“Pitsa ea Albastera” e ne e le Eng?
Ka makhetlo a mabeli, Jesu Kreste o ile a tlōtsoa ka oli e monko o monate. Hona ho etsahetse hang tlung ea Mofarisi e mong oa Galilea (Luka 7:37, 38) hape le lapeng ha Simone molepera Bethania. (Matt. 26:6, 7; Mar. 14:3) Ka lekhetlo le leng le le leng, oli e theko e boima e ne e tsoa ka pitseng ea albastera.
Lipitsa tse nyenyane joalo tse motopo tsa linōko pele li ne li etsoa ka lejoe le fumanoang haufi le Alabastron, Egepeta. Lejoe ka bolona le entsoe ka matsoai a sa tšoaneng a kopaneng hammoho. Alabastera ea pele e ne e le tšoeu, empa ka linako tse ling e na le matheba a mebala e meng, kaha e hlahisoa ke ho rothela ho sa khaotseng ha metsi lejoeng la matsoai a sa tšoaneng.
Mona ho bontšitsoe pitsa ea Sehelena ea boholo-holo e tsoang Egepeta. Basali ba ileng ba tlōtsa Jesu ka makhetlo a tsoa boleloa e mong le e mong o ne a e-na le “pitsa ea albastera” ea oli e monko o monate e theko e boima. Lipitsa tseo mohlomong li ne li tšoana le ena e ngotsoeng “cinnamone.”