Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla
Moapostola Pauluse o ngolile: “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heb. 4:12) Phihlelo ea haufi tjena e tsoang Spain e tiisa polelo eo.
Ha a tšoarehile bopaking ba seterateng, moholo oa Mokreste a atamela mohlankana e mong ea ileng a ipolela hore ke Mobuddha. Le hoja a ile a ikhethela ho sheba batho ho e-na le ho bala, mohlankana eo a amohela tokollo ea khale ea Molula-Qhooa. Hape, a memeloa ho ba teng sebokeng Holong ea ʼMuso ea Lipaki tsa Jehova ea sebakeng seo.
Matsatsi a seng makae hamorao, mohlankana eo a bonahala holong. Hoba a tsebisoe batho ba bang ba neng ba le teng, a memeloa hore a lule fatše. Empa a hana ʼme a ema ka lihora tse peli a sa sisinyehe. Ha ho qoqoa le eena hamorao, a bolela hore ha a tsotelle ho bala, o ikhethela ho mamela le ho shebella.
Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng moholo a botsa mohlankana enoa hore na o kile a bala Bibele ho e qeta. O ne a s’o etse, empa a khothalletsoa ho etsa joalo, Paki ea bolela hore Bibele ke buka ea Bochabela. Mobuddha enoa a bala Bibele eohle ka matsatsi a seng makae feela. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Jehova a mo thusa ho hōla moeeng. Kajeno, ke Mokreste ea kolobelitsoeng. Lentsoe la Molimo ruri le fana ka matla.