‘Aletare ea Molimo o sa Tsejoeng’
Ha Moapostola Pauluse a bolela ‘litaba tse Molemo’ Athene, lekholong la pele la lilemo C.E. bahlalefi ba Baepikure le Bastoike ba phea khang le eena. Ho ba bang ho bona o ne a tšoana le ea “bolelang melimo esele.” Eaba ba tšoara Pauluse ba mo isa Areopago kapa leralleng la Mars. Moo moapostola a qala bopaki ba hae bo bohlale ka Molimo oa ʼnete, Jehova, ka mantsoe ana:
“Banna ba Athene, ke lemohile hobane linthong tsohle le batho ba hlanyetsang melimo ka ho fetisisa. Hobane ke itse ke ea le motse, ke talimile litšoantšo tsa melimo ea lōna, ka fihlela le aletare moo ho ngoliloeng lengolo la khethelo le reng: Ho Molimo o sa tsejoeng! Molimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke oona oo ʼna ke le bolellang oona.”—Lik. 17:16-23.
Libakeng tse ling ntle ho Athene, ho na le mengolo e meng e tšoanang le oo Pauluse a o bolelang. Ka mohlala, aletare e senyehileng e tlase mona, e sibollotsoeng Pergame, e ngotsoe joalo ka Segerike. Hape, aletare e tsebisahalang haholo e bolokiloeng e bontšitsoeng ka letsohong le letona e sibollotsoe Palestine Hill Roma, Italy. Ho latela mongolo oa Selatine o aletareng ena o ngotsoe hoo e ka bang ka 100 B.C.E e ne e nkoa e “halalela ho molimo oa monna kapa oa mosali.”
Na u haufi le Molimo o neng o boleloa ke Pauluse? Mahlohonolo a maholo a hona joale le a nakong e tlang a tlisetsoa ba rapelang Jehova, Molimo o Holimo-limo.—Pes. 83:18.