‘U se Ahlole ba Bang’
Batho ba sa phethahalang ba tloaetse ho ipapisa le ba bang ’me ba etse liqeto ka hore na batho ba bang ba tšoaneleha hakae. Hangata liqeto tsena li theiloe ho seo motho a se ratang kapa li susumetsoa ke hore na motho o tsoa kae kapa thuto.
Bakreste ba ’nete, leha ho le joalo, ba ikalose ho talimeng ba bang leseling le fosahetseng. Moapostola oa Mokreste Pauluse, ha a bua ka ho jeoa ha lijo, o beile motheo o ka re thusang ho leka-lekana ntlheng ena ea bohlokoa ea bophelo. O ngolile: “Ea jang tsohle a se ke a nyelisa ea sa jeng tsohle, ’me ea sa jeng tsohle le eena a se ke a ahlola ea jang tsohle; hobane Molimo o mo amohetse.”—Ba-Roma 14:3.
Jehova Molimo o amohela bohle ba batlang ho etsa thato ea hae. Ke hobane’ng ha motho leha e le mang a ka nyelisa kapa a ahlola ba bang motheong oa seo ba se etsang ka botho? Tabeng eo ho buisanoang ka eona, ea neng a e-ja nama ka letsoalo le khutsitseng o ne a ka ’na a nyelisa ea sa e jeng, a mo nka a nahanela haholo, e le ea feteletseng. Le teng, ea sa jeng o ne a ka ’na a ahlola ka phoso ea jang nama hore ke motlōli oa molao, moetsalibe. Mokreste ea tsitsitseng lintlheng tse joalo tsa bophelo—le haeba li amana le lijo kapa lino, le boithabiso, liaparo kapa tse joalo—o hlokomela hore e mpa e le mohlanka kapa lekhoba la Molimo feela ’me ha a le joalo ha a na tokelo ea ho lekanyetsa ba bang motheong oa maikutlo a hae a botho. Ka hona ha ho fihloa linthong tse amang boikhethelo ba botho, ha a nyelise balumeli ba bang kapa ho ba ahlola hore ke bafosi.