Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Hlompha “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Na Lipaki Tsa Jehova li na le Melao eo li Lokelang ho e Latela ha li Ratana?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ha e mong oa metsoalle ea ka e e-ba Mokreste, mosali oa hae o ile a mo hlala ka molao ’me ha a batle le ho mo bona feela. Le hoja monna a hlokomela ka Bibele hore ha a lokoloha ho nyala hape, o laetsana le motho e mong. Bibele e supa’ng ka ho laetsana ho joalo, ’me nka mo thusa hamolemo joang?

Ho bohloko hore ka tlhalo e sa tšoanelang mosali oa hae o ile a mo pepesetsa bolutu le moleko. Ho ntse ho le joalo, ha feela a sa lokoloha ka Mangolo ho nyala hape, ho laetsana ha hae ho fosahetse e bile ho kotsi. O batla thuso e mosa empa e tiileng, e leng eo e ’ngoe mohlomong u ka fanang ka eona.

Kajeno tlhalano ea molao e fanoa ka mabaka a mangata. Mahlong a ’muso, hang ha ho qetoa litaba tsa tlhalano e joalo batho bao ba babeli ke “masooa” hape. Empa Lentsoe la Molimo le fana ka pono e fapaneng. Jesu o itse: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe [porneia, bonyala], a nyala e mong, oa feba.” (Matt. 19:9) Kahoo ha ’muso o fana ka tlhalano ea molao ha ho se motheo oa Mangolo hore e be teng, ’me ho se boitšoaro bo bobe bo entsoeng kamor’a moo, Molimo o sa ntsane o talima ba babeli e le monna le mosali.

Tsebo ena e thusa Bakreste ho ananela kamoo motho ea sa lokolohang ka Mangolo ho nyala hape a lokelang ho itšoara. E lokela e be hantle joalokaha a ne a tla itšoara haeba a sa ntsane a nyetse ka molao ’me a phela le molekane. Ha e bua ka ho khethehileng ka likamano tsa lenyalo, Liproverbia 5:15-21 e hlakisa hore monna ea nyetseng ha a lokela ho phehella lithahasello tsa lebonyo ho basali ba bang: ‘Tšepahala ho mosali oa hao ’me u mo nee lerato la hao a le mong. Thabela mosali oa hao ’me u thabisoe ke ngoanana eo u ileng ua mo nyala. U thabisoe ke khahleho ea hae; a u pota-pote ka lerato la hae. Ke hobane’ng ha u ka nea e mong lerato la hao? Morena o bona sohle seo u se etsang.’ (Good News Bible) E, motho eo mahlong a Molimo a ntseng a le lenyalong o lokela ho qoba likameho tse ling tse lerato. Josefa ea tšepahalang o ile a hana likameho tsa boitšoaro bo bobe le—mosali ea nyetsoeng.—Gen. 39:10-12.

Ho etsa ho fapaneng ho ka bontša ho hloka hlompho bakeng sa tokisetso ea lenyalo le Mothei oa eona, Jehova, ’me ho ka bea mohlala o mobe ka boitšoaro ba Bokreste. Ho feta moo, haeba bao ba babeli ba ka ba botsoalleng ba lerato la lebonyo, ba tla talimana le khatello e matla ea ho kopanela liketsong tsa botona le botšehali tse loketseng lenyalong feela. Rea bala: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.”—Ba-Heb. 13:4.

Batho ba tšoanelehang moeeng ba lokela ho eletsa ka Bibele motho ea laetsanang empa a sa lokoloha ka Mangolo hore a ka nyala, ba leka ho ‘lokisa’ ea joalo. (Ba-Gal. 6:1) Ha a sa arabele, ba lokela ho phehella boitekong ba ho thusa, ho lemosa le ho mo nyatsa, ba bile ba ‘mo nyatsa ka matla.’—Liprov. 29:1; Tite 1:10, 13.

Mohlomong ba ka tseba ho matlafatsa lerato la hae ho Molimo le kananelo ea hae bakeng sa nyakallo e tebileng le khotsofalo ea ho ratoa le ho hlohonolofatsoa ke Molimo. (Ba-Roma 8:35-39; 2 Ba-Kor. 4:16-18) Bona, le ba bang ka phuthehong, ba ka tseba ho mo thusa hore a hlole bolutu ba hae ka ho ba le setsoalle se loketseng le se hahang le ka ho tšoareha mesebetsing e molemo. (Tite 2:14) Kahoo ba ka mo sokolla tseleng e isang ho tlōleng molao oa Molimo ka bofebe, hobane ha ho le joalo a ka tlameha ho khaoloa phuthehong.—1 Ba-Kor. 5:9-11.

Haeba motho a ne a tsitlella ho laetsana moo ho seng bolokolohi ba Mangolo ba ho nyala, ba bangata ka phuthehong ba ka ikutloa ba tlamehile ho sebelisa keletso ea Bibele e fanoang ka motho ea hanang ho sebetsa: “Ekare ha e mong a sa utloe mantsoe a rōna a lengolo lena, eo le mo khethe, ’me le se ke la kopana le eena, a tle a be le lihlong. Leha ho le joalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka hore, ke ngoan’abo lōna.” (2 Ba-Thess 3:14, 15) Bakreste ba bangata ba hlomphang haholo tokisetso ea Molimo ea lenyalo ha ba batle ho ithabisa le motho e mong ea e hlomphollang ka boomo. Ka hore ba hane ho ithabisa joalo le motho eo, le ka seo ba se bolelang ka phuthehong ka ho amohela keletso e bohlale ea Molimo, ba ka ba le hona ho mo susumelletsa hore a tlohele tsela ea hae e fosahetseng.—Juda 23a.

● Liproverbia 10:6 e baleha tjena: “Motho ea lokileng o roetse mahlohonolo hlohong, empa lonya le aparetse melomo ea e mobe.” Mantsoe aa a bolela’ng?

Maele ana ka mokhoa o motle a bapisa phello e loketseng ea batho ba mefuta e ’meli—ea lokileng le ea mobe. Ho nahanisisa ka hore na a bolela’ng re ka thuseha ho aro-arola hore na re batla ho ba batho ba mofuta ofe.

Motho ea hloekileng le ea lokileng pelong o fana ka bopaki bo bongata ba sena. Joalokaha Jesu a itse: “Molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.” (Matt. 12:34, 35) E, motho oa mofuta ona nako le nako o bua ka lintho tse mosa le tse thusang, ’me o etsa lintho ka tšoanelo. U itšoara joang ho motho ea nang le ’nete joalo? Na hase ka mohau? Na ha a fumane tlhohonolofatso ea hao le kananelo?

Ha ho bapisoa, motho ea khopo botebong ba hae, ea lehloeo le ea mano o hlile o sekametse ho etseng ba bang hampe. Le hoja ka linako tse ling a ka ’na a bua hamonate, o qetella a ineetse mabifing ho ba bang kapa puong e hlaselang ’me o leka ho ba tsekolla. A sa lokeloa ke tlhohonolofatso ea ba bang, bakeng sa oona o fumana lithohako tsa bona.

Seheberung sa pele-pele, karolo e qetellang e ka ’na ea baloa ka tsela e latelang: “Mabifi a tla thiba molomo oa batho ba khopo.” Hona ho hatisa seo motho ea khopo a se fumanang le seo e tla qetella e le phello ho eena. Se totobatsa motheo o reng: ‘u kotula seo u se jalang.’ O jala lipeō tsa ntoa le bobe, ’me ke sona seo a tla se fumana. Hona, kamoo ho leng kateng, ho mo koala molomo. Haeba ho hong ho tla etsahala, liphello tse mabifi tsa bokhopo boo a bo jalang kamor’a nako li tla khutlela ho eena ’me li mo khutsise.

Re lakatsa ha ho ka qetella ho le joang? Hoo ho itšetlehile ka hore na re leka ho ba batho ba mofuta ofe bokahareng ba rōna.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela