Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/15 leq. 32
  • Hohle ho Qalile ka Thapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hohle ho Qalile ka Thapelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/15 leq. 32

Hohle ho Qalile ka Thapelo

JEHOVA MOLIMO ke “ea utloang merapelo.” (Pes. 65:2) Ka ho loketseng, he, Lipaki tsa Jehova li rapella ho tsamaisoa ke Molimo le hore o li hlohonolofatse ha li bolela ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso oa oona. (Matt. 24:14, NW) E, thapelo ke ea bohlokoa ho fumaneng batho ba lipelo li tšepahalang. ’Me hangata le bona batho ba joalo ba rapela ka liphello tse nang le moputso moeeng.

Rio de Janeiro hoseng ka Sontaha se seng, Lipaki tse ling li ne li qetela tšebeletso ea tsona ea tšimo, empa ho ne ho saletse hore ho sebetsoe matlo a seng makae. Mosali e mong oa Mokreste a re ho ea ikarabellang sehlopheng: “Ke rata ho tsoela pele ho se hokae. Ka lebaka le leng ke batla ho ea ntlong eane.” A etsa tlhahiso ea hore ba tlohele matlo a saletseng hore ba a sebetse ka tsatsi le leng mosebetsing oa bopaki ba ntlo le ntlo. Empa mosali eo a phehella.

Ntlong eo e khethehileng, ha hlaha moroetsana monyako ’me a ea bitsa ’mè oa hae. Kamor’a nako e telele, ’mè a tla hlaha monyako ka mahlo a mafubelu ke ho lla. Hamorao, a bolella Paki hore o ne a ntse a lla ’me a rapela Molimo hore o mo thuse.

Mosali enoa o ne a kile a eteloa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova empa a bontša ho se thahaselle molaetsa oa Bibele. Joale ho shoa ha monna oa hae ka tšohanyetso ha mo etsa hore a batle ho buisana le Lipaki hape. A ba a ea batla Holo ea ’Muso ea tsona, empa a hlōleha.

Ka ho sebelisa Mangolo a Halalelang hoseng hoo ha Sontaha, Paki ea tšelisa mosali ea mosoabing. Ha qalisoa thuto ea Bibele ie eena, ’me hona khoeling eo a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Nakoana kamor’a moo, mosali eo a kolobetsoa tšoantšetsong ea boineelo ba hae ho Molimo. Hohle ho qalehile ka thapelo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela