Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/1 maq. 7-11
  • Rwanda—Moo Mamello ea Jehova e sa Bang ea Lefeela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rwanda—Moo Mamello ea Jehova e sa Bang ea Lefeela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • HO QALLA MORAO
  • HO ANANELOA MAMELLO EA JEHOVA
  • HO HLŌLOA LITŠITISO
  • MOEA OA BOITELO
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/1 maq. 7-11

Rwanda—Moo Mamello ea Jehova e sa Bang ea Lefeela

LIKOKOANYANA tsa mabobolane a masehla li fumana lijo tsa tsona tsa hoseng har’a mahlaka a sikileng le sebaka sa mohloli oa Niabarongo oa Nile e khōlō. Haufi le moo, lifate tsa libanana li patile mabenkele a manyenyane a pel’a ’mila o majoe, “Casava,” poone, kofi, linaoa le lijalo tse ling li khabisitse mathule a moo, mona le mane ho kena matlo a manyenyane. A hahiloeng ka litene tsa letsopa ’me a ruletsoe ka litene tse khubelu tse rulelang, matlo a hlile a matle ’me a litsoe hore a be masoeu kapa a be masehla.

Maralleng a matala, basali ba apereng bofubelu ba sebetsa ka masene masimong, ha lipōli tse seng kae le likhomo tse manaka a matelele li bonahala li fula makhulong a manyenyane. Bophahamong bo ka lekanang le 1 600 lik’hilomithara ka holim’a leoatle, moea o pholileng o-oa khatholla. Hojana, ho batlang ho khurumelitsoe ke maru a masoeu, lihloro tsa lithaba tse limithara tse 4 000 tsa mokoloko oa Virunga o phetha boemo bo tletseng khotso.

Mona ke Rwanda, moo mamello ea Jehova e sa sebelisetsoang lefeela. Ho e ’ngoe ea litselana tsa maoto tse ngata, e sa ntsane e thella kamor’a pula ea bosiu, batho ba baholo ba fetang leshome le metso e ’meli le bacha baa tsamaea. Ke Moqebelo hoseng, ’me ba leetong la lik’hilomithara tse 25 ho ea Kigali, motse-moholo oa Rwanda. Moo ba rera ho ea libokeng tsa beke le beke ho ba libokeng tsa Bokreste le ho fumana molemo oa botho lithutong tsa Bibele. Khahleho ea bona linneteng tsa Mangolo e ne e tsositsoe ke mosali e mochanyana oa sebakeng sa habo bona, kamor’a hore a kopane le molaetsa oa ’Muso Kigali. Ba balelloa har’a batho ba Rwanda ba ananelang mamello ea Jehova ‘mehleng ena ea bofelo.’—2 Pet. 3:9; 2 Tim. 3:1.

HO QALLA MORAO

Bokreste ba ’nete bo tlile Rwanda morao haholo. Naha e nyenyane, e nkang lik’hilomithara tse lekanang tse ka bang 26 338 feela, Rwanda e kopetsoe pelong ea Afrika. Baahi ba eona ba fetang limillione tse 4,5 ba sebelisa hoo e ka bang sekoto se seng le se seng se teng sa naha maralleng a eona a matala a likete. Ho tla fihlela haufinyane tjena, tlas’a puso e boima ea litsamaiso tse seng kae tsa bolumeli tsa Bojakane, batho ba ile ba tseba tlala ea moea. (Amose 8:11) Ka 1971, leha ho le joalo, baboleli ba bararo ba ’Muso ba tsoang linaheng lisele ba qala mosebetsi oa bona mona, boiteko ba bona ba bo bea haholo ho batho ba ’maloa ba buang leleme la Swahili. Ka 1974 ba ne ba eketsehile ba le 14, empa Marwanda a le manyenyane haholo har’a bona. Hoo e ka bang ka nako eo, bolokolohi bo boholo ba bolumeli bo bile teng Rwanda, ’me lipaki tse ngata tsa Jehova tse buang puo e tsebisahalang ea Rwanda Kinyarwanda, li kene har’a tsona.

Har’a tsona e ne e le monna e mong oa lelapa eo, joaloka Marwanda a mangata, a neng a sebeletsa morafo oa koporo o Shaba (eo e neng e le Katanga pele) Zaïre e ka boroa. Monna enoa o ne a bile a batla ’nete ’me a qetella a e fumane qetellong ea bo-1960. Ha ba bang ba ntse ba tsamaea, a ba le monyetla oa ho kopanela boikarabelong ba phutheho ’me kahoo a fumana ka potlako phihlelo e hlokahallang ho ba molisa ea nang le thuso oa moea. Leha ho le joalo, mehopolo ea hae le lithapelo hangata li ne li leba Rwanda, hole hahabo moo ho neng ho se leha e le mang ea kileng a utloa ka ‘litaba tse molemo.’ Kapele kamor’a moo, morupeli oa thupelo e khethehileng e lokiselitsoeng balebeli ba Bakreste a mo khothalletsa ho kenela mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng naheng ea habo. Monyetla ona oa nyakallisa pelo ea hae, hoo leha e le ho phahamisoa hoo a neng a sa tsoa ho fumana mosebetsing kapa ho nyahamisoa ke beng ka eena li neng li ke ke tsa ema tseleng ea hae. Letsoho la Jehova la totobala ho eena le mosali oa hae, ha mosebetsi o hlokahalang oa lipampiri o phethoa ka nako e khutšoanyane bo hlollang ’me mokhatlo oo a neng a o sebeletsa o ba nea litekete tsa sefofane tse eang Rwanda. Phihlelo ea hae mosebetsing oa ho etsa barutuoa ea ipaka e le tšusumetso ea sebele mosebetsing mona, hammoho le mosebetsi o matla oa Lipaki tse ling tse chesehang.—Matt. 28:19, 20.

HO ANANELOA MAMELLO EA JEHOVA

Baboleli ba bangata ba bacha ba ’Muso ba Rwanda e ne e kile ea e-ba litho tse ineetseng tsa bolumeli bo bong. Hona joale ba bontša kananelo e khōlō bakeng sa mamello ea Jehova, ka potlako ba tsoela pele ’me ka masene ba bolela ‘litaba tse molemo,’ hangata e le baboleli ba evangeli ba nako e tletseng. Mehlala e ’maloa e tla paka sena.

Moevangeli oa “Pentecostal” a qenehela mohlankana oa pula maliboho ea khethehileng ea motseng oa habo ’me a etsa qeto “ea ho mo lokisa.” Empa puisano e ileng ea latela ea e-ba le phello e hananang le eo. Moevangeli a thula moprista oa hae ka lipotso tse 18 tsa thuto, empa moruti a sitoa ho li arabela ka nepo. Eare ha Moevangeli a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ha e-ba le litšoso tsa ho mo bolaea, hammoho le khanyetso ea mefuta e meng. Mosali oa hae a batla ho mo hlala ’me a sebelisana le lira tsa hae, empa boemo ba mosali ba fetoha ka letsatsi le leng. Ha a ntse a mametse a le “ntlong ea thapelo” ka tlung ha thuto ea Bibele e tsoela pele, a utloa Lipaki li eletsa monna oa hae hore a se ke a mo shapa. Nahana kamoo monna a ileng a makala ka letsatsi le leng ha a fumana mosali a pakela moprista! Monna le mosali ha baa ka ba kopana feela borapeling ba ’nete, empa hape litho tse ling tse hlano tsa lelapa tsa fumana molemo oa mamello ea Jehova.

E mong oa beng ka eena bao e ne e le mohlankana ea bohlale ea neng a rometsoe ke kereke ho “pholosa” rangoan’ae. Kamor’a puisano ea lihora tse hlano le Paki e neng e tsamaisa thuto ea Bibele le eo e neng e le moevangeli, leha ho le joalo, mohlankana enoa a lokisetsa ka lekunutu hore a be le thuto ea botho ea Bibele tsatsi le leng le le leng, tlas’a tumellano ea hore rangon’ae a se ke a bolelloa ka sena. Empa lekunutu lena la qhalana mohla rangoan’ae a fihlang feela nakong ea thuto. O ile a thaba hakaakang hore ebe ngoan’a oa ngoan’abo oa ithuta! Hoba ba kolobetsoe kolobetso ea Bokreste, monna enoa le mohlankana enoa ka ho loketseng ea eba bo-pula-maliboho ba thusang ’me kapele kamor’a moo, bo-pula-maliboho ba kamehla (baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng). Ho tloha nakong eo ba ile sebakeng se thokoana, moo beng ka bona ba bang le ba bang ba ipakileng ba amohela ‘litaba tse molemo’ haholo. Ke thabo e kaakang ho bona ho bona phutheho e ncha e theoa moo, e nang le batho ba bang teng libokeng kamehla ba fetang 30!

Tabeng e ’ngoe, tichere ea sekolo se bohareng ea utloela hore monna e mong motseng o latola thuto ea Boraro-bobong. Thahasello ea eona ea tsoha, tichere ea leka ho kopana le monna eo, ’me ho buisana le eena ha isa thutong ea Bibele. Likhoeli tse ’nè hamorao, tichere ea sekolo ea lemoha hore e ne e bile karolo ea tsamaiso ea lefatše ea bolumeli ba bohata, eo a ileng a ikarola ho eona hantle, a lateloa ke litho tse ling tse peli tsa lelapa la hae.—Tšen. 18:4.

Ha monna enoa a kolobetsoa e le paki ea Jehova, kereke eo a neng a e kena pele ea hlokomelisa “mehlape” eohle ea eona e naheng eo ka mangolo ka eena. Empa ho ananela kamano ea hae le Jehova ha mo susumeletsa hore e be pula-maliboho ea thusang hang feela kamor’a ho kolobetsoa, ho lateloa ke tšebeletso ea bopulamaliboho ba kamehla hang kamor’a moo. Hona ha ama phetoho e ’ngoe e khōlō bophelong ba hae. A tlameha ho tela setulo sa hae se hlomphuoang haholo sa ho ruta ’me a khutlele bophelong bo tlase ba bolemi. Kaha Rwanda e na le baahi ba bangata haholo ’me karolo ea 97 lekholong ea baahi ba eona ke balemi, mosebetsi oa ho iphelisa o fokola haholo ’me ha o fumanoe ke letlotlo. Empa monna enoa a fumana thabo e khōlō haholo ho feta pele, ho kopanyelletsa ho bona liithuti tse ngata tsa hae tsa Bibele li kolobetsoa.

Tichere e ’ngoe, e phela sebaka se hole bo nkang leeto la halofo ea letsatsi ho ea toropong e haufi, ea utloa molaetsa oa ’nete ha e etetse motse oa Rwanda o nang le univesithi. Ka baka la ho ba thōko ha hae le maeto a lefelloang haboima, thuto ea Bibele ea tlameha ho tšoaroa ka poso, e tiisoa ke maeto a mabeli feela a botho kamor’a likhoeli. Empa hona ho ne ho lekane ho mo khanna hore a bolele ‘litaba tse molemo’ ho bahaelani, metsoalle le liithuti tse ling tsa hae. Kamor’a nako, mosali oa hae le eena a amohela tšepo ena.

Kapele monna enoa a talimana le qeto: Khaotsa ho bolela kapa u lahleheloe ke mosebetsi. Qeto ea hae ea hlaka, o ne a tla tsoela pele ho bolella ba bang ka ’muso oa Molimo. Ba bang ba mo hlokomelisa hore o tla lapa. Leha ho le joalo, hase feela hore bophelo ba lelapa la hae le ba hae ’meleng bo ntlafetse, empa hape o tsoela pele hamolemo haholo moeeng. Ba bang har’a beng ka eena ba fetohile bafo ba ’muso oa Molimo, hammoho le ba bang ba bangata ho liithuti tsa hae tsa nakong e fetileng. ’Me ka thuso ea pula-maliboho ea khethehileng, ho sa tsoa theoa phutheho e ncha sebakeng seo. Ha ho hetloa morao, motho a ka bona hore bohlokoa bo boholo ba thuto ea Bibele bo etsoang ka ho ngollana moo maeto a botho a sa khoneheng bo molemo.

HO HLŌLOA LITŠITISO

Ho itohella bolumeling, khanyetso, mathata a mosebetsi le ho lula sebakeng se thoko li hlōtsoe ke ba bangata ba nkileng Bokreste ba ’nete Rwanda. Mathata a mang a hlōtsoeng a ne a ama boitšoaro bo bobe, mekhoa e metseng ka metso ea ho tsuba le ho noa ho tlōtseng. Bomorabe e sa le tšitiso e ’ngoe eo Bakreste ba lokelang ho e hlōla.

Joale, hape, ho teng borapeli ba baholoholo le litšebeletso tse tsamaeang le bona. Mokhoa oa rugo (ntlo e motopo e etselitsoeng seotloana) e na le ntloana e hahiloeng ka ho khethehileng bakeng sa baholo-holo ba shoeleng. Batho ba bangata ba sa ntsane ba nyehela mahlabelo ao ho oona mali le joala li nkang karolo. Pontšo e totobetseng haholo ea borapeli ba meea e bonahala ha ho hlahile lefu, ho kula le mathata a bonahalang. Ka tlhaho, mekhoa e joalo e tloheloa ke ba nkang borapeli bo hloekileng ba Jehova.

Ka mohlala, monna e mong oa lelapa e monyenyane a itokolla bongakeng ba boloi. E le seithuti se matla sa bongaka ba boloi, o ne a se a fihlile moo joale e tla ba selaoli ka boeena. Halofo ea chelete eo a neng a e fumana ka khoeli e ne e reka matlalo a linkoe, meno a litau, moriri oa litlou, le lintho tse ling tse ngata tse amanang le boloi. Le mohla letsatsi la hae la lechato ka boineelo a bitsa meea. Leha ho le joalo ho kula ha ’na ha mo manama ’me hamorao ha manama le mosali oa hae.

Kamor’a ho kopana le Lipaki tsa Jehova ka nakoana ka lekhetlo la pele, mosali oa monna enoa a khahloa ke ho bona lebitso “Jehova” ho Jeremia 16:21 Bibeleng ea hae ea Kinyarwanda ’me kahoo a memela Lipaki ka tlung. Khahleho ea tsosoa, ’me ka letsatsi le leng banyalani bana ba e-ba teng sebokeng sa Bokreste seo ho sona ho ileng ha fanoa ka puo ka meea le boemo ba bafu. Boitsebiso bona ba ama monna enoa haholo. A ea lapeng, a bokella thepa eohle ea hae e amanang le borapeli ba meea—lisebelisoa tsa theko e fetang $250 (U.S.)—’me a chesa lintho tsena, mosebetsi o ileng oa mo nka lihora tse tharo le metsotso e mashome a mararo. (Bapisa Liketso 19:18, 19.) Ba babeli bana ba makala haholo ke ho bona bophelo ba bona bo ntlafala ka potlako kamor’a moo! Ka letsatsi le leng, mosali a ba etela, ’me, hoba a utloe ‘litaba tse molemo,’ a ikutloa a lokolohile lilemong tse telele tsa puso ea meea. Ka baka la seo, a ithuta Bibele ’me a ba teng libokeng tsa Bokreste le monna oa hae. Ho sa le joalo, monna oa rōna e monyenyane oa lelapa o entse liphetoho tse ling tse hlokahalang bophelong ba hae ’me o tšoantšelitse boineelo ba hae ho Jehova, ea mo bontšitseng mamello e kana le mohau.

MOEA OA BOITELO

Ho khatholla pelo ho hlokomela moea oa masene, kananelo le boithaopo ho etsa boitelo bo totobetseng har’a bana ba sa tsoa qala ho latsoa mosa o lerato oa Jehova. Monna e mong o ne a e-na le chelete e lekaneng feela ho lefella leeto la ho ea kopanong ea potoloho. Eaba o qala ho tsamaea ka maoto, kamor’a ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 65 ka maoto, a fihla bohareng ba leeto la hae, ’me a fumana ntho e palangoang ho ea kopanong. A thaba haholo ke ho ba moo!

Le haeba mokhoa oa ho tsamaea o le teng, hangata makoloi ha a tsamaee hamonate hakaalo. Motho a ka ’na a tlameha ho palama terakeng ka morao kapa holim’a mashala, patsi, tsoekere kapa lino tse ka libotlolong. Baqhobi ba hlokometse hore sebaka se seng le se seng sea sebelisoa, ba qobella batho ba ka bang 50 kamor’a teraka e nyenyane—molemong oa chelete! Ho sena u phaelle ho qhoma litseleng tse mpe tse majoe, le lipula tse nang ka nako e ’ngoe, ’me u ka bona hore na ho tsamaea, mabakeng a mangata ke ntho e joang. Empa Bakreste ba entse maeto a joalo ba sa belaele e le hore ba ka thabisoa le ho khatholloa likopanong tsa bona tsa potoloho.

Ho tloha Rwanda ka 1979 ho ea kopanong ea lichaba e neng e le Nairobi, Kenya, ho bile thata haholo. Baromuoa ba kopano ba 29—ba baholo le bana ka ho tšoana, ba ile ba tšoaroa boholo ba letsatsi ke masole a Uganda, e neng e busoa ke Idi Amin ka nako eo. Ba qetella ba fihlile Nairobi, leha ho le joalo, baromuoa bana ba ananela haholo ho ba teng kopanong e putsang moeeng joalo le balumeli bahabo bona ba tsoang linaheng tse 28.

Ho ananela leseli la ’nete le mosa o sa tšoanelang oa Jehova le hona ho totobala moeeng oa “bopula-maliboho” oa bahoeletsi ba bangata ba ’Muso Rwanda. Ka karolelano, ’moleli e mong le e mong ea seng mosebetsing oa boboleli ba nako e tletseng o sebetsa pakeng tsa lihora tse 20 le tse 25 ka khoeli ho boleleng ‘litaba tse molemo’ ho ba bang le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele tse fetang e le ’ngoe tsa beke le beke le batho ba khahlehang. ’Me hangata ho ’nile ha etsahala hore mohoeletsi e mocha o tlalehile lihora tse fetang 50 mosebetsing oa boevangeli le lithuto tsa Bibele tse tharo, tse ’nè kapa tsona tse hlano le ba bang har’a khoeli.

Empa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o sa ntsane o saletse ho etsoa naheng ena e nyenyane e ntle ea Afrika. Ha u haola ka sefofane holim’a Rwanda, motho o bona matlo a mangata a qalikaneng. Ntle ho lithota tse nosetsehileng hantle tsa Akagera National Park ka bochabela, batho ba bangata ba phela mathōkong a linōka a mongobo a naha, holim’a maralla, haufi le masimo a tee, mesikong ea lithaba e nang le meru e neloang ke pula, likoung tse ngata tsa matsa a matle a tlas’a maralla, ba bile ba fihla holimo lithabeng moo ho lulang litšoene merung e mesikong ea Virunga. Ho ntse ho etsoa boiteko ba ho fihla ho ba bangata ba batho bana kamoo ho ka khonehang, ka maeto ka malapeng a bona a kenehang habonolo le ka ho kopana le bona mohla ba ileng ’marakeng.

Lipaki tsa Jehova tse mona li leboha mamello ea Molimo le menyetla ea bona ea ho thusa ba bang hape hore ba iphe monyetla ona. Mamello ea bomolimo ruri e ka nkoa ‘e le poloko’ bakeng sa ba bangata, joalokaha ho totobala ka letšoele le thabileng la barapeli ba Jehova Rwanda.—2 Pet. 3:15.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela