Na Buka ee e ka u Thusa Hore u Atlehe?
HA HO motho lea mong lefatšeng ea ka nepisisang hore na ho entsoe libuka tse kae historing ea motho. Ruri monna ea bohlale o kile a re: “Libuka tse ngata tse etsoang li sa fele, ’me ho ithuta ka ho tlōlisa ho khathatsa ’mele.” (Moek. 12:12) Ke ’nete hakaakang!
Empa ho na le buka e ’ngoe e sa tšoaneng le tse ling tsohle. Liphetolelong tse tloaelehileng, e na le libuka tse 66, likhaolo tsa eona li 1 189. ’Me liphetolelong tse ngata, e na le litemana tse 31 102.
Ha u ne u ka bala ’me ua nahanisisa ka temana e le ’ngoe ho tsona ka letsatsi, ho ne ho tla u nka nako e fetang lilemo tse 85 ho phetha buka ena. Hoo ke ho feta nako e lebelletsoeng ea bophelo kajeno. Ha e le hantle, buka eo re e hopotseng, e bua tjena ka batho: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli; boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe; hobane bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.”—Pes. 90:10.
Buka ena ke Bibele. ’Me ho ithuta eona ka nepo ho ka hloka nako e fetang e pheloang ke motho.
E HLOMPHUOA HAHOLO
Abraham Lincoln, mookameli oa bo-16 oa United States, o kile a re: “Ke lumela hore Bibele ke mpho e molemo haholo eo Molimo o kileng oa e nea motho.” Ke ’nete, Bibele e hlomphuoa haholo ke ba limillione. Ka mohlala, mongoli Henry van Dyke o itse:
“E hlahetse Bochabela ’me e ngotsoe ka mokhoa oa Bochabela le mohopolo, Bibele e tsamaea ka litsela tsa lefatše lohle ka maoto a tšoanang ’me e kena naheng e ’ngoe le e ’ngoe ho fumana ea habo eona teng. E ithutile ho bua ka lipuo tse makholo; e bua le pelo ea motho. Bana ba mamela litaba tsa eona ka ho hlolloa le thabo, banna ba bohlale ba li nahanisisa e le lipapiso tsa bophelo. Ba khopo le ba ikhohomosang ba thothometsoa ke litemoso tsa eona, empa ba hlabiloeng le ba bakileng e na le lentsoe la ’mè ho bona. E itohelletse litorong tseo re li ratang haholo; hoo Lerato, Botsoalle, Qenehelo, Boineelo, Mohopolo, Tšepo e leng tsona liaparo tse ntle tsa letlotlo la puo ea eona. Ha ho motho eo e leng mofumanehi kapa ea hlorileng ha a na le letlotlo lena.”
Ka baka la maikutlo a bona a bolumeli, batho ba bang ba susumeletseha ho etsa lipolelo tse khanyang ka Bibele. Ho e thothokisa ho ka bonahala ‘e le ntho e nepahetseng e ka etsoang.’ Ba bangata, leha ho le joalo, ba ile ba tebisa maikutlo haholo ho phehella tsebo ea Mangolo a Halalelang. Ka mohlala, John Quincy Adams o itse: “Ka lilemo tse ngata ke itloaelitse ho bala Bibele kaofela hang ka selemo se seng le se seng.”
Ho ne ho tla etsahala joang ha u ka bala Bibele kaofela hang ka selemo se seng le se seng? Ha re re mohlomong u ho etsa u iketlile empa u ipha sebaka sa ho nahanisisa. Na bophelo ba hao bo ne bo tla ntlafala? Ho ka ba joalo haeba ramolao oa Lenyesemane W. E. Gladstone o ne a nepile. O itse: “Bibele e tiisitsoe ka Tšimoloho e Khethehileng, ’me ho na le lekhalo le leholo le e arolang ho bohle ba pheang khang.”
Bonneteng, u na le tokelo ea ho botsa: Na tsebo e eketsehileng ea Bibele e ka mphumantša molemo? Na nka lebella hore buka ena, eo ka tloaelo e amanang le Bokreste, e nthuse ho atleha bophelong?