Kahlolo ea Bomolimo ho Baprofeta ba Bohata ba Bojakane
1, 2. (a) Ho profeta lintho tse molemo tse tla tla ho se nang motheo ho re phetlela moleko ofe? (b) Khang e fetang tsohle e tla khaoloa joale ke efe, ’me ke eng se e etellelitseng pele?
TLHAHONG bohle re rata ho utloa boprofeta ba lintho tse molemo tse tla tloha li tla bophelong ba rōna. Hona ho re phetlela moleko o moholo. Re ka ’na ra rata ho amohela boprofeta bo bong e le ’nete hobane re bo rata, empa e seng hobane bo e-na le motheo o tiileng kapa mohloli o nang le matla. Hona ho ka re susumelletsa ho nka bohato bo tla fella ka kotsi ho rōna. Ho joalo haholo ha ho ameha bokamoso ba rōna ba ka ho sa feleng. Ho joalo HONA JOALE! Ho joalo hona joale hobane’ng?
2 Lebaka ke hore khang e phahameng ho tsohle e lokelang ho khaoloa hona joale e tobane le batho bohle. Khang eo, Ke mang ea tla busa lefatše? Se etellelitseng khang eo e laolang pele ha se ntoa e sa feleng pakeng tsa mekhatlo e lokolohileng, lichaba tsa puso ea leruo le tsa botsoalle, le lichaba tsa Bokomonisi. Ho e-na le hoo, boboleli bo entsoeng ke Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste ka ’muso oa Hae ka Kreste ke lona lebaka le entseng hoo. ’Muso oo o lokela ho busa kaha Mehla ea Balichaba e felletse ka 1914.
3. (a) Kahoo batho ba tlamehile ho nka bohato mabapi le khang efe? (b) Ke hobane’ng ha lichaba tsa Balichaba li tšoanela ho neela borena ba tsona ho Jehova?
3 Batho ba utloileng boboleli ba ’Muso ka lipuo tse ka bang 190 lefatšeng ka bophara ba ile ba tlameha ho nka lehlakore. Na joale ba emetse borena bo loketseng ba Jehova ka Kreste kapa che? Lefatše lena leo re phelang ho lona ke thepa ea ’Mōpi oa lona, e seng rōna libōpuoa. Ho ea kamoo nako e baloang kateng bukeng ea ’Mōpi, Bibele, nako eo a neng a e abetse puso ea lefatše ka lichaba tsa lefatše, ho akarelletsa tseo tsa Bojakane, e felile hoetla ka 1914. O ile a tšoaea ho fela ha Mehla ea Balichaba e joalo ka’ng? Ka ‘ho nka matla a hae a maholo’ ho busa e le Morena le ka ho kopanyelletsa Mora oa hae oa leholimo, Jesu Kreste, ’musong oa hae oa lefatše o tsoang leholimong. (Tšen. 11:15-18) Kahoo Mora oa hae joale oa busa. (Ezek. 21:25-27) Joale ke nako ea hore lichaba tsa Balichaba li neele borena ba tsona ho Jehova.
4, 5. (a) Ke kotsi efe Bochabela bo Hare e neng e le teng morao ka 614 B.C.E.? (b) Ka nako eo ho ne ho etsahetse joang ka mafiso a halalelang a tempele ea Jerusalema, ’me ke joang feela boprofeta ba Hanania ka oona bo neng bo ka netefala?
4 Morao koana ka 614 B.C.E. boemo bo joalo bo ne bo le teng ’Musong oa Juda. Ka nako eo ho ne ho le teng kotsi ea lefatše! E tsoang hokae? Ho seo Molimo o ileng oa se bitsa ‘lichaba tsa leboea.’ Hona ho ne ho bolela ’Muso oa Lefatše oa Bababylona, o neng o tla futuhela Bochabela bo Hare ka tsela e hlahang ka leboea. (Jer. 1:13-15; 25:9, 26) Bochabela bo Hare bo ne bo se ntse bo le tlas’a puso ea Morena Nebukadnezare oa Babylona. Hona ho bile joalo haholo ho tloha ka 620 B.C.E., ha Jojakime oa Jerusalema a fetoha morena oa mohlanka oa Babylona. Moena oa hae Tsedekia a ipakahatsa ho ba morena oa mohlanka ea qetellang oa motse o halalelang, Nebukadnezare a mo bea teroneng kamor’a hore a mo laele hore a hlapanyetse ho ba tlas’a hae. Eare ha Nebukadnezare a tloha Jerusalema ho khutlela hae, a nka morena ea theotsoeng teroneng Jojakine le mahosana a Bajode ho ba isa botlamuoeng. Hape a nka lipitsa tsa khalalelo tempeleng ea Jehova, a li bea ka matlung a melimo ea bohata Babylona. Lipitsa tseo tse halalelang le lintho tse ling tsa bohlokoa tse tsoang thepeng e hapiloeng Jerusalema li ne li tla lula Babylona ho fihlela neng? Potso eo e bile le khang e matla selemong sa bone sa puso ea Tsedekia.
5 Moprofeta oa bohata ea bitsoang Hanania mor’a Azzure a inka hore o bua ka lebitso la Jehova ’me a qaqisa hore, ‘Ha ho phethehile lilemo tse peli.’ Hoo ho ne ho tla etsahala feela haeba ka nako eo Babylona e ne e tla be e lihiloe ’me Egepeta e khutletse pusong ea lefatše. Ka boprofeta ba Hanania khahlanong le Babylona o ne a kenya moea ho ba neng ba ikhethela ho futuhela Nebukadnezare oa Babylona ka bochaba. Kahoo hona ho hanana le taelo ea Jehova le keletso e seng e boletsoe ke Jeremia.
6. Ho ea ka Jeremia 28:8, 9, boprofeta ba Hanania bo fapane joang le ba baprofeta ba bileng pele ho Jeremia?
6 Kaha Hanania o ne a tsosa tšepo ea bohata bakeng sa naha ea Juda, Jeremia a phetha mantsoe a hae a karabelo pel’a baprista bohle le sechaba tempeleng ka ho re: “Baprofeta ba bileng teng pele ho ’na le pele ho uena, mehleng ea khale, ba ’nile ba profeta bakeng sa mafatše a mangata le sa mebuso e meholo hore ntoa le tlala le lefu la seoa li tla ba teng. Ha e le moprofeta ea profetang tsa khotso, ha lentsoe la moprofeta eo le ka etsahala, moprofeta eo o tla tsejoa ka hoo hobane o romiloe ke Jehova ka ’nete.”—Jer. 28:1-9, bapisa NW.
7. Jesu Kreste o hlile a bolela eng ka mehla ea rōna ho tloha ka 1914, ’me ke potso efe e hlahileng kajeno ka ba bolelang ’nete?
7 Moprofeta e moholo oa Jehova, Jesu Kreste, o hlile a bolela ntoa, tlala, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše le likoluoa tse ling bakeng sa mehla ea rōna ho tloha ka 1914, hona hohle ho tla fihla tlhorong ka ‘mahlomola a maholo’ ao ho seng a kileng a lekana le oona paleng eohle ea motho e fetileng. (Matt. 24:4-22) Kajeno Lipaki tsa Jehova li supa kamoo boprofeta ba Jesu bo phethahetseng ka ho tsoetseng pele ho tloha ka 1914. A hla a bolela khotso e sa tsitsang bakeng sa lefatše lena nakong e latelang hang-hang, hona molokong ona. Ke bo-mang, he, ba rōmiloeng ke Jehova ’me ke bo-mang ba buang ka lebitso la hae, baruti ba Bojakane ba profetang ho fapaneng le hoo, kapa sehlopha sa kajeno sa Jeremia? Liketsahalo tsa kamoso li tla tšoaea ba buang ’nete.
8. Kamor’a karabo ea Jeremia, Hanania a nka bohato bofe bo matla, ’me joale a profeta eng ka nako eo?
8 Moprofeta oa bohata Hanania o tlameha a be a ile a kholiseha ka katleho ea lichaba tsohle ea ho loantša “mohlanka” oa Jehova, hoba joale o ile a nka bohato bo matla:
“Eaba . . . o nka joko molaleng oa moprofeta Jeremia, a e robakanya. Hanania a bolela pontšeng ea sechaba kaofela, a re: Ho itsoe ke Jehova: Ke tla robakanya joalo joko ea Nebukadnezare, morena oa Babylona, molaleng oa lichaba tsohle, lilemo tse peli ha li [phethehile].”—Jer. 28:10, 11 bapisa NW.
9. Jehova joale a bolella Jeremia hore a re’ng ka se tla etsa lijoko, hona hobane’ng?
9 Leha ho le joalo, na boprofeta bo joalo bo ne bo tla fetoha ’nete hobane feela bo boletsoe ka lebitso la Jehova? Che! Jehova o ne a ke ke a etsa se profetiloeng ke Hanania ’me ka eona nako eo a phethahatsa boprofeta bo hananang le boo ba Jeremia. Kahoo, ho fetohela ha lichaba tsohle “mohlanka” oa Jehova ea boletsoeng ho ne ho tsoiloe! Jehova a re ho Jeremia hamorao: “E-ea, u bolelle Hanania, u re: U robakantse joko ea sefate, empa u tla etsa joko ea tšepe bakeng sa eona. Hobane ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Ke bea joko ea tšepe molaleng oa lichaba tseo tsohle, li tle li sebeletse Nebukadnezare, morena oa Babylona, ’me li tla ’ne li mo sebeletse; ke mo neile le liphoofolo tsa naha.” (Jer. 28:12-14) Ka baka leo, ha ho bolotsana bo reroang lichabeng tsohle bo fehliloeng ke Hanania bo neng bo tla atleha. Ho feta moo, hore Jehova a neele le tsona “liphoofolo tsa naha” matsohong a Nebukadnezare, Jehova o ne a tla mo neela masimo a balotsana bao ba lichaba tsohle.
MOETA-PELE OA BOLUMELI O FUMANA MOPUTSO OA HAE
10. ke bohato bofe boo sehlopha sa Jeremia se filoeng matla a ho bo nka ka baruti bao, joaloka Hanania, ba tšehetsang bolotsana ba lichaba khahlanong le Jehova?
10 Kajeno baprofeta ba baruti ba Bojakane ka ho pepenene ba tšehetsa bolotsana ba lichaba tsohle bo reroang ho loantša ’muso oa Jehova ka Kreste oa hae. Lipaki tsa Jehova ha lia neoa matla a ho bolela kahlolo ea lefu ho bona leha e le bafe. Empa li nka polelo e bululetsoeng ea Jehova ’me li e sebelisa ho baprofeta ba bohata ba baruti, bao, joaloka sehlopha, ba hlileng ba tšoantšetsoa ke Hanania. Kahoo, ha re ke re baleng joale ka bohato ba Jeremia ba boprofeta:
“’Me moprofeta Jeremia a bolella Hanania moprofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a u roma, ’me uena u hlile ua tšepisa sechaba sena ka leshano. Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova: Bona, ke ea u hlakola lefatšeng, u ea shoa monongoaha, hobane u bile ua bolela koeneho bakeng sa Jehova.—Jer. 28:15, 16.
11. (a) Hanania a boela a phela halelele hakae? (b) Baruti ba Bojakane ka ho tšoanang ba molato oa eng, ’me kahoo sehlopha sa Jeremia se lokela ho supa eng pepenene?
11 Hanania, ’muelli oa bofetoheli bo pepenene khahlanong le Jehova ba balotsana ba lichaba, a phela likhoeli tse peli hamorao ho moo. “’Me Hanania moprofeta a shoa selemong sona seo [614 B.C.E.], ka khoeli ea bosupa.” (Jer. 28:17, 1) Leseling la tšoantšiso ena ea boprofeta ea mehleng ea khale, ho thoe’ng ka baprofeta ba bohata ba baruti ba Bojakane kajeno? Ba tšehetsa babusi ba lipolotiki ha ba hana ho lia melala ea bona tlas’a joko ea Morena le Mohlanka oa Jehova, ea moholo haholo ho feta Nebukadnezare oa boholo-holo. Sehlopha sa Jeremia se ke ke sa nka leoto le baruti ho sena. Se tlameha ho tsoela pele ho supa tlokotsi eo baruti ba isang lichaba ho eona.
12. Bakeng sa Bajode ba neng ba se ba le botlamuoeng Babylona, Jeremia o bile le molaetsa ofe o tsoang ho Jehova ka baprofeta ba bohata Akabe le Tsedekia?
12 Mehleng eo ea boholo-holo ea pherekano ea bopolotiki Bochabela bo Hare, le bona Bajode ba neng ba se ba le Babylona ba ne ba e-na le baprofeta ba bohata har’a bona. Bakeng sa baprofeta bao ba maiketsetso ba neng ba haha tšepo ea leshano har’a Bajode ba botlamuoeng lefatšeng la Nebukadnezare, Molimo oa rōmela molaetsa ona ka Jeremia:
“Le mpeng le mamele lentsoe la Jehova, lōna ba kholehong kaofela, bao ke ba ntšitseng Jerusalema, ke ba isitse Babylona. Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele, bakeng sa Akabe, mor’a Kolaia, le sa Tsedekia, mor’a Maaseia, ba ntseng ba le profetela leshano ka lebitso la ka: Bonang, ke ea ba neela matsohong a Nebukadrezare, morena oa Babylona, a tle a ba bolaee mahlong a lōna. Ho tla nkoa lentsoe la thohako ho bona ke ba kholeho kaofela ba Juda ba leng Babylona, ba tla re: Jehova a ke a u etse joale ka Tsedekia le joale ka Akabe, bao morena oa Babylona a ba chesitseng mollong. Hobane ba entse manyala har’a Iseraele, ba febile le basali ba banab’abo bona, ba hlile ba bolela mantsoe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, ’me ke paki, ho bolela Jehova.”—Jer. 29:20-23.
“Mohlanka” oa Jehova, Nebukadnezare, ntle ho pelaelo o bile le mabaka a utloahalang a lipolotiki a ho chesa Tsedekia le Akabe mollong, hobane, ho fapana le keletso ea Jehova, ba ne ba sebetsa khahlanong le lithahasello tsa Babylona.
13. Na batlamuoa ba Bajode ba ne ba tla lebella topollo ea ka pele Babylona, ’me kahoo lengolo la Jeremia la ba laela ho etsa joang?
13 Mantsoe a qotsitsoeng ka holimo e ne e le karolo ea lengolo le Jeremia a ileng a le rōmela le tloha Jerusalema ho ea ho baholo ba botlamuoeng, baprista, baprofeta le sechaba se hole Babylona, a le nea Elasha mor’a Shafane le Gemaria mor’a Hilkia, ha Morena Tsedekia a ba rōma ho tloha Jerusalema e le manqosa a mabeli ho ea ho Morena Nebukadnezare Babylona. (Jer. 29:1-3) Lengolong leo la Jeremia, Jehova a bolella batlamuoa hore ba se ke ba lebella ho lokolloa kapele Babylona, empa hore ba lule moo le ho nyala ’me ba ate. Ho e-na le ho rera bofetoheli, “le ke le batlele motse oo ke le isitseng kholehong teng khotso, le o rapelle ho Jehova, hobane khotsong ea oona le tla ba le khotso le lona. . . . Hobane ho itsoe ke Jehova: Lilemo tse mashome a supileng etlare ha li se li phethehile bakeng sa Babylona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantsoe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.”—Jer. 29:4-10.
14. Joaloka moprofeta oa boholo-holo, sehlopha sa Jeremia se eletsa Bakreste ba kolobelitsoeng ho ba eng kae le kae moo ba leng teng?
14 Bonneteng ba setšoantšo sa Jeremia, sehlopha sa kajeno sa Jeremia se khothalletsa lipaki tsohle tse ineetseng le tse kolobelitsoeng tsa Jehova ho utloa molao, e be baahi ba nang le khotso ba linaha tseo, ka puo ea moea, e leng “basele le baeti” ho tsona. (1 Pet. 2:11-15) Ka boikokobetso ba bona bo nang le moeli ho ‘marena a maholo’ hape ba boloka khotso le Molimo.—Ba-Roma 13:1-4.
15. Moprofeta oa bohata Shemaia Babylona o ne a entse’ng, ’me a belaela ka hore’ng ho ‘molebeli e moholo’ oa tempele ea Jerusalema?
15 Le pele lengolo la Jeremia le qaptjoa le ho rōmeloa, moprofeta oa bohata ea neng a le botlamuoeng Babylona ka nako eo, e leng Shemaia oa Nehelame, o ne a rōmetse mangolo ho Sofonia mor’a Maaseia, ‘molebeli e moholo’ oa tempele ea Jerusalema. Kahoo lengolong la Jeremia le eang ho batlamuoa ba Babylona, Jehova a supa sena ’me a re:
“Bakeng sa Shemaia mo-Nehelame, u bolele, u re: Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Ekare ha u rometse mangolo ka lebitso la hao ho sechaba kaofela, se Jerusalema le ho Sofonia, mor’a Maaseia, moprista, le ho baprista kaofela, a reng: Jehova o u beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore u ’no u be mohlahlobi ka tlung ea Jehova, bakeng sa motho e mong le e mong ea hlanyang, ea iketsang moprofeta, hore u tle u mo kenye metšoasong le teronkong. ’Me joale, ha ua ka ua khalemela ke’ng Jeremia oa Anathothe ea ntseng a le profetela? Hobane ke ka baka leo a rometseng litaba ho rōna Babylona, a re: ho sa tla isa halelele; hahang matlo, le ikahele teng; lemang masimo, le itjelle lijo tsa ’ona.”—Jer. 29:24-28; bapisa Jeremia 29:4-6.
16. ‘Molebeli e moholo’ oa tempele o ile a etsa joang ka lengolo le tsoang ho Shemaia, ’me joale Jeremia a bululeloa hore a re’ng ka Shemaia?
16 Leha ho le joalo, ha a amohela lengolo la Shemaia, moprista Sofonia ha a ka a kenya Jeremia metšoasong le teronkong, joalokaha e le ‘molebeli e moholo’ oa tempele. Pele a balla Jeremia lengolo. (Jer. 29:29) Joale?
“Eaba lentsoe la Jehova le tla ho Jeremia, la re: U romele taba ho ba kholehong kaofela, u re: Ho itsoe ke Jehova bakeng sa Shemaia mo-Nehelame: Ekare ha Shemaia a ntse a le profetela, kanthe ha kea ka ka mo roma, ’me a hlile a le tšepisa ka leshano; ka baka leo, ho itsoe ke Jehova: Bonang, ke tla khalemela Shemaia, mo-Nehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho oa hae ea ahang har’a sechaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa sechaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho koeneheloe Jehova.”—Jer. 29:30-32.
17. Ke hobane’ng ha ho fetohela Babylona ho neng ho fehliloe ke Shemaia le hona e ne e le ho fetohela Jehova?
17 Ka seo Shemaia a neng a se profeta le ho se ngola o ne a fehla phetohelo ho Morena Tsedekia oa Jerusalema e tšehelitsoe ke Faro oa Egepeta, eo e neng e le mohanyetsi ea manganga oa ’Muso oa Lefatše oa Babylona. Empa phetohelo e joalo e ne e tla ba ho fetang ho fetohela Babylona. Hape e ne e tla ba ho fetohela Jehova, ea neng a sebelisa morena oa Babylona ka nako eo e le “mohlanka” oa hae. Kahoo Jehova e ne e le Morena oa leholimong oa morena oa Babylona. Ka baka leo, ho fetohela Babylona e ne e tla ba haholo-holo ho fetohela Jehova.
LETELANG JEHOVA KA HO SE NKE LEHLAKORE HA BOKRESTE
18. Shemaia o ne a leka ho etella Jehova pele joang, ka phello efe ho eena le bana ba hae?
18 Shemaia ea Babylona o ne a sa batle ho letela Jehova hore a lopolle batlamuoa ba Bajode, bao e neng e le e mong oa bona. O ne a sa lumele boprofeta ba pelenyana ba Esaia 44:28 ho ea ho 45:4 ka Khoresh kapa Cyruse Mopersia, ea neng a tla liha Babylona le ho khutlisetsa batlamuoa ba Bajode naheng ea habo bona. Kahoo, Shemaia o ne a batla ho etella Jehova pele. A rera ho sebetsa tsela ea poloko bakeng sa hae ka boeena le batlamuoa bahabo ka tsela ea hae. A ikhethela tsela e tla tlisa “joko ea tšepe” e tsoang ho Morena oa Babylona molaleng oa ’muso oa Juda oa bohlanka. (Jer. 28:13, 14) Kahoo, ha ho topollo e neng e tla tlela Shemaia mofetoheli. Bana ba hae ba ne ba tla felisoa, ba sa nke karolo ho khutlisoeng ha Iseraele!
19. Ke tsela efe e phehelletsoeng ke ba neng ba tšoantsetšoa ke Shemaia ba kajeno ho tloha ka 1914?
19 Kajeno re etsa hantle ha re ela hloko keletso e fanoeng lengolong la Jeremia joalokaha e beiloe ho Jeremia 29:8, 9. Ka tsela ena re tla be re sa latele se neng se tšoantsetšoa ke mosusumelletsi eo oa boholo-holo oa hore ho fetoheloe tokisetso ea Jehova, Shemaia oa Nehelame. Baruti ba Bojakane, ba sa mamelang sehlopha sa Jeremia hoba Mehla ea Balichaba e fele ka 1914, ba ipakahalitse ba tšoana le “lifeiga tse bolila, tse se nang ho jeoa ke hoba li le mpe.” Baruti ba hlokomelisitsoe litšobotsi tsa “pontšo” e hlileng ea boleloa ke Jesu Kreste ’me ea phethahala ho tloha ka 1914, hoo ke hore, “lerumo” la ntoa tekanyong ea lefatše lohle, hape le “tlala” e senyang, le “mafu a seoa” a sa laoleheng le ho ‘qhalanngoa’ ha batho ba se nang thuso, le hona Bojakaneng bo ipolelang hore ke Bokreste. (Jer. 29:16-19; Matt. 24:4-20) Ho ntse ho le joalo baruti ba bontša hore ha ba lumele tlhaloso e hlalosoang ka Mangolo ea “pontšo,” ’me kahoo ha ba phehelle lichaba ho furalla borena ba tsona ba bosechaba ho neelana ka bona ho Morena le Mohlanka oa Jehova ea busang hona joale, Jesu Kreste, eo, ho tloha ka 1914, a kopanelang le Ntate oa leholimo ‘’musong oa lefatše,’ o moholo haholo ho feta ’Muso oa Babylona oa Nebukadnezare. Ho e-na le hoo, baruti ba lumella mano a entsoeng ke batho ’me ba tšehetsa Machaba a Kopaneng, e seng puso ea Molimo.
20. Ke kotlo efe e phethahatsoang holim’a bafetoheli ba borena, ’me kahoo re ka finyella poloko ea ka ho sa feleng joang?
20 Kajeno, har’a lichaba tsa lefatše, ho fetohela bobusi bo beiloeng ka molao kotlo ea hona ke lefu ho bafetoheli. Ka mokhoa o tšoanang, bofetoheli boo e seng ba Bokreste khahlanong le Jehova le Mohlanka le Morena oa hae bo ruisa timetso bakeng sa baeta-pele ka lebitso ba bolumeli ba Bakreste ba buang ‘ho koenehela Jehova.’ (Jer. 29:32) Timetso ea bona e hlile ea tšoantsetšoa ka e ileng ea phethahatsoa holim’a moprofeta oa bohata Shemaia le bana ba hae, ba sa kang ba bona “molemo” o Jehova a neng a rerile ho o etsetsa ba ikokobelitseng ho batho ba hae ba botlamuoeng. Kahoo ha ho kabelong ea rōna ho iphatela polokeho ea rōna ka potlako ka mekhoa e entsoeng ke motho. Ho fumana ha rōna poloko ea ka ho sa feleng ho lutse tiisetsong le ho ema ka tšepo re letetse Jehova ho re lopolla ka “mohlanka” e moholo ho Khoresh, kapa Cyruse Mopersia, e leng, ka Kreste Jesu.
21. Ke tsela efe joalokaha e boletsoe e sa le pele ke Jehova ho Jeremia 29:12-14 mabapi le batlamuoa ba ikokobelitseng eo re lokelang ho e etsisa kajeno?
21 Ho leka ha rōna ho etella Jehova pele ho ke ke ha tlisa topollo eo re e lakatsang hakana. Ho e-na le hore re furalle Jehova re mo lahla re sa nahane letho ka eena, ke hantle ha re etsisa ba ileng ba bona poloko ea Jehova ’me ba khutlisetsoa naheng ea habo bona ka nako eo a e khethileng. Tsela ea bona e lokelang ho etsisoa ke rōna Jehova o hlile a e bolela ka mantsoe ana: “Le tla bitsa ho ’na, le be le tle, le ithapelle ho ’na, ke le mamele. Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lōna. Ke tla ’ne ke fumanoe ke lōna.”—Jer. 29:12-14.
22. Ka baka la “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova,” re ka nka bohato ka tšepo efe bakeng sa nako e tlang?
22 Hona joale re haufi le bofelo ba “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova.” (Esa. 61:2) Kahoo, mohaung oa rōna, mantsoe a hae a sa ntsane a sebetsa ho rōna: “’Na ke tseba mehopolo ea ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lōna, ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ea khotso, e seng ea bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tšepisang.” (Jer. 29:11) “Qetello” eo Jehova a re hopoletseng eona ke e lakatsehang ka ho fetisisa, haeba re ikokobeletsa borena ba hae ba bokahohleng hona joale, ke ea bophelo bo sa feleng khotsong, naleng le thabong ka Morena le Mohlanka oa hae, Jesu Kreste. Ena ke tšepo eo Jehova a e beang ka pel’a rōna. Ka kananelo e feletseng, a re nkeng bohato tumellanong le eona.