“A ba Rata ho Isa Qetellong?”
MOAPOSTOLA Johanne o ile a thabela kamano e ntle haholo le Jesu. Ke eena eo Jesu a neng ‘a mo rata,’ ho ea ka mantsoe a Evangeli ea hae. “Mohl’a selallo” sa ho qetela Johanne o ne a bapile le Jesu, ’me ke eena eo Jesu, ha a ne a le thupeng ea hlokofatso, a ileng a mo nea tokelo e khethehileng hore a nkele Maria, ’m’a Jesu, tlung ea hae ’me a mo hlokomele joaloka ’m’ae ea mo tsoetseng.—Joh. 13:23; 19:25-27; 20:2; 21:20.
Katamelo ena e neng e le pakeng tsa Jesu le Johanne e ne e sa boptjoa ke khohelo ea ’mele. Kapa leha e le hore Johanne o ne a nkeha maikutlo habonolo feela tjee, joaleka ha ba bang ba pheta joalo, le hoja e le ’nete hore o ile a bua ho hongata ka lerato. Ka sebele, lerato la ’nete le kang la Molimo ke tšoaneleho e matla, e hloekileng e amanang haufi haholo le botšepehi. Mengolong eohle ea hae, Johanne o ile a bontša lerato le matla le botšepehi ho Jesu Kreste le Jehova. Jesu, ea neng a “itsebela se leng teng ka ho motho,” o ile a ananela sena haholo, kahoo ha bopeha kamano e matla pakeng tsa bona.—Joh. 2:25.
Ha re nahana ka mantsiboea a ho qetella ao Jesu a bileng le barutuoa ba hae ka ona, ho hlile ho thata hore re ipee boemong ba bona. Ha ho lea mong ho bona, esita le Johanne, ea neng a tsebisisa hantle se neng se tla etsahalla Jesu mantsiboea ao. Ha ho fihla ntlheng ea hore Jesu a re, “Bosiung bona le tla khopjoa bohle ho ’na,” ke hona lekhetlong lena moo Petrose a ileng a hana hore eena a ka latola Monghali oa hae, ’me “barutuoa bohle ba bolela joalo.” (Matt. 16:21-23; 26:31-35) Ba ile ba tšosa hakaakang ha lintho li etsahala joalokaha Jesu a ne a boletse pele! Ho bona, selallo seo se ile sa qalisa joaloka selallo sa paseka ea qalehong. Leha ho le joalo, ho Jesu Kreste, sejo sa mantsiboea se ne se bolela ntho e bohlokoa bo boholo, joale ka ha sena se bontšoa ke sohle seo Jesu a ileng a se bolella barutuoa ba hae le ho se hatella thapelong ea hae ho Ntat’ae, haholo-holo ha a ne a hloma sehopotso sa lefu la hae kamor’a ‘sejo sa mantsiboea.’ Re ka ithuta ho hongata ka sena ka hore re bale likhaolo 13 ho ea ho 17 Evangeling ea Johanne.
Tlaleho ena e hlakileng e ile ea ngoloa lilemo tse 64 kamor’a hore liketsahalo tse leng ho eona li phethahale, ’me hona ho pakahatsa mantsoe a Jesu mabapi le tšebetso ea “Moemeli, Moea o halalelang”: “Ke eena ea tla le ruta tsohle, o tla le hopotsa le tsohle tsee ke le boleletseng tsona.” (Joh. 14:26) E, Johanne ea ratehang o ile a fetoha ea rupetsoeng hantle, ’me re ka inahanela ka botebo ba boikutlo le kananelo tseo a bileng le tsona ha a ne a ngola mantsoe a latelang ka Jesu:
“Mokete oa paseka ha o se o tla etsoa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ea hae e tlile ea ho tloha lefatšeng, ho ea ho Ntat’ae, joale ka ha a na a ratile ba hae ba lefatšeng, a ba rata le ho isa qetellong.”—Joh. 13:1.
Ho ka etsahala hore ka mehla Johanne o ne a boha meeka e neng e bontšoa ke lerato le tšepahalang le sa foseng la Jesu, le fana ka menono ea mosa o sa tšoanelang. Barutuoa bao ba ne ba itšepa haholo; empa ba ne ba fokola ’me ba hlōloa ke teko ha e ba tlela. Hona ha ho bolele hore lipelo tsa bona li ne li le mpe. Che, e ne e mpa e le bofokoli ba botho, bo ileng ba sebelisoa ke Satane, empa ka nako e khutšoanyane.—Luka 22:32.
“LE ETSE HOO”—HOBANE’NG?
Re se re atamela selemo se seng sa lefu la Jesu ka Nisan 14, 33 C.E., le ho ketekoa hape ha “sejo sa Morena sa mantsiboea.” Se tla ba ka ’Mantaha, Tlhakubele 31, 1980, kamor’a shoalane, liphuthehong tsohle tsa Lipaki tsa Jehova. Ka hona, likelellong tsa rona re nahana ka’ng haholo? Hobane’ng ha kamorao ho hore Jesu a fetise bohobe le senoelo ho barutuoa ba hae, a ileng a pheta mantsoe ana: “Le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona”?—1 Ba-Kor. 11:20, 23-26.
Hore Jesu o ne a tseba ka botlalo hore sena sohle se ne se tla bolela’ng ho bontšoa ke mantsoe a hae matsatsi a se makae pelenyana, ha a ne a fana ka setšoantšo se bonolo empa se le matla, a itšoantša le hlaku ea mabele: “Ka ’nete-nete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ea mabele, e oetseng mobung, e sa shoe, e tla lula e ’notši; empa ha e e-shoa, e hlahisa lijo tse ngata.” (Joh. 12:24) Mantsoe a hae a latelang a bontša hore o ne a sa lebella ho hlokofatsoa ha bohloko feela, le lefu le lihlong thupeng ea hlokofatso, empa hape o ne a lebeletse liphello tse ntle tsa mohlala oa hae o motle oa lerato le itelang. Mona Jesu o boletse hore takatso ea hae ke ho tlotlisa lebitso la Ntat’ae, ’me ka ona motsotso oo Jehova a arabela boipiletsong ba Mora oa hae, “eaba lentsoe lea tla le tsoa leholimong, la re; Ke se ke le tlotlisitse, ’me ke tla ’ne ke le tlotlise!”—Joh. 12:25-33.
Jesu o bontšitse lerato le kang la Ntat’ae, ho ea ka mantsoe ao a a boletseng pelenyana boboleling ba hae: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le 28 e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” E, ‘Jesu Kreste motho, o ineetse ho ba topollo ea bohle.’ O ile ‘a utloa lefu, ka baka la bohle.’ (Joh. 3:16; 1 Tim. 2:4-6; Ba-Heb. 2:9) Ha e le hantle, Jesu o ile a nka sebaka sa baetsalibe, joale ka ha ho bontšoa ka ho hlaka ho Esaia 53:4-7, 10, ’me moapostola Pauluse ho Ba-Filippi 2:5-11, o tiisa kamoo ‘lefu la sehlabelo thupeng ea hlokofatso’ le sebelelitseng khanya bakeng sa batho. Ho ka ba molemo hore rona bohle re bale likarolo tsena ka botlalo, le ho thuisa ka tsona, ha nako ea Sehopotso e ntse e atamela.
Ntle ho liphello tsena tse ntle tse sa tsoa boleloa, ho ne ho na le lintho tse neng li le haufi le ho phethahala tseo Jesu a neng a hopotse ka tsona ha a ne a hloma sehopotso sa lefu la hae. Ke ’nete hore ka lekhetlo le le leng Jesu o ile a ipolela hore eena ke “bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong,” ’me a re: “Bohobe boo ke tla mo nea bona; ke nama ea ka, e, ke tla e nea lefatše, le tle le phele.” (Joh. 6:51) Leha ho le joalo, kamorao ho hore ba-Jode ba neng ba mametse ba batle ho sitisa lintho, Jesu a tsoela pele ka taba e tšoanang, a hlalosa bohlokoa ba eona ho ba neng ba ameha. O ne a se a boletse ka ho ja “bohobe” bona ba tšoantšetso, ’me a tsoela pele hore:
“Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. . . . Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o lula ho ’na, le ’na ho eena.” (Joh. 6:53-56)
Ana ke mantsoe a matle hakaakang! Batho ba khoptjoa, esita le “barutuoa ba hae ba bangata . . . ba se ke ba hlola ba tsamaea le eena.” Hlaloso ea sena ke efe?—Joh. 6:60-66.
Jesu o ne a tseba hore lefatše la batho, le boleloang mangolong a leng kaholimo, le ne le tla amohela monyetla oa ho thabela melemo ea sehlabelo sa topollo nakong ea ’muso oa hae, ha ho se ho entsoe “leholimo le lecha le lefatše le lecha” hape ‘lefu le sa hlole le le teng.’ (Tšen. 21:1-4; Luka 23:42, 43) Hape o ne a tseba hore Ntat’ae o ne a thabela hore batho ba bang ho tsoa hona lefatšeng le otluoeng ke sebe ba kopanele le eena ’musong oa leholimo joale ka marena le baprista. (Luka 22:28-30; Tšen. 3:21; 20:6) O ne a tseba hore eena, “e leng Kreste,” o ne a le ka sehloohong peong ea Abrahama, ’me ba bang bana ba phutheho ea Bokreste bao e leng “ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste,” ba etsang ‘Iseraele oa moea oa Molimo,’ ka sebele e tla ba “leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.” (Ba-Gal. 3:16, 28, 29; 6:16) Ka ’nete ena e hlile ke pontšo ea “mohau holim’a mohau.”—Joh. 1:16.
Baapostola ba 11 ba tšepahalang ba bileng le Jesu bosiung boo ba Nisan 14, e bile bona ba pele-pele ho memeloa ho ja bohobe bo se nang tomoso le ho noa senoelo sa veine, tseo, ho ea ka mantsoe a Jesu, li emelang ’mele oa hae o se nang sebe le mali a bophelo ba hae. (1 Ba-Kor. 11:23-26) Ba bang ba ne ba tla latela bao, ho ea ka mantsoe a Jesu ba tlang ho “lumela ho ’na ka polelo ea bona.” (Joh. 17:20) Mabapi le balumeli bana, a ke le hlokomele ho phetoa-phetoa ha mantsoe a reng “u lula ho ’na” a sebelisoang a lebisitsoe feela ho Jehova le Kreste Jesu le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, joale ka ha ho bontšoa ho Johanne 6:56; 10:38; 14:10, 11, 20; 15:4-7; 17:21-23, 26. Phetolelo ea American Translation e sebelisa mantsoe “kopanong le ’na” le “ho kopanngoa le ’na.”
Litho tsa phutheho ena li tšoaroa ka tsela e khethehileng, e seng mohlomong ka baka la molemo o itseng oo li o entseng. (Ba-Ef. 2:5; 1 Joh. 2:2) Ba tlotsitsoe ka moea oa Molimo bakeng sa tšepo ea leholimo, tšepo ea ho kopana le Kreste tsohong ea leholimo, haeba feela ba ipaka ba tšepahala, joaloka ha Pauluse a ile a bolela, hore ‘ba kopana le eena mahlomoleng a hae, ba tle ba tšoane le eena lefung la hae,’ lefu la sehlabelo, ba tlohela tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise. (Ba-Fil. 3:10) Tsela ena ea boitelo e qalisa nakong eo motho e khethoang ke Molimo hore e be setho sa phutheho ea Bokreste, e etsang “’mele oa Kreste,” joale ka ha ho hlalosoa ho Mattheu 16:24 le Ba-Korinthe ba Pele 12:12-27. Litho tsena li kenngoa “selekaneng se secha,” se entsoeng ka mali a tšollotsoeng a Kreste, le ho kopanela boboleling ba hae.—1 Ba-Kor. 11:25; 2 Ba-Kor. 3:6; 4:1-7.
Ho sa na le ba bang lefatšeng ‘ba lutseng ho Kreste Jesu’ ’me ba pakeloa ke moea oa Molimo hore ke “bana ba tlotsitsoeng ba Molimo” le “majalefa hammoho le Kreste.” (Ba-Roma 8:1, 14-17) Linnete tsena li tla hlaka likelellong tsa bona ha ba bokana hammoho bakeng sa “sejo sa Morena sa mantsiboea.” Leha ho le joalo, bongata bo boholo ba Lipaki tsa Jehova bo tla bokana mantsiboea ao ha bo na tšepo ea leholimo. Bo tseba hore hase karolo ea “mohlatsoana” empa ba ikhetholla e le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” boo Jesu a boletseng ka bona. (Luka 12:32; Joh. 10:16; Tšen. 7:9) Le bona ka ho tšoanang, ba lumela maling a tšolotsoeng a Jesu. (Tšen. 7:14) Ba tšepa hore ba tla “rua ’muso,” le ho thabela bophelo bo sa feleng mona lefatšeng, joale ka ha ho ile ha tšepisa Jesu ho Mattheu 25:31-40. Hape ba thabela ho ba bonngoeng bo haufi le “baena” ba Kreste, ba boleloang setšoantšong se mona. Hobane e le “balichaba” ha ba bapisoa le Iseraele oa moea, ba ananela haholo tokelo le boikarabelo ba ho kopanela le bona ho hlahiseng litholoana tsa ’Muso. (Esa. 56:6, 7; 61:5; Matt. 21:43) Ba bang ba ile ba shoa ka baka la ho tšepahala ha bona bakeng sa ’nete le ho bolela ha bona ka sebete molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, le hoja ba ka shoa bakeng sa tumelo ea bona, ha ba shoe lefu la sehlabelo joaloka Jesu le “majalefa hammoho le Kreste” bakeng sa ’muso oa leholimo. Ka ho hlokomela phapang ena, ha ba kopanele ho jeng bohobe ba tšoantšetso le veine tse emelang ho fetang feela ho fumana melemo lefung la Kreste empa ho tšoana le eena tseleng ea boitelo.
BOITLHAHLOBO
Leha eba bongata bo boholo bo etsang ‘mohlape o le mong tlas’a molisa a le mong’ bo utloisisa phapang ena, potso e ka botsoa hore ke joang motho a tsebang haeba eena a fumane pitso ea leholimo. Hona ho ke ke ha hlokomeloa ka bopaki ba kantle ho tšoana le nakong eo limpho tsa mohlolo tsa moea li neng li fanoa qalehong ea phutheho ea Bokreste. Ho neng ho feta hōle limpho tseo e ne e le tšepo e khanyang ea lefa la leholimo e neoang ba bitsoang “bana ba Molimo” ba nang le “kabelo ’musong oa leholimo.” (Ba-Heb. 3:1; 1 Joh. 3:1-3) Nakong eo ho ne ho e-na le tšepo e le ’ngoe, empa kajeno, ha “nako tse beiloeng tsa Molimo li phethehile,” menyako ea ’muso e bulehile haholo ho memela bongata bo boholo ho fumana mahlohonolo a lefatšeng, joale ka ha ho se ho bontšitsoe. Hona ho bile joalo haholo-holo ho tlohela selemong sa 1935 ho ea pele, ha “bongata bo boholo” bo ne bo khetholloa ka ho hlakileng joaloka sehlopha se nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Ba-Ef. 1:10; Tšen. 7:9-17.
Na ho tloheletsoe ho motho ho ikhethela hore ke tšepo efe eo a lakatsang ho ba le eona, ea leholimong kapa ea lefatšeng? Che. Pele motho a ka thabela tšepo leha e le efe, o lokela ho nka bohato bo sa khetheloang ba itseng feela, ka hore a ineele le ho kolobetsoa le ho lumela ho etsa thato ea Molimo, e seng ea hae. Molimo o etsa hore thato ea oona e etsoe ka tšebetso ea moea oa oona o halalelang. Hore ke ka tsela efe moea o sebetsang ka ho ba khethoang ke Molimo joale ka ba lebeletseng ho ba litho tsa “mohlatsoana,” bao moea o ba etsang hore ba be le tšepo ea bophelo leholimong ba hlalosoa hantle ho Ba-Roma 8:14-17. Bakreste bao ha ba tsila-tsile ka bopaki bo ka ho bona hore ba fumane pitso ea ’muso oa leholimo.
Na bahlanka ba ineetseng ba amoheloang ke Molimo e le litho tsa “bongata bo boholo” ba fumana moea oa Molimo? E, ho hlile ho joalo, ho tšoana le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba mehleng ea pele ho Bokreste, ba kang Moshe le Johanne Mokolobetsi, ba neng ba se na tšepo ea leholimo. (Matt. 11:11) Molimo o sebelisana le mohlanka e mong le e mong oa oona ea ineetseng kajeno, o hlaolela ka ho eena tšepo ea ho phela ’musong oa oona. Pauluse o ile a bolella Bakreste ba pele hore ba ne ba ‘bolokehile ka tšepo,’ tšepo ea leholimo. Hape a bua ka tšepo ea “tse bopiloeng,” e leng lelapa lohle la batho, ba neng ba “lebeletse ponahalo ea bana ba Molimo” ka tebello ea ho thabela ‘tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo’ joale ka bana ba khutliselitsoeng lefatšeng.—Ba-Roma 8:18-25.
Ka baka leo e mong le e mong o lokela ho bolokeha ka tšepo e itseng. E lokela ho ba tšepo e hulang le ea sebele ho uena. Haeba, kamorao ho boitlhahlobo bo tiileng, u fumana hore ha u tiisehe ka tšepo e itseng, kapa u hlokomela hore mohlomong e bile ka baka la maikutlo a phahameng u ileng ua susumelletsoa hore u phethe ka hore u amohetse pitso ea leholimo, kapa mohlomong hore pitso eo e u etsa ea arohileng le ea phahametseng ba bang, e u bulela monyetla oa ho fumana tlhokomelo e khethehileng le hlonepho, ka hona u na le lebaka le letle ho hlahlobisisa boemo ba hao. Ka botšepehi le boikokobetso, u se ke ua tsila-tsila ho kopa Molimo ho u thusa ka bohlale le tataiso le thuso ho etsa thato ea oona. A ke ke a u ja ka meno. “Molimo o re etsa joale ka bara ba oona,” bao o ba ratang.—1 Ba-Kor. 11:28; Ba-Heb. 12:4-11; Jak. 1:5-8.
Batho bohle ba kang linku ba tlang “sejong sa Morena sa mantsiboea,” ho sa tsotellehe hore na ba tlile e le baboheli kapa ba kopanelang ho jeng, ba thabela ho ba teng “sehopotsong” sa lintho tsohle tse ileng tsa etsoa ke Jesu a paka botšepehi ba hae bo lerato ho Ntat’ae, hape le bakeng sa e mong le e mong ea lumelang ho eena. Joale ka Jesu ea ileng “a ba rata ho isang qetellong,” e se e ka re ka bontša moea o tšoanang oa mamello le botšepehi ho isa qetellong. Johanne o buile ka balateli ba Jesu e le ba ‘leng lefatšeng.’ Ho re khothatsa, Jesu o lumellana le mantsoe ana, ka ho eketsa hore: “Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.” (Joh. 13:1; 16:33) Kahoo e se e ka rona bohle, joale ka ha Pauluse a ile a khothatsa, re ka ‘etsa mokete ke hona . . . ka mahobe a se nang litomoso, a khabane le a ’nete.’—1 Ba-Kor. 5:8.