Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/1 maq. 7-9
  • Letlotlo la Bohlokoa la Bibele Leningrad

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letlotlo la Bohlokoa la Bibele Leningrad
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BUKA EA LENINGRAD
  • NA NKA E FOTA?
  • Mohlala oa Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Bibele ea Seheberu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • A3 Bibele e Fihlile Joang ho Rona?
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Thuto ea 5—Taba e Ngotsoeng ka Seheberu ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Bo-Masorete E ne e le Bo-mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/1 maq. 7-9

Letlotlo la Bohlokoa la Bibele Leningrad

HO QALEHILE e le leeto le tloaelehileng feela la bohahlaula la ba tsoang Finland. Ha a le Leningrad, moeti le mosali oa hae, ba ne ba se na tšepo e khōlō ea ho fihlela ntho leha e le efe e khethehileng ka Bibele, kaha bukana ea litaelo ea lekala la boeti e bolela hore: “Ho tlisa libuka tsa bolumeli ka har’a naha hoa haneloa.” Leha ho le joalo ke hona motseng ona moo a bileng le thabo e fetisisang bophelong ba hae ka buka ea Bibele.

Ho na le mehaho e mengata ea kereke Leningrad, empa ke e ʼmaloa feela e sebeletsang morero oo e hahiloeng ka baka la oona. E mengata e entsoe libaka tsa lipolokelo tsa lintho tsa bohlokoa. Hona ho akarelletsa mohaho o molelele oa St. Isaac’s Cathedral o hopotsang motho ka mohaho o moholo oa Petrose o Roma.

Pono e fanang ka leseli haholo ea boikutlo ba molao ka bolumeli e fumanoa Sefikeng sa Kazan se tseleng e khōlō ea Leningrad, Nevski Prospekt. Sefika sena sa boemo se entsoe sebaka sa polokelo ea lintho tsa bohlokoa tsa pale ea bolumeli le ba hlokang tumelo hore Molimo o teng. Karolong e ka tlase ea mohaho ona pontšo ea pale ea bolumeli e tsoela pele ka tatelano ea nako ho tla fihlela mehleng ea kajeno. Motho a ka bona likofuto tsa tlhokofatso tse neng li sebelisoa mehleng ea makhotla a bolumeli. Ho hlileng ho hapang pono ke lekhotla la bolumeli ka liemahale tse entsoeng tse khōlō tse lekanang le batho. ʼMolauoa ea saretsoeng o tlanngoe ka mahlaahlela ʼme o khumame ka mangole ka pel’a banqosi ba hae ʼme baitlami ba apere likobo tsa bona tse telele tse ntšo. ʼMolai o eme haufi le moo, a emetse feela hore a nke bohato.

Matobana le Sefika sa Kazan, ka lehlakoreng le leng la Nevski Prospekt, ke lebenkele le leholo ho ʼohle la motse la libuka. Mokatong oa bobeli, baeti ba Mafine ba bona litšoantšo tse ngata le mapetjo ao ho bonahalang a lokiselitsoe ho khothalletsa ʼmali hore a hane bolumeli. Pampiri e ʼngoe e bontša lihlapi tse bōpehileng joaloka basali baholo ba roetseng lituku lihlohong. Lihlapi li ne li ekoa ka “tekete e eang ʼmusong oa Leholimo” e hokelletsoeng selopeng se ngotsoeng “Lihlopha.”

Ho theohela tlase le Nevski Prospekt ho ea ka bochabela ʼme u retelehela ka ho le letona pelenyana ho seemahale sa Catherine e Moholo, baeti ba iphumana ba le ka pel’a Saltykov-Shchedrin State Public Library. Pokello ena ea libuka ke ea bobeli e khōlō ho la Soviet Union ʼme e le e ʼngoe ea tse khōlō haholo lefatšeng, e nang le lintho tse limillione tse fetang 17. Ha moeti a botsa ka buka e khethehileng e ngotsoeng ka letsoho, mosebeletsi oa pokellong ea libuka a hlahisa lipotso tse ngatanyana tse hlomphang empa li batlisisa. Eaba mosebeletsi enoa oa tsamaea, kapele a khutla a nkile lebokose le lekhubelu. A le bea tafoleng ʼme a le koaholla. E ne e le eo—“Leningrad Codex” ea ho tloha selemong sa 1008 (kapa, 1009). Empa buka ena e ngotsoeng ka letsoho e na le eng, ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa hakana?

BUKA EA LENINGRAD

Na u thahasella ho bona buka e ngotsoeng ka letsoho ea mangolo a Seheberu e sebeletsang e le motheo bakeng sa ho fetolela Bibele? ke sona seo Buka ea Leningrad e leng sona.

Empa u ka ʼna ua ipotsa: Na Mangolo a Seheberu ha a ka a phethoa pele ho Kreste? Ke joang buka ee e ka bang ea morao selemong sa 1008? Ho utloisisa taba ena hamolemo, ho hlokahala re tsebe ho hong ka Masoretes.

Masoretes (Baalei Hamasorah, ka Seheberu, “Marena a Neano”) a ne a phela makholo a lilemo kamor’a Kreste ʼme e le bakopitsi ba seli haholo ba ngolang mangolo a Seheberu. Ba ne ba sa etse liphetoho tsa letho bukeng empa, ho e-na le hoo, ba ne ba ngola liphetoho tse entsoeng ke bangoli ba pele ʼme ba hlokomelisa ka tsona ka thōko ho temana ea Seheberu. Hape ba ne ba qapile mokhoa oa lintlha tsa liluma-noosi le matšoao a ho bitsa ho thusa ʼmali ho fihla qapollisong e nepahetseng ea lentsoe. Ka baka la tlhokomelo e seli ka ho fetisisa ea Masoretes, buka ea bona ruri e loketse bakeng sa ho fetolela Bibele, le hoja e le morao ka lilemo tse fetang 1 000 ho buka ea pele. Papiso e etsoang ka libuka tsa pelenyana, tse kang Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia, e tiisa ho nepahala ha buka ea Masoretes.

Leha ho le joalo, ha ho buka le e ʼngoe e hlileng e tšepahalang ka ho feletseng, kaha bangoli ba ile ba fela ba etsa liphoso. Ke ka baka leo ho ileng ha qalisoa likhatiso tsa Seheberu, li theiloe papisong ea libuka tse sa tšoaneng. Ka 1906, ka mohlala, seithuti sa Lejeremane Rudolf Kittel o ile a hatisa Biblia Hebraica ea hae e tsebisahalang, kapa ho bitsoang Bibele ea Seheberu. E le motheo, a sebelisa buka ea Masoretes ea Jacob ben Chayyim. Ho phaella moo, ho seo a se ngotseng botlaseng ba leqephe a bapisa se baloang le se baloang libukeng tse ling tse ngata.

Buka ea Ben Chayyim ke ea khale hoo e ka bang ka 1524-25 C.E. Kittel, hammoho le mohlahlami oa hae, setsebi sa Lejeremane Paul Kahle, ka cheseho ba ne ba batla ho fumana libuka tsa khale-khale tsa Masoretes. Ho ne ho le teng buka e ntle haholo ea Masoretes synagogeng ea Sephardim e Aleppo, Syria. E ne e bokelletsoe ke lelapa le tsebisahalang la Ben Asher ʼme e lokisitsoe hoo e ka bang ka selemo sa 930 C.E. Empa buka ena e ne e ke ke ea sebelisoa hobane, kamoo Moprofesa Kahle a bolelang, “beng ba buka ba ne ba sa batle ho utloa letho ka hore buka e ka nkoa foto,” ka ho tšaba hore e tla tlosoa khalalelo ebe joale ba oela thohakong.

Hape, ho teng buka e ʼngoe ea Masoretes e theiloeng mosebetsing oa lelapa la Ben Asher. E ne e nkile Mangolo a Seheberu kaofela ha oona, ʼme, ha e le hantle, ho ne ho fihletsoe qeto ea hore e sebelisoe e le motheo bakeng sa khatiso ea boraro ea Biblia Hebraica. E ne e ngotsoe Old Cairo ka 1008 (kapa, 1009) ha ho lateloa libuka tse hlakileng tse lokisitsoeng tsa monghali Aaron ben Moshe ben Asher, kamoo mongoli Samuele ben Jacob ka boeena a bolelang. Beng ba eona ba ne ba sa tšohe hore ba ‘ka oela thohakong’ ka hore Bibele e kopitsoe, joalokaha ho bile joalo ka beng ba Buka ea Aleppo. Ba alimana ka buka ea bona ho Kittel le Kahle ka lilemo tse peli. Buka ena ke eona “Codex B 19-A” eo hona joale e bolokiloeng Ntlong ea Polokelo ea Libuka ea Sechaba ea Leningrad.

NA NKA E FOTA?

Buka ea Leningrad, buka e ngotsoeng ka letsoho e sa hatisoang, hona joale maqephe a eona a lokolohile. Kaha e kile ea fotoa, lintho tse neng li e tlamme tsa tlamolloa. Maqephe a eona ha a maholo haholo, ʼme a tšoareha joaloka pampiri e tenya, e kang “cardboard” e tšesaane. Maqephe a mang a se a suhlehile ka mathōkong, empa buka ka boeona, e ngotsoeng e arotsoe leqephe likarolo tse tharo, e hlakile ʼme e bonahala hantle.

“Na nka nka buka ee foto?” ha botsa moeti. Mosebeletsi oa ntlo ea pokello ea libuka a nyamela hape ho kena ntlong e ka hare ʼme a khutla ka karabelo ea hore ho lokile. Moeti a bokella meqolo e ʼmaloa e tiileng e tsoang liluloaneng tse haufi le eena tsa libuka ka pel’a fenstere e haufi, a bea setšeetso sa kamera ea hae ʼme a bea kamera ka holimo ʼme a khetha leqephe la bobeli pokellong ea buka hore a le fote.

Moeti a ho fumana ho thabisa hore lebitso la Molimo, “Litlhaku tse ʼne” (Jehova, kapa, Yahweh) le hlaha ka makhetlo a mangata leqepheng lena, a qala ho seo hajoale ho thoeng ke Genese 2:4. Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 6 960 Mangolong a Seheberu. Hona ruri ha ho hlahise bafetoleli ba Bibele ba beang lentsoe “Morena” sebakeng leseling le letle.

Qetellong ea leeto mosebeletsi oa ntlo ea pokello ea libuka a bontša baeti libuka tse ngata tse sa fumanoeng habonolo tse kentsoeng ka ligalaseng. Har’a tsona e le Evangeli ea Ostromir e tsebisahalang, buka ea khale ho feta tsohle e teng ka Serussia (Sebulgaria sa Khale), ho tloha selemong sa 1056.

Ruri ke mohlolo o thabisang hore buka ea bohlokoa hakaalo e kang Buka e Leningrad e bolokiloe ka hloko naheng e thibelang ho kenngoa ha Bibele ka bolokolohi ka har’a naha. Buka e amehang ha se e ʼngoe ea tse ngata empa ke eona e ileng ea e-ba motheo bakeng sa liphetolelo tsa Mangolo a Seheberu, ho akarelletsa New World Translation e hatisitsoeng ke Watch Tower Society.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela