Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/15 maq. 24-26
  • Abigaile—Mosali ea Bohlale ka ho Fetisisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Abigaile—Mosali ea Bohlale ka ho Fetisisa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • O Ile a Kokobetsa Boemo bo Kotsi
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Abigaile le Davida
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/15 maq. 24-26

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Abigaile—Mosali ea Bohlale ka ho Fetisisa

HO ABIGAILE, botle ba ’meleng le temoho li ne li leka-lekane hantle. Mosali enoa ea bohlale oa Karmele e bile mosali oa monna oa morui oa haufi le moo Maone. Monna oa hae e ne e le motho ea bohale, ea se nang kutloisiso ea neng a phelela lebitso “Nabale,” le bolelang “leoatla,” kapa “ea se nang kelello.”—1 Sam. 25:2, 3.

Bohlale ba Abigaile bo senoloa bohatong ba hae bo nang le qeto boemong bo amang Davida. Boemo bo ne bo le bobe hoo bo ka beng bo entse Davida ea molato oa mali pel’a Molimo le ho tlisetsa e mong le e mong e motona tlung ea Nabale lefu.

Nakong ea ha a boleloa hore ke molahloa ke Morena Saule, Davida a tsoela pele ho hlokomela likhahleho tsa Baiseraele ba habo. Ka mohlala, eena le banna ba hae ba sireletsa balisa ba Nabale le mehlape ho baleleri. Ka baka la sena, Davida a ikutloa hore ho loketse hore Nabale a neoe monyetla oa ho bontša kananelo ea hae bakeng sa tšebeletso tse tlatselitseng naleng ea hae. Nako ea ha ho kutoa linku ke eona e neng e tla ba monyetla o motle bakeng sa Nabale hore a bontše teboho e joalo. Ketsahalo eo e ne e etsoa joalokaha eka ke kotulo, e tsamaea le ho keteka.—1 Sam. 25:4-8.

Kahoo, ho tloha lefeelleng la Juda, Davida a rōmela baemeli ba 10 ho banna ho ea karmele, mosikong oa lefeella. Ke hona moo Nabale a neng a kuta linku tsa hae teng. Bakeng sa ho amohela banna ka mosa, a ba rohaka. Ha a utloa ka kamohelo e mpe, Davida, le banna ba hae ba nkileng marumo ba ka bang 400, ba rera ho ea bolaea Nabale le bohle ba batona ba ntlo ea hae.—1 Sam. 25:9-13.

Balisa ba Nabale ba hlokomela hore karabelo e lehloeo ea morena oa bona e tla ba tlisetsa khathatso feela. Ke ka baka leo e mong oa bahlanka a ileng a bolela ho Abigaile se etsahetseng. Kapele a hlokomela kotsi eo tsela ea Nabale e e beileng holim’a lelapa. A tseba hore ke ho se nang thuso ho leka ho etsa hore monna oa hae a inahane, Abigaile a nka boikhathatso ba ho sebetsa litaba ka nepo. Ho eena, ho tšoarella metheong e nepahetseng e ne e le habohlokoa ho feta ho khahlisa monna ea sa reng letho ka molao oa Molimo ka ho lefa botle ka bobe. Litokisetsong tse ngata tsa lijo tsa monna oa hae bakeng sa mokete, a nka lipolokoe tsa bohobe tse 200, makuka a mabeli a maholo a veine, linku tse hlano tse seng li lokisitsoe le liqhome, linkhoa tse 100 tsa morara le linkhoa tse 200 tsa lifeiga. A li belesa lieseleng, lijo tsena tsa isoa ho Davida ka matsoho a bahlanka. Abigaile a ba latela ka boeena.—1 Sam. 25:14-19.

Ha a khahlana le Davida, a mo inamela ’me a mo rapela hore a se ke a iphetetsa. Thapeli ea hae ea kopanyelletsa lintlha tse latelang tsa motheo: Nabale ke leoatla, ‘motho oa lefeela.’ Hona ha etsa eka o tlas’a thohako ea bomolimo le hore Jehova o tla nka bohato ka eena. Ka hore linnete li tekoe ka pel’a hae, Davida o ne a thibeloa ke Jehova ‘ho kena molatong oa mali.’ Joale ho le teng boipiletso ba ho amohela lijo bakeng sa banna ba hae.—1 Sam. 25:23-27.

Ho latelang, ka tumelo e feletseng ho hore Jehova o sebelisa Davida, Abigaile a tsoela pele: “Jehova a etsetse mong a ka ntlo e tiileng; hobane ke uena, monghali, ea loanang lintoa tsa Jehova, ’me bobe ha boa ka ba fumanoa ho uena le ka mohla o le mong. Leha motho a ka tsoha ho u hlorisa le ho u bolaea, moea o monghali o tla phutheloa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Molimo oa hao. Ha e le bophelo ba lira tsa hao, bo tla lahleloa hole, ka mokhoa o kang oa tsoibila. Etlare hobane Jehova a etsetse monghali tsohle tse ntle tseo a li buileng bakeng sa hao, a u beile morena oa Iseraele, ha ke re, taba eo ea ho ea tšolla mali, ho se molato, le ho iphetetsa, e tla ba khopiso ho uena le ntho e hlabang pelo ea monghali na? Etlere hobane Jehova a u etsete hantle, monghali, u tle u hopole lekhabunyane la hao.”—1 Sam. 25:28-31.

Kahoo, ho theiloe tlalehong ea seo Davida a neng a se entse e le mohlabani ea sebete, Abigaile a hlokomela hore ke motlotsuoa oa Jehova. Mantsoe a hae a nka molumo oa boprofeta, a supa nako ea ha ho tla ba teng ntlo ea borena lesikeng la Davida. Abigaile o ne a tiisitse hore Jehova o tla mo sireletsa, a mo bolokela bophelo ba hae, kapa moea, joalokaha eka ke ka “sephuthelong” seo motho a ka phuthelang ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho sona. Leha ho le joalo, ho ne ho tla ba joalo feela haeba Davida a sa ee ho iphetetsa a tlisa poloko kapa topollo ka letsoho la hae ntle ho thuso ea Molimo. A arabela hantle.—1 Sam. 25:32-35.

Ha Abigaile a khutlela hae, a fumana Nabale a tahiloe. Hoseng ka le latelang, kamor’a hore a hlaphoheloe, Abigaile a bolella monna oa hae sohle se etsahetseng. ‘Pelo ea hae ea shoa ka hare ho eena,’ matla a boemo bona kaofela ka ho totobetseng a fella ka ho taboha mothapo. Matsatsi a ka bang 10 hamorao, ho bonahala Nabale a ile a boela a taboha mothapo, e leng ho ileng ha mo bolaea.—1 Sam. 25:36-38.

Kamor’a sena, Davida a fereha Abigaile. Ha a amohela kōpo, Abigaile ka boikokobetso bohle a re: “Ke ’na enoa lekhabunyane la hao, ke be mofo ea hlatsoang maoto a bahlanka ba monghali.” Kahoo a bolela hore o utloisisa ho etsa mosebetsi o tlase ka ho fetisisa. Ka makhabunyane a mahlano, a qala ho kopanela bophelong bo se nang botsitso ba monna ea neng a tlameha ho phela e le molahloa ka baka la Morena Saule. Ka nakoana a phela motseng oa Bafilista oa Gatha ’me hamorao Tsiklage. Har’a mathata ao a ileng a a mamella e bile ho hapuoa ke bafutuheli ba Baamaleke. Ka thabo, leha ho le joalo, a pholosoa a sa tsoa kotsi.—1 Sam. 25:29-42; 30:1-19.

Bophelo ba Abigaile bo bontša ka ho hlakileng hore na ke eng se etsang motho ea bohlale ponong ea Molimo. O ne a ikokobelitse ’me a tšepahala ho Molimo ho feta ho motho. Ke ho hlokomela ha hae tataiso ea Molimo ho neng ho mo hlalefisa.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

ABIGAILE

NABALE

DAVIDA

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela