“Boholo ba Oona bo Fetisisang”
Mopesaleme o boletse: “Rorisang Molimo sehalalelong sa oona, o roriseng leholimong le entsoeng ke matla a oona! . . . O roriseng ka ho ea ka boholo ba oona bo fetisisang!” (Pes. 150:1) “Sehalalelo” ka ho totobetseng ke sebaka seo Molimo o lulang ho sona, maholimong. Kaha polelo “sehalalelo” e sebelisoa tekanyong le “boholo,” ka ho totobetseng boholo bo supa sebaka se sa bonahaleng sa moea. Moo maholimong matla kapa bonatla ba Molimo li bonoa ka ho totobetseng. Ka baka leo, ke ‘boholo bo fetisisang ba matla a oona.’ Ka sebele rōna batho ba mona lefatšeng re lokela ho roka Jehova ea lutseng teroneng e holimo “sehalalelong,” ‘boholong ba oona bo fetisisang.’