Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/1 maq. 12-18
  • Seboholi sa re: ‘O Oele!’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seboholi sa re: ‘O Oele!’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOITŠOARO BA BOTHO KA HO OA HA BABYLONA
  • SE TLA TLALEHOA KE SEBOHOLI
  • “Babylona e Oele!”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Tšepa Jehova—E Seng “Phetohelo!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • “Tlohang ho Eena, Lōna Sechaba sa ka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/1 maq. 12-18

Seboholi sa re: ‘O Oele!’

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho itokisetsa ho hlahloba “pono” eo Esaia a tla re bolella eona?

PONO ea se tlang ka potlako haufinyane ke e tšabehang. Ke kamoo re ileng ra ngolloa taba kateng ke moprofeta Esaia khale mehleng ea ʼMuso oa Assyria o neng o busa lefatše ka nako eo. Na “pono” e ‘tšabeha’ kapa e thata haholo hore re ka e hlahloba kajeno? Leha ho le joalo ha re itokisetseng ho utloa seo Esaia a se bolelang: “Ke bontšitsoe pono e tšabehang: Mohapi oa hapa, mosenyi oa senya.”—Esa. 21:2.

2. (a) Ke eng e khetholloang e le “mohapi,” hona joang? (b) Ke ho bo-mang moo “mosenyi” a hlileng a etsa ka bolotsana, hona hobane’ng?

2 Eo e neng e le “mohapi” ea fetisisang, le hoja a sa boleloa ka lebitso, a ka suptjoa. E ne e le Babylona ea boholo-holo, e ileng ea fetoha ʼMuso oa Boraro oa Lefatše. E ile ea tuma haholo ka ho senya motse oa Jerusalema, e bile e senya le Sehalalelisiso sa tempele ea Jehova e moo. Ke ʼnete, Jehova o ile a sebelisa morena oa Babylona, Nebukadnezare, e le “mohlanka” oa hae ho khalemela ʼmuso oa Juda, leha ho le joalo Babylona ea etsa ka bolotsana ho batho ba Jehova ba selekane. Ha ho mohla e kileng ea lokolla batlamuoa ba Bajode hore ba khutlele naheng ea habo bona eo ba e filoeng ke Molimo, le hoja nako e ne e atamela lilemo tse 70. (Esa. 14:3-17) Ke mohapi oa ʼMuso oa Babylona ea ileng a bula tsela bakeng sa “ba kholehong” ka selemo sa 537 B.C.E. Ka toka, “pono” e ileng ea bolelloa seboholi Esaia e ne e ‘tšabeha’ ho Babylona, mosenyi oa lichaba, haholo ea ileng a senya batho ba Molimo oa Esaia.

3. Ho thoe’ng ka se neng se tšoantšetsoa ka Babylona mabapi le ho ba “mosenyi” le “mohapi”?

3 Ho thoe’ng ka ntho ea kajeno e tšoanang le Babylona ea boholo-holo? Litšebelisanong tsa hae le Bakreste bao ba kamanong ea selekane le Jehova Molimo, e bile mano ka mokhoa o tšoanang mabapi le lithuto tsa Bokreste. Ka sehlōhō e sentse Bakreste ba joalo ka baka la hore ba bolokile melao ea Jehova Molimo ʼme ba phetha mosebetsi oa bopaki oa Morena oa hae ea beiloeng teroneng, Jesu Kreste. (Tšen. 12:17) Bojakane ke bona bo ka sehloohong lenaneong lena la ho hapa ka bolotsana le ho senya, haholo ho tloha mehleng ea ntoa ea I ea lefatše. Ke bona boo ka ho khethehileng bo tla utloa matla a “pono e tšabehang” ha e phethahatsoa kajeno holim’a ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo. Ke mang eo Jehova a tla mo sebelisa ho netefatseng ‘pono eo e tšabehang’ haufi?

4. Ho Esaia 21:2, ke bo-mang ba biletsoang ho hlasela Babylona, ʼme ke hobane’ng ha Bapersia ba sa boleloe moo?

4 Esaia o bea motheo oa karabelo ha a re: “Nyoloha, Elame! uena Media, u lokise ntoa! Ke felisa masisa-pelo ʼohle.” (Esa. 21:2) Elame e ne e le ka bochabela ho Nōka ea Hiddekele ʼme ea e-ba karolo ea se neng se bitsoa Persia, ha kajeno sebaka seo e le sa Iran.a Media e ne e le karolo e khōloanyane e ka bochabela ho phula ea Mesopotamia. Hoo e ka bang lilemo tse 200 hoba Esaia a profete Cyruse (II) e Moholo a hapa Bamede e le hore ʼmuso oa Persia o ka phahamela Media. Leha ho le joalo, ’m’ae e ne e le Momede, ʼme boholo ba masole a lebotho la hae ea e-ba Bamede. Cyruse enoa ke Cyruse eo, kapa Kohresh, ea hlileng a boleloa ke Esaia tlas’a pululelo ea Molimo. (Esa. 44:28 ho ea ho 45:7) Nakong ea boprofeta ba Esaia ʼMuso oa Bamede le Bapersia o ne o e-so hlahe, ʼme kahoo Bapersia e ne e se bona ba ka pele-pele. Kahoo ke Elame le Media feela tseo Jehova a ileng a li qoolla ka mabitso hore li tla hlasela Babylona.

5. Jehova a etsa joang hore “masisa-pelo ʼohle” a khaotse, ʼme na ‘ea tlamiloeng’ o ile a lokolloa hore a ee hae?

5 Na bafutuhi bao ba ne ba tla atleha ʼme ba fetole litaba Asia e ka boroa bo ka bophirima le Bochabela bo Hare? E! Hona ha bontšoa ka mantsoe a latelang a Esaia: “Ke felisa masisa-pelo ʼohle.” Ana bonneteng ke mantsoe a “Jehova oa makhotla,” Morena ʼMusi ea Phahameng oa bokahohle. Ka hore a sebelise Elame le Media e le baemeli ba hae a felisa “masisa-pelo ʼohle” a neng a tsoaloa ke khatello ea Babylona. Boipiletsong ho Jehova Molimo bakeng sa topollo ho bahapi ba neng ba sa tsotella hore na Baiseraele ba tla bolla boemong ba bona ba kholeho, mopesaleme ea bululetsoeng a re: “Masisa-pelo a ba holehiloeng a ke a fihle pel’a hao; ka matla a letsoho la hao u boloke ba abetsoeng ho shoa.” (Pes. 79:11-13; Esa. 14:17) Thapelo ena e ile ea arabeloa selemong sa bo70 sa botlamuoa ba Bajode Babylona ka taelo ea borena ea Cyruse e moholo.—Esa. 35:8-10.

BOITŠOARO BA BOTHO KA HO OA HA BABYLONA

6, 7. Esaia o hlalosa pheletso ea ho oa ha Babylona ho ba amehileng habohloko joang?

6 Ho oa ha ʼMuso oa Boraro oa Lefatše o matla ka 539 B.C.E. ka molemo o khethehileng ho naha e nyenyane ea Iseraele ka tlhaho e bile ntho e phahametseng mohopolo. E ile ea ama phetoho e khōlō tseleng ea pale ea lefatše. Batho ka bomong ba ileng ba angoa hampe ke ho oa ha ʼMuso oo setsi sa oona se neng se le “lehoatateng la leoatle” ba ne ba tlameha ho bokoIla ke mahlomola. Phello ho ba joalo e tšoantšetsoa ka mantsoe a Esaia a bolelang “pono e tšabehang” ka mokhoa o latelang:

7 “Matheka a ka a tšoeroe ke bohloko ke hona, matsoalo a nkene, a joale ka matsoalo a mosali ea belehang; kea sonopana, ke sitoa ho utloa; ke tšohile, ke sitoa ho bona. Pelo ea ka e ferekane; letsoso le lebe le ntšoere; bosiu ba thabo ea ka bo fetohile bosiu ba tšoho.”—Esa. 21:3, 4.

8. Mantsoe a hlalosang a Esaia a bontša eng ka baeta-pele ba bolumeli ba Bojakaneng le boheteneng ho oeng ha ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata?

8 Mantsoe ao a hlalosang a amanang le ho oa ha ʼMuso oa Boraro oa Lefatše o bolotsana a bontša leqhubu la tšoho le tla matha har’a tsamaiso ea lefatše ea bolumeli ha ntho ea kajeno e neng e tšoantšetsoa ke Babylona e oa. Hona ho tla hlaba boikutlo ba bolumeli ba ba neng ba tšoantšetsoa ke Bababylona ho feta molaetsa o otlang ka matla oo hajoale o neelanoang ke Lipaki tsa Jehova ‘nakong ena ea bofelo’ ho tloha ka 1914. (Dan. 12:4) Baprista le bahlanka ba bang ba lihlopha tsa bolumeli tsa Bojakane le bohetene ba tla sisimoha, ba felloe ke puo joalokaha eka ba sitoa ho bona kapa ho utloa se etsahalang. Lipelo tsa bona li tla feheloa, li hloke phomolo, li hloke matla a ho tšepa ntle ho ho sisinyeha holim’a melimo eo li kileng tsa e rapela. Boemo bo tšabehang ka ho lekaneng ho etsa hore motho a thothomele boa ba tšosa, haholo hobane boikaketsi ba bona ba bolumeli bo senotsoe. “Bosiu” bo kang bo tlang le tšepiso ea ho iketla le ho khatholoha qetellong ea mosebetsi oa letsatsi e tla ba nako e lefifi ea ho thothomela ho bona. Mehla ea bona ea ho lahlehisa le ho hatella batho litsamaisong tsa bona tsa bolumeli e tla fela ka ho tšosang. Ba tla sonopana joaloka basali ba tšoereng matheka a bona ke bohloko ba pelehi.

9. Boemo ba sethalla bo koaholloang ho Esaia bo phakisa bo fetoha ka baka la taelo efe e tsoang ho Jehova?

9 Ka tšohanyetso boemo ba tokiso ea sethalla bo phetleloang moprofeta Esaia bo fetoha joaloka ba liketsahalo sethalleng. O utloa taelo e tsoang ho Jehova: “Lijo li beoa tafoleng; molebeli oa lebela; ba ja, ba noa. . . . Tlohang, le eme, lōna marena; koetlisang lithebe! Hobane Morena o [boletse].”—Esa. 21:5, 6.

10. Taelo ea Molimo ea bontša eng, ʼme taba e bontšitsoeng ea fihla bophahamong ba tello bakeng sa Jehova Molimo neng?

10 Hona ka bokhutšoanyane ho bontša pono tlung ea borena Babylona bosiung ba ho qetela ba puso ea eona ea lefatše. Ka mokhoa o hlakileng ho bontša mokete oa Belshatsare, mora oa morena Naboniduse ea sieo. Ruri litafole li ne li beiloe lijo bakeng sa babusisi ba baholo ba liketekete ba Babylona. Ho ne ho le teng lijo le lino. Empa hona ha etsoa ka tello e fetisisang ho Jehova Molimo, ha ba qala ho ja le ho noa ba sebelisa lijana tse neng li le tempeleng ea hae ho fihlela Bababylona ba hapa Jerusalema ʼme ba ripitla tempele ea eona.

11. Jehova joale a etsa joang ka mohlolo moketeng ona oa bonyefoli oa Belshatsare, ʼme Daniele a sebeletsa joaloka mohlalosi joang ka lekhetlo lee?

11 Mokete oa Belshatsare joale o fetoha o nyefolang, hobane o kenyelletsa Jehova boemong. A romella ka mohlolo letsoho hore le ngole leboteng la ntlo ea mokete, moo morena a neng a ka bona, mantsoe ana: “Mene mene, thekel, upharsin.” Hore ho baloe mongolo oo moprofeta oa motlamuoa oa Mojode Daniele a tlameha hore a bitsoe. Lentsoe le qetellang la mongolo, upharsin, ke palo ea bongata ea lentsoe la Sekalde peres le bolelang “likarolo.” Kahoo, tlhalosong ea hae e bululetsoeng, Daniele a re: “Peres (karolo); ʼMuso oa hao o arotsoe, ʼme o neiloe ba-Mede le ba-Persia.”—Dan. 5:28.

12. “Thebe” e neng e tla koetlisoa ke mahosana e ne e le efe, ʼme taelo e neng e re “thebe” e koetlisoe e ne e supa eng?

12 Daniele a putsoa ka tlotla ea ho neoa liaparo tsa borena ʼme a etsoa ‘ea tulong ea boraro ea ʼmuso.’ Empa hona e ne e se phethahatso ea taelo ea Jehova e neng e reretsoe borena ba Babylona: “Tlohang, le eme, lōna marena; koetlisang lithebe.” (Esa. 21:5) Leha e le hore e ne e le taelo ho mahosana ho koetlisa lithebe tsa oona tsa ntoa bakeng sa ho loana le bafutuheli ba Babylona. Ho e-na le hoo, polelo “koetlisang lithebe” e ne e sebetsa ho hlooho ea sechaba. (Bapisa Pesaleme ea 89:18.) Taelo ea ho ‘koetlisa lithebe’ e ne e bolela eng joale? Sena: hore Morena Belshatsare o ne a tla tloha a bolaoa, hona ho etsa tlhokahalo ea hore e mong a nke setulo ‘sa bobeli ʼmusong’ ʼMusong oa Babylona. Empa ho beoa hona ha “thebe” e ncha ea tšoantšetso ka ho tlotsoa ha hoa ka ha etsahala. Lefu le sehlōhō la Belshatsare ha lea ka la bula monyetla bakeng sa mohlahlami ea tsoang lelapeng la borena.

13. Kahoo na taelo e fanoeng ho Esaia 21:2 e ne e bile ea lefeela, hona na setulo seo Daniele a neng a se neiloe bocha se ile sa fetela ʼmusong o mocha?

13 Daniele 5:30, 31 e re: “Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena oa ba-Kalde, a bolaoa, ʼme Dariuse mo-Mede a inkela ʼmuso, a le lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e ʼmeli.” Hoo e bile phetoho e potlakileng hakaakang lipolotiking tsa lefatše! Jehova o ne a sa fana ka taelo ea hae feela: “Nyoloha, Elame! uena, Media, u lokise ntoa!” (Esa. 21:2) Ha Babylona e oetse ho Bamede le Bapersia, Dariuse Momede a nka sebaka sa ‘oa bobeli ʼmusong’ Babylona. Boemo bo bocha boo Daniele a neng a bo neiloe ho ba ‘oa boraro ʼmusong’ Babylonia ha boa ka ba tsoella ho kena ʼmusong oa Medo-Persia. Leha ho le joalo Daniele ha a ka a bolaoa le Belshatsare.

14. Ho oa ha Babylona ea boholo-holo ho ne ho tšoantšetsa eng, ʼme ba tla ameha ho seo ba tla felella joang?

14 Ho oa ho tšohanyetsang ha Babylona ea boholo-holo e ne e le tšoantšetso ea ho oa ho tšohanyetsang ha phethahatso ea eona ea kajeno, Babylona e Moholo. Hona ho tla oela balumeli ba lefatše ba sa ikatela. Kahoo haeba balumeli ba matla a ke keng a hloloa a ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ba sa lebella hore bo oe haufi, khotsofalo ea bona e tla kenyetsoa ho nyaroha ho bohloko!

SE TLA TLALEHOA KE SEBOHOLI

15. Taolo e fanoeng kamor’a tlhaloso ea boprofeta ea mokete oa Belshatsare e bontša eng ka se amang Babylona ea boholo-holo le seo e neng e se tšoantšetsa?

15 Ke hobane’ng, leha ho le joalo, Esaia a re bontšang e sa le pele ka moketeng oa Belshatsare ka bosiu boo bo bohloko ba 539 B.C.E.? Ke ka baka la se neng se tla latela, e leng, ho tlalehoa ha ketsahalo eo e fetisisang ea lekholo leo la lilemo ho batho ba Jehova ba selekane, ba neng ba tla nyakallela ho oa ha “mohapi.” Esaia 21:5, 6 e bontša se neng se tla latela ka potlako ho oa ha Babylona, e re: “Tlohang, le eme, lōna marena; koetlisang lithebe! Hobane Morena o itse ho ʼna: Bea seboholi, se bolele see se se bonang.” Ke moo, ketsahalo e ne e tla phatlalletsoa lefatše lohle! Kahoo, hape, ho oa ha Babylona e Moholo ho tlameha ho fetoha sehlooho sa litaba.

16. Ho ka thoeng ka “seboholi” se beiloeng tabeng ea Babylona ea boholo-holo le se beiloeng bakeng sa Babylona e Moholo?

16 Esaia ke eena ea neng a bolelletsoe ho bea “seboholi” ho tlaleha se tla etsahala. Esaia ha a ka a phela ho bona ka mahlo seo a hlileng a se bolela le seo a faneng ka tlaleho e ngotsoeng ho rōna. Kahoo e mong osele har’a batho bahabo Esaia o ne a tla tlameha ho sebeletsa e le eena seboholi. E sa le khale joalo pele ho ho oa ho haufi ha Babylona e Moholo seboholi se joalo se beiloe. Se ipaka e le sehlopha se tlotsitsoeng ka moea oa Jehova, sehlopha seo ka ho loketseng se amanang le makasine o ntseng o na le lebitso la Molula-Qhooa. Bopaki bo teng bo bontša hore ka Jesu Kreste Jehova Molimo o khethile sehlopha seo sa “seboholi.” Se sebelelitse boemong boo ho tla fihlela nakong ena ea bohlokoa ea “bosiu” bo aparetseng lefatše lohle ka masoabi. (Matt. 24:45-47) Ke eng joale eo re ka lebellang hore “seboholi” sena se re bolelle eona ka nako e tšoanelang?

17. “Seboholi” se ile sa bona eng, ʼme e emela eng?

17 Boprofeta ba Esaia bo amanang le “seboholi” bo tsoela pele bo re: “Se bone lipere le bakalli ba tsona ba tsamaea ka bobeli, se bone liesele le likamele; sa ʼna sa thea tsebe, sa mamela ka ho ela hloko haholo.” (Esa. 21:7) Bakalli bao ka ho totobetseng ba atamela ka lebelo la lipere tsa lipere tsa poso tsa Bapersia ʼme ba hlaha le “lehoatateng la leoatle” le hapiloeng. Ho bonahala ho le teng lihlopha tsa bakalli. Sehlopha sa bakalli ba makoloi a ntoa a huloang ke liesele se emela makhotla a Bamede tlas’a Dariuse Momede. Sehlopha sa makoloi a bakalli a huloang ke liphoofolo tse kholoanyane, likamele tse tsebang ho sia lipere, se emela makhotla a Bapersia tlas’a Cyruse e Moholo.b Mopersia enoa ha e le hantle o ne a laola makhotla a kopaneng a Bamede le Bapersia. Hase Dariuse Momede, empa ke Cyruse Mopersia mohapi eo Jehova ka Esaia a itseng O tla mo bitsa ka lebitso la hae. Ka pel’a Cyruse enoa, Jehova Molimo o ne a tla bula menyako ea litšepe le mamati a Babylona hore a kene le nōkeng ea Eufrate ʼme a kene ka motseng o marako a maholo oa Babylona.—Esa. 44:27 ho ea ho 45:4; bapisa Daniele 8:1-4, 20.

18. Ho ea ka Esaia 21:8, 9, “seboholi” se beiloeng e ne e tla ba sa mofuta ofe, ʼme na ho bile joalo?

18 Seboholi se beiloeng e le molula-qhooa se ne se tla tšepahala hakae? Esaia 21:8, 9 e supa ka hore e re: “Eaba se hoa joale ka tau, sa re: Morena, ke ntse ke eme motšehare oohle toreng, ke ntse ke tiisa ho lebela ka masiu ʼohle. Bonang, ho hlahile lipere le bakalli ba tsona ba tsamaeang ka bobeli.” Ka phalimeho e khōlō, sa tšoarella toreng ea sona ho fihlela mahlo a sona a nchocho a bona pono e buang eo se neng se e lebelletse se sa khathale. Ka mokhoa o joalo sehlopha sa “seboholi” sa kajeno se purumme ka molumo o moholo le ntle ho tšabo ha se phethahatsa thomo eo se e filoeng ke Molimo ka limakasine tsa Molula-Qhooa le libuka tse ling tsa puso ea leholimo le lipuo tsa phatlalatsa. Ka matla a sa hlōleheng a Jehova se tla ʼne se etse joalo ho fihlela se ka phatlalatsa tsebiso eo e leng khale e lakatsoa.

19. Ke eng se bontšang hore na seboholi se ile sa utloisisa ka nepo se boleloang ke bakalli ba ntoa ba tlang?

19 Seboholi sa utloisisa bohlokoa ba bakalli ba ntoa bao se ba boneng ba tla sebakana le tora eo se emeng ho eona. Ho ea ka nako e neng e beiloe ke Jehova—lilemo tse 70 tsa lesupi la naha ea Juda—le ka boprofeta bo fanoeng ke Daniele ea litlamong moketeng oa bonyefoli oa Belshatsare ka 539 B.C.E., seboholi se ne se ka hlalosa ka nepo se boleloang ke bakalli ba sa thijoeng ke letho bao e seng ba Bababylona. Esaia 21:9b e re, “Sa eketsa sa re: O oele, Babylona o oele; litšoantšo tsohle tsa melimo ea hae li bolaetsoe fatše.”

20. Ke hobane’ng ha e se Bajode ba batlamuoa ba Babylona ba sa kang ba roba litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea eona, ʼme ke mang ea robileng litšoantšo?

20 Ea bolaileng litšoantšo eo ho boleloang ka eena mona ke Jehova, Molimo o le mong o phelang le oa ʼnete, Molimo o boulelang kapa ‘Molimo o batlang boineelo bo khethehileng.’ (Ex. 20:5, NW) Ka ho lumella Bamede le Bapersia ba sa rapeleng melimo ea Babylona ba e hape, Jehova a bontša bohata ba melimo ea litšoantšo ea ʼMuso oa Boraro oa lefatše, ho se be teng ha eona. Hase Bajode ba botlamuoeng ba Babylona ba ileng ba tsoha ka bofetoheli ʼme ba liha ʼMuso oa Boraro oa Lefatše; Jehova Molimo oa bona o ne o sa ba nea matla kapa ho ba laela hore ba etse joalo. Ho e-na le hoo, a sebelisa Dariuse Momede le Cyruse Mopersia hore a lihe Babylona e rapelang litšoantšo pusong ea lefatše. (Dan. 2:32, 36-38) Kahoo hase seboholi se ileng sa liha “mohapi,” Babylona. Se mpile se bona ka mahlo ho oa ha eona, ho tumisoeng ha Jehova e le Molimo oa boprofeta le Morena e Moholo.

21. Ke tsebiso efe e tšoanang le eo ea “seboholi” sa boprofeta ba Esaia e sa ntsaneng e tla etsoa?

21 Tsebiso ea bokahohleng ka bohlokoa e kang eo ea “seboholi” sa boprofeta ba Esaia ho hlile ha boleloa hore e tla boleloa mehleng ea rōna. Moapostola oa Mokreste Johanne, ea phetseng ho fihlela qetellong ea lekholo la pele la lilemo, o bile le pono ea ea fanang ka tsebiso ʼme a ngola: “Ka bona lengeloi le theoha leholimong, le e-na le matla a maholo; ʼme lefatše la bonesoa ke khanya ea lona. La hoa ka lentsoe le phahameng, le phepa, la re: O oele, o oele, Babylona e moholo! o fetohile moaho oa bademona, letsaba la meea eohle e litšila, le letsaba la linonyana tsohle tse sa hloekang, tse iloang!”—Tšen. 18:1, 2.

22. Ke mang ea etsang Babylona e Moholo lesupi, ʼme o tla sebelisa boemeli bofe ho phetha seo?

22 Cyruse e Moholoanyane, Morena Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, ke Eena ea bakang ho oa ha sebele ho tlelang Babylona e Moholo, e le hore e ka ba sebaka se lefeella se qojoang. Kajeno Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ka etsa boboleli bohle boo ba batlang ho bo etsa lefatšeng lohle ka ʼmuso oa Jehova le letsatsi la liphetetso tsa hae, empa hona ho ke ke le ka mohla ha robaka ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Li chesehela ho fihla ha nako ea ha li tla bolela hore Babylona e Moholo o oele. (Tšen. 18:2) Kaha Cyruse e Moholoanyane ha a sebelise barutuoa ba hae ba nang le khotso lefatšeng ho liha Babylona e Moholo, khaolo ea 17 ea Tšenolo e bontša hore o tla sebelisa boemeli bo kang sebata; bo tšoantšetsoang e le sebata se ’mala oa sekarelata, se linaka li 10. Lihlooho tsa sona tse supileng li tšoantšetsa mebuso e supileng ea lefatše ea pale ea Bibele. Ho sebata sena sa lekholo la bo20 la lilemo sa tšoantšetso Babylona e Moholo oa seotsoa sa machaba o ile a se palama ha ho ne ho theoa Selekane sa Lichaba kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše.

23. Ke khahlanong le bo-mang moo joale ba neng ba tšehelitse sebata sa tšoantšetso ba tlang ho retelehela ka matla a feletseng, ʼme Cyruse e Moholoanyane o tla etsa joang?

23 Ho tla fihlela joale Babylona e Moholo o palame mohlahlami oa Selekane, Machaba a Kopaneng. Empa, haufinyane, batšehetsi ba bopolotiki ba Machaba a Kopaneng ba tla khathala ke ho busoa ke ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ʼme ba tla o hlohlolla ba o timetse. Joale, ha “seboholi” se se se hoeletsa, “Babylona e moholo o oele,” ba tla reteleha, ka matla a feletseng, ho futuhela Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse saletseng. Mona Cyruse e Moholoanyane, Jesu Kreste, “Morena oa marena,” o tla kenella ʼme a timetse bao e neng e le batšehetsi ba machaba a Kopaneng “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle” Harmagedone. Sehlopha se tlotsitsoeng sa Jehova sa “seboholi” le “bongata bo boholO” bo arabetseng boitsebisong bo boletsoeng ke “seboholi” se entsoeng ka litho tse ngata bo tla pholoha ntoa eo ea ho qetela tlas’a tšireletso ea Molimo, ho tumisoeng ha Jehova Molimo e le Morena oa leholimo lohle le lefatše.

24. Iseraele ea khale e bile “mora” oa seotlo sa Jehova joang, ʼme kajeno ke ho hatakeloa ha mofuta o joalo ha mang ho tla tloha ho felisoa, hona joang?

24 Bajode ba kentsoeng botlamuoeng ka lilemo tse 70 Babylona ba ile ba khalemeloa joalokaha eka ke ka ho ‘hatakeloa.’ Ka tšoantšetso, ba etsa “sechaba” sa seotlo sa Jehova. Ha Babylona e oele ho ‘hatakeloa’ hoo ha khalemelo ho ne ho tla khaotsa. E bua ka sena, Esaia 21:10 ka kutloelo-bohloko le ka ho tšelisa e re: “Oho, sechaba sa ka se hatakeloang joale ka koro seotlong, tseo ke li utloileng ho Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele, ke le boleletse tsona.” Ka ho tšoanang, Babylona e Moholo o lumelletsoe ho hatakela lipaki tse tšepahalang tsa Jehova. Empa kamor’a hore a oe timetsong ‘ho hatakela’ hohle ha hae ho tla khaotsa. Metsoalle ea hae ea nakong e fetileng ea bopolotiki e tla leka ho lelefatsa khatello. Boiphetetsong ho tla hatakeloa bona timetsong seotlong sa Jehova sa tšoantšetso.—Tšen. 14:14, 15; Joele 3:13-16; Mik. 4:12, 13.

25. Ka baka la ho oa ho haufi ha Babylona e Moholo, ke hobane’ng ha ho feta leha e le neng pele e leng nako ea hore “batho” ba Jehova ba utloahatse taelo ea hae, ho talimiloe pheletso efe?

25 Ka baka la ho oa ho haufi ha Babylona e Moholo, ho feta leha e le neng pele ke nako ea hore sehlopha sa “seboholi” le “bongata bo boholo” se utloahatse taelo ea Molimo: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ʼme la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšen. 18:4) E, “tlohang ho eena,” ho se kene setsoalleng le mapolotiki a hae kapa makhotla a lefatše lena a sa lumeleng ho Molimo, empa ho ba karolo ea “lōna sechaba sa ka,” batho ba ineetseng ba Jehova. (Jer. 51:45) Nka bohato hona joale ka ‘boprofeta ba Esaia holim’a lehoatata la leoatle.’—Esa. 21:1-10.

26. Ke eng eo re kolotang “Jehova oa makhotla” liteboho ka eona, ʼme ba e elang hloko ba na le lehlohonolo lefe?

26 Liteboho tsohle li ea ho “Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele,” ka ho hlahisa le ho bea sehlopha sa “seboholi” le ka ho se nea tlaleho e tsotehang hakana ho e utloahatsa hole le haufi. Bohle ba elang hloko tlaleho e fanoeng ke Molimo ba na le tšepo e hlohonolofetseng ea ho pholoha “bosiu” bo sisimosang ba lefatše lena le ho amohela “meso” e khanyang ea tsamaiso e ncha ea lintho ea ho loka tlas’a puso ea Cyruse e Moholoanyane, Jesu Kreste Molopolli. Hona ho tla etsoa ho khahlisa le ho rorisa “Jehova oa makhotla,” Morena oa rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The Jerusalem Bible (ea Sefora) e re, ka Esaia 21:2: “Elame ke lebitso la baahi ba boholo-holo ba sehlaba seo Bapersia ba simolohileng ho sona. Bamede e ne e le bahlanka ba Cyruse pele ho hapuoa Babylona.”

b Ka ho sebelisa ha Cyruse likamele ntoeng, bona The History of Herodotus, buka ea pele e reng “Clio,” leqephe 29.

Phetolelo ea Sefora ea Bibele e Halalelang “Drioux Bible,” khatiso ea 1884 e hlalosa ka Esaia 21:7 ka mokhoa o latelang: “Bapalami bana ba babeli ba lipere ba ne ba le makoloing a ntoa, ke marena a mabeli a ileng a nka Babylona, Dariuse Momede le Cyruse. Joalokaha Menochius [’Mojesutu oa Motaliana oa mohlalosi oa Bibele oa lekholong la lilemo la bo17] a hlalosa hantle, ho palama ha bona ho emela Bamede le Bapersia.”

Bona litlhaloso tse joalo ka Esaia 21:7 tse entsoeng ho Commentary on the Old Testament ea Dr. Adam Clarke. Moqolo 4. Leqephe 2724.

Mokhoeng oa Cyruse oa ho sebelisa likamele, bona khaolo ea 20 e reng “The Greeks and the Persians,” ea buka ea “The Outline of History” ea H. G. Wells, leqephe 257, lirapa 2, 3, khatiso ea 1971.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Mokete oa bonyefoli oa Belshatsare oa etsa hore Jehova a ahlolele Babylona Timetso

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Boiphetetsong ba hore ba ‘hatakele’ Lipaki tsa Jehova, ho tla qala ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, joale ho letele metsoalle ea bona ea bopolotiki, ba tla ‘hatakeloa’ hore ba timele ka bobona

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela