Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Ho ea ka Baahloli 4:4, na Debora a ka nkoa e le e mong oa baahloli ba Israele oa boholo-holo, ea balelloang le baahloli Samsone, Gideone le ba bang?
Tlaleho ea Bibele ho Baahloli 4:4 e re: “Mohlang oo, Debora, moprofeta oa mosali, mohats’a Lappidothe, o na a ahlola Iseraele.” Pelenyana, tlaleho e ho Baahloli 2:16 e re: “Jehova a ’na a ba hlahisetsa baahloli, ba ba namolela matsohong a ba ba senyang.” Ka baka leo mosebetsi o moholo oa baahloli e ne e le ho loanela Baiseraele lireng tsa bona. Ka hona, ho bonahala hore poleloana e ho Baahloli 4:4 e reng “mohlang oo, [Debora] a ahlola Iseraele” ha e bolele hore Debora o ile a inkela boemo ba monna le hore joale o ne a phethahatsa mesebetsi eohle ea moahloli Iseraeleng. Ho fapana le Samsone, Gideone, kapa baahloli ba bang ha a ka a ahlolela Iseraele eohle le ho ba molopolli kapa “monamoleli” oa bona. Ha e le hantle, ho Nehemia 9:27 ho sebelisoa lentsoe “banamoleli” boemong ba “baahloli.”—Bapisa Baahloli 3:9, 15.
Joale ka moprofeta oa mosali, Debora o ile a tsebisa Barake seo thato ea Molimo e neng e le sona tabeng eo. O ile a sebelisoa ke Jehova ho bitsa Barake ho sebeletsa e le moahloli bakeng sa ho liha sera. Barake a sebeletsa e le “monamoleli” ea fanoeng ke Jehova, e seng Debora, le hoja Barake a ile a kopa Debora ho tsamaea le eena. Ka baka leo ho bonahala.
● Na ho fosa liboka tsa Bokreste ka bohona ho thea sebe se sa tšoareloeng, kaha, ho Ba-Heberu 10:24-29, moapostola Pauluse o bua ka sebe sena hang kamor’a ho bua ka bohlokoa ba liboka?
Ho hlōleha ho utloa molao oa ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho tebile ’me ho ka isa liphellong tse kotsi bakeng sa mohlanka oa Jehova. Leha ho le joalo, ho ameha ho eketsehileng ho etsa sebe se sa tšoareloeng.
Ho bala khaolo ea 10 ea Ba-Heberu kaofela ha eona ho tla thusa ho utloisisa taba ena. Pele moapostola o supa hore mahlabelo tlas’a Molao a ne a sa fane ka tšoarelo ea libe, empa e le seriti sa lintho tse molemo tse tlang, ho akarelletsa sehlabelo sa Jesu Kreste. Jehova o fane ka Jesu Kreste e le sehlabelo se phethahetseng ho tlosa libe. Ena ke tokisetso e tobileng ea “selekane se secha.” Moapostola o khothalletsa ho ‘tiisa kano ea tumelo ea rōna re sa sisinyehe.’ (Ba-Heb. 10:23) Hona ho ka etsoa joang? O supa bohlokoa ba ho bokana hammoho ka mehla ho isana mesebetsing e metle, e seng ho ineela tloaelong ea ba bang ea ho fosa liboka tsa Bokreste. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba teng libokeng tse joalo ‘haholo etsoe re bona letsatsi le ntse le atamela.’—Litem. 25.
Ke boemong bona bona moo moapostola a tsoelang pele: “Hobane ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filoe tsebo ea ’nete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa libe; e se e mpa e le tebello e tšabehang ea kahlolo, le bohale ba mollo o tlang ho ja bahanyetsi. Ea neng a nyelisa molao oa Moshe o na a bolaoa, ho se mohau ka polelo ea lipaki tse peli, leha li le tharo; ha le bona, eo e leng ea hataketseng Mor’a Molimo ka maoto, ea entseng mali a selekane ao a hlatsoitsoeng ka ’ona ntho feela, ea nyefotseng Moea oa mohau, eena ho tla lekanngoa hoba o tšoaneloa ke kotlo e fetisang hakakang!”—Ba-Heb. 10:26-29.
Kahoo, lentsoe le kopanyang “hobane” le qalang serapa temaneng ea 26 hase le kopanyang feela khothalletso ea ho ba teng libokeng tsa Bokreste, empa le tlamahanya sohle se seng se boletsoe pele ho moo. Motho o tlameha ho amohela tsela ea Molimo ea poloko ka Kreste ’me a tsoele pele ho ananela tokisetso ena, ha a ntse a hopotse hore ho ba teng libokeng ke e ’ngoe ea litsela tseo Jehova a li lokiselitseng ho boloka motho a le matla tumelong le ho ba mafolofolo mesebetsing e metle. Hore ho joalo ho boetse ho tiisoa ke se boleloang ke moapostola temaneng ea 29, moo a bontšang hore kotlo e loketse motho ea “hataketseng Mor’a Molimo ka maoto, ea entseng mali a selekane ao a hlatsoitsoeng ka ’ona ntho feela.”
Kahoo ha rea lokela ho bua ka Ba-Heberu 10:24, 25 re e tlosa kemisong ’me re e kenya hore ho hlōleha ho ba teng libokeng ka mehla ka bohona ke seo moapostola a buang ka sona ha a bua ka ba etsang sebe se sa tšoareloeng. Bonneteng, ha motho a ‘tloaetse’ ho se be teng libokeng, o sebetsa khahlanong le lithahasello tsa moea oa hae ’me o kotsing e khōlō ea ho fokola tumelong le ho ba ea botsoa mesebetsing ea Bokreste. Hona, le hona, ho ka isa hore motho a hle a latole kapa a se nke ka botebo sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste ’me kahoo a lahleheloe ke bophelo bo sa feleng.
Sebe se boletsoeng ho Ba-Heberu 10:26-29 ha se sebetse ho seo motho a ka se bakelang ka kutlo-bohloko e khōlō, a ipiletsa ho Molimo ka Jesu bakeng sa mohau oa Molimo. Moetsalibe o hlile o latotse Mora oa Molimo e le molopolli oa hae ’me a nka sehlabelo sa hae e se sa bohlokoa ba letho bo lopollang.—Bapisa Ba-Heberu 6:4-6.
Motho ea joalo o siteloa tsebo e nepahetseng le ho sebetsa ha moea o halalelang oa Molimo, ’me ha ho monyetla oa hore a ka baka le hore a iphumantše tokisetso ea Molimo ea topollo ka Kreste. Ha ho mokhoa o mong oo Molimo o o entseng oa ho pholosa moetsalibe ea joalo oa ka boomo.