Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/1 leq. 32
  • Letsatsi le Sebelisitsoeng Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi le Sebelisitsoeng Hamolemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/1 leq. 32

Letsatsi le Sebelisitsoeng Hamolemo

JEHOVA MOLIMO o hlohonolofatsa boiteko bo tiileng ba ba mo sebeletsang. Hona ho totobala phihlelong ea mosali oa Mokreste oa Amsterdam. Ka baka la khanyetso ea monna oa hae ea phomotseng mosebetsing, ea bang lapeng ka linako tsohle, ke seoelo a bang le sebaka sa ho kopanela le lihlopha tsa Lipaki tsa Jehova ha Ii bolela molaetsa oa ’Muso ka ntlo le ntlo.

Ka letsatsi le leng, leha ho le joalo, monna oa mosali enoa a itherela ho ea tšoasa lihlapi. Lena e ne e le lekhetlo la pele kamor’a lilemo a neng a tla tloha lapeng letšehare lohle. Mosali a nahana ho qeta letsatsi leo a reka kapa a ikhathollotse ka thōko leoatleng. Empa bakeng sa hoo, a rapela Jehova ’me a sebelisa monyetla oo ho kopanela mosebetsing oa boboleli.

Monyakong o mong mosali enoa a siea buka ho monna ea neng a ntse a apara. Ha a ea a lebile monyakong o latelang, monna eo a re: “Ke soabile ha e le mona u tsamaea. Ke nahanne hore e ka ba u batla ho buisana le ’na ka bukana ee?” Eaba mosali o lokisetsa ho khutla kamor’a metsotsoana, ha monna eo a se a qetile ho apara. A bontša ho thahasella ’nete ea Bibele haholo, empa a hlalosa hore “mosali” oa hae le bana ba mo tlohetse. A khannoa ke tsietsi ea hae, Paki ea etela mosali, ea ileng a mo bolella hore monna eo o noa haholo le hore oa mo loantša le ho mo shapa le bana ha a noele.

Kamoo litaba li ileng tsa tsamaea kateng, qalehong ha tsamaisoa lithuto tsa Bibele tse arohaneng le monna enoa le mosali. Hamorao, ba kopana hape, ba qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste ’me ba phakisa ba nyalana ka molao. Hamorao ba tlohela ho tsuba ka bobeli ’me ba tsoela pele hantle haholo moeeng. Ka lebaka le letle, paki ena ea Jehova e leboha Molimo ka ho e hlohonolofatsa haholo hakana letsatsing leo le sebelisitsoeng hantle tšebeletsong ea oona.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela