Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 6/1 maq. 28-29
  • Ponahalo ea ka Ntle e ka Thetsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ponahalo ea ka Ntle e ka Thetsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosali oa Lota a Hetla
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Hopolang Mosali oa Lota
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lokisetsa Topollo ea ho Kena Lefatšeng le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Molimo o Etsa Selekane le Abrahama
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 6/1 maq. 28-29

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Ponahalo ea ka Ntle e ka Thetsa

Abrahama le ngoana oa ngoana’bo Lota ba e-ba le bothata. Banna bana ba babeli ba ne ba bokelletse mehlape e meholo hoo liqabang li bileng teng pakeng tsa balisa ba bona. Ho boloka khotso, Abrahama a khothalletsa hore eena le Lota ba arohane. A re Lota a ikhethele pele. ‘Ha u ea ka letsohong le letšehali, ke tla ea ka ho le letona. Empa ha u ea ka ho le letona, ’na ke tla ea ka ho le letšehali’ kamoo Abrahama a ileng a bolela.

Lota a qamaka a le sebakeng se setle seo ba neng ba le ho sona, ’me, a supa sebaka se setle se nosetsehileng se haufi le metse ea Sodoma le Gomorrha, a ikhethela sona. Sebaka se ne se bonahala se le setle. Empa na se ne se hlile se le setle? Baahi ba sebaka seo ba ne ba theohile boitšoarong, ’me hona ha isa khathatsong.—Gen. 13:5-13.

Kamor’a nako, Lota le lelapa la hae ba fallela hona Sodoma. Hona ha ba bea boemong bo kotsi. Morena Kedorlaomere le metsoalle ea hae ba hlōla morena oa Sodoma, ’me, joalokaha u bona, ba hapa Lota le lelapa la hae. Kapele kamorao ho moo, leha ho le joalo, Abrahama le makhotla a hae ba ba pholosa kaofela ba khutla le sohle se neng se hapiloe. Lota le lelapa la hae ba khutlela Sodoma ho ea phela teng.—Gen. 14:4-16.

Mosali oa Lota mohlomong o ne a fumane lintho tse ling tsa Sodoma li hapa haholo. Empa ponahalo e ne e thetsa kannete. Ha e le hantle, ho senyeha boitšoarong ba botona kapa botšehali le ho se re letho ka bokhabane boitšoarong e ne e le litšobotsi tsa Sodoma le Gomorrha. Qetellong, Jehova Molimo a rera ho timetsa metse ka baka la bokhopo ba eona. Empa mohaung oa hae Molimo a romela mangeloi a mabeli a ileng a nka Lota, mosali oa hae le barali ba hae ba babeli a ba tšoara ka matsoho ’me a ba ntšetsa ka ntle ho motse. Eaba lengeloi le leng le re: ‘Balehisang bophelo ba lōna. ’Me le se ke la hetla.’

Lota le barali ba hae ba utloa. Ba baleha Sodoma ba sa hetle. Empa mosali oa Lota a hlompholla taelo ea mangeloi, a hetla, mohlomong ka ho laba-labela lintho tse bonahalang tseo a li siileng Sodoma, ’me a fetoha sefika sa letsoai.—Gen. 19:1-26; 2 Pet. 2:7, 8.

Mona re ka ithuta ho hong. Joaloka Sodoma, tsamaiso ea khale ea lintho e lefatšeng kajeno e bonahala e hapa maikutlo haholo. Empa ponahalo eo ke thetso. Ha e le hantle, tsamaiso eo e litšila boitšoarong, ’me ho timetsoa ha eona ho tiile hore ho tla tla joaloka ha kahlolo e tukang ea Molimo e ile ea tlela Sodoma ea boholo-holo.—Luka 17:28-30.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela