Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/1 leq. 14
  • Maele a Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maele a Bohlale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/1 leq. 14

Maele a Bohlale

“Otla mosomi, ’me sethoto se tla hlalefa, u laee motho ea kelello, o tla rua tsebo.” Polelo ena e bohlale ea Liproverbia 19:25 e re hlokomelisa ka mekhoa e ’meli ea taeo.

Motho ea se nang tsebo kapa eo e leng motho feela hore a ithute bohlokoa ba ho qoba liphoso, ho ka ’na ha hlokahala hore a bone kotlo e boima e oela mofosi ea pelo e thata. Le haeba ketso eo e matla e lokisa mofosi kapa che, bonyane e sebeletsa ho ruta ea se nang tsebo. Ho eena mohlomong etlaba sethibelo se matla. Leha ho le joalo, motho ea nang le kutloisiso ha a hloke thuto e lemosang ka matla joalo. Hangata ho lekane ho eena hore a utloe mantsoe a boleloang boinotšing a taeo; kapele o amohela keletso ’me a e sebelise.

Batsoali ba bangata ba bone bonnete ba mantsoe ana, kapa ba sa ntsane ba ka etsa joalo ‘’me ba fumana melomo ka oona. Ka nako e ’ngoe ho hlokahala hore ngoana a talimane le taeo e matla e kang ho shapuoa (a bona ho etsoa ho e mong, kapa a ho utloa ka boeena) hore a tle e ithute ho qoba tsela e fosahetseng. Empa mabakeng a mangata moo ngoana a qophellang hore ka linako tsohle a fumane khalemelo e mo lokisang ho batsoali, o tsoela pele ho isa ntlheng eo ho eona a tsebang ho ithuta ka mantsoe a batsoali a taeo kapa a keletso. Hoo ka bohona etlaba thuto ea bohlokoa bophelong bohle.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela