Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 3/15 leq. 26
  • Ho se Fumane Molaetsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho se Fumane Molaetsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 3/15 leq. 26

Ho se Fumane Molaetsa

● “Standard,” koranta ea sechaba ea K’hatholike e hatisoang ka beke ea Ghana, e sa tsoa bolela sehloohong sa eona sa mohlophisi ka mosebetsi oa bona oa kereke, e hlokomela hore e “entse mosebetsi o moholo ho ntlafatseng naha.” Sehlooho se hlokomelisa ka likolo, lipetlele, metebo ea meriana, mesebetsi ea temo le ea ho epa liliba e entsoeng ke Kereke. E re, “empa nako e fihlile ea ho qala ho sheba ka lehlakoreng le leng. Ho ntlafatsoa ha naha le mehaho ho fihla moo ho phahametsoeng ke ho ntlafatsoa ha batho.” Joang?

“Bongata ba batho ba Molimo bo senyang boholo ba nako ea bona liofising, mapolasing, likolong le lifemeng, bo nyoretsoe lijo tse matlanyana tsa moea. Ba lakatsa ho phelela lentsoe ho phethahaleng ha lona, empa ke mang ea tla ba bontša tsela? . . . Ha re nee batho lijo tsa moea tseo ba li hlokang.”

Haeba Kereke e hlolehile ho etsetsa motho feela ntho ena kamor’a hore e be teng ka makholo-kholo a lilemo, ke lebaka lefe le teng la ho lumela hore hona joale e tla qala ho fana ka “lijo tsa moea” tse hlileng li hlokoang ke litho tsa eona? Moapostola Petrose ka boeena o amohetse taelo ea Jesu ka sena ka makhetlo a mararo bakeng sa khatiso ha a botsoa hore na o rata Kreste. “Alosa likonyana . . . linku tsa ka” (e seng: ‘haha likolo le lipetlele’), kamoo Petrose a ileng a bolelloa kateng, hore a pakahatse lerato la hae. Ka ho totobetseng Petrose a utloa molaetsa, empa Kereke e K’hatholike e hlōlehile.—Joh. 21:15-17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela