo e le eona e khathatsehang haholo ke ho imeloa maikutlong.
Ha e-ea ba ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo lingaka li ileng tsa lumela pono ea hore mathata a boikutlo ba botho ke oona a ka bang motsong oa maloetse a mangata. Leha ho le joalo, Moetsi oa motho, Jehova Molimo, o senotse sena ka Lentsoeng la hae, Bibele. Ka mohlala, moo rea bala: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho, empa mōna o bolisa masapo.” (Liprov. 14:30) Ha moea o mosoeu o e-na le phello e hahang pelong, ho koetla mōna ka ba bang e ka ba ho senyang kaheho ea ’mele oa motho.
Kaha mabaka a mang a boikutlo ba botho a ka ba kotsi, ho hlokahala hore re a hlahlobe. Ho sebetsa tumellanong le Mangolo ho ka re thusa. Empa joang?