‘Lefatše le Hloka Messia’
● Leselinyana la Roma le qotsa mantsoe a mookameli le moqapi oa “Lekhotla la Roma” le tsebisahalang (sehlopha sa bahlalefi ba lichaba tsohle) a re ho romeloe “messia” ho tla boloka lefatše mathateng a lona a tulisano le moruo. Tlaleho e itse: “Aurelio Peccei, eo ka lilemo tse 72 tseo a li phetseng a boneng mahlakore a mangata a bophelo, o boletse hore lefatše le hlile le hloka messia. Mookameli le moqapi oa Lekhotla la Roma o boletse hore moetapele ea bohlale ka tsela e khethehileng—mahlaleng a lefatše, lipolotiking le bolumeling—ke eena feela ea ka bolokang lefatše mathateng a lona a tulisano le moruo a sokelang ho timetsa bophelo ba batho. Moetapele ea joalo o lokela ho ba le matla a ka holimo ho lithahasello tsa sechaba le tsa lichaba tsohle esitana le boemo ba bopolotiki le moruo hore a etelle moloko oa motho pele hore o tsoe bomalimabeng boo o leng ho bona, ho boletse Peccei.”
’Musi oa bokahohle o ne a se a ’nile a bona hore sena sea hlokahala. O tšepisitse moetapele ea joalo ea nang le “matla a ka holimo ho lithahasello tsa sechaba le tsa lichaba tsohle.” Sena se bontšoa ke boprofeta bo mabapi le morena oa Messia ho Daniele 7:14: “A neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.”
Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ke eena Messia ea tšepisitsoeng ke Molimo, ke eena eo o mo entseng “motsamaisi le molaoli oa llchaba.” (Esa. 55:4) E tla ba morena oa mofuta ofe? Moprofeta oa Molimo o mo hlalosa e le ea nang le “moea oa bohlale le oa kelello, moea oa keletso le oa matla, moea oa ho tseba le oa ho tšaba Jehova,” hore a ahlole ka ho loka le ho kopanya moloka oa batho ka khotso.—Esa. 11:1-9.