Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/15 maq. 24-30
  • Ho Ahloloa ha “Seotsoa se Seholo” Hoa Atamela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ahloloa ha “Seotsoa se Seholo” Hoa Atamela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “BABYLONA E MOHOLO” OA BOHOLO-HOLO
  • BAKENG SA MEHLA EA RŌNA
  • KAMOO “METSI A MANGATA” A FOKOTSEHANG
  • Bolumeli ba Bohata—Timetso ea Bona e Tšosang e Bonoa Esale Pele
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Part 3—Babylona e Matla—’Muso oa Boraro o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Tlokotsi e Talimaneng le Balumeli Bohle ba Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • “Tlohang ho Eena, Lōna Sechaba sa ka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/15 maq. 24-30

Ho Ahloloa ha “Seotsoa se Seholo” Hoa Atamela

“Li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.”—Tšen. 17:16.

1, 2. Molimo o tsebisa bahlanka ba oona litaba life, hona hobane’ng?

’MOPI, Jehova Molimo o tsebisisa ho tla etsahala kamoso. “Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng ke bolelang tse tlang ho tla.” (Esa. 46:10) ‘Tsebo ea hae e phethahetse,’ o tseba lintlha tse qaqileng ka tse ‘tlang ho tlela’ tsamaiso ena ea lintho ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang. (Jobo 37:16; Matt. 24:21) Kaha ke Molimo oa lerato, o senolela ba mo sebeletsang ka botšepehi lintlha tsena ka ho lekana e le hore ba ka lula ba e-na le tsebo ea litaba e loketseng, ba hahehile le ho sireletsoa. Bibele e re: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta.”—Amose 3:7.

2 Kahoo, Molimo o nea bahlanka ba oona ba ikokobelitseng tsebo e khethehileng eo ba bang ba se nang eona. Joalokaha moapostola Pauluse a itse: “[Bohlale bona] e leng boo ho seng le a mong oa marena a lefatše lena ea bo tsebileng . . . Empa Molimo o li senoletse rōna ka Moea oa oona.” (1 Ba-Kor. 2:8-10) Ho ba le tsebo e tlang pele e tsoang ho Jehova, bahlanka ba hae ba hlomelletsoe—ruri ba rōmiloe, ke Molimo—ho hoa lefatšeng lohle ka temoso ea bofelo ba tsamaiso ena bo haufi, hammoho le ho hoa molaetsa oa matšeliso oa taolo e ncha.—Matt. 24:14.

3. Na bahlanka ba Jehova ba tla tseba ha ‘mahlomola a maholo’ a se a qalile?

3 Kaha Jehova o fepela batho ba hae ba tšepahalang ka tsebo e tlang pele ho nako ka bofelo ba tsamaiso ena, na hona ho akarelletsa tsebo e tla ba nolofaletsa ho lemoha ha ‘mahlomola a maholo’ a se a hlile a qalehile? E. Bopaki boo ke bofe? Bo amana le ho ahlola ha Molimo seo Bibele e se bitsang “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” (Tšen. 17:5) ’Me hona joale, ho etsahala liketsahalo tse lokisetsang hore hoo ho phethahale!

4. Ke hobane’ng ha ho thusa ho tseba se etsahalletseng Babylona ea boholo-holo?

4 Seotsoa sena sa tšoantšetso sa Mangolo ke sefe? Ho ka boleloa joang hore liketsahalo tse isang ho oeng ha sona li se li le tseleng? Re ka ithuta ho hongata ka lintho tsena ka ho supa Babylona e mong, ’muso oane o matla oa lefatše oa lilemong tse fetileng tse likete tse peli. Ho ileng ha etsahalla Babylona oa boholo-holo ho feta-feta pale feela tjee e tloaelehileng. Ho tšoana haholo ka boprofeta le ho tla tloha ho oela “seotsoa se seholo” sa mehleng ea rōna.—Tšen. 17:1.

“BABYLONA E MOHOLO” OA BOHOLO-HOLO

5. Ke hobane’ng ha Nebukadnezare ho bonahetse a e-na le lebaka la ho ithorisa?

5 “Na hase oona Babylona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho oa borena, e be khanya ea boholo ba ka na?” (Dan. 4:30) Ke Nebukadnezare, morena oa Babylona ea ileng a ithorisa joalo, lilemo tse fetang makholo a tšeletseng pele ho Mehla e Tloaelehileng. Ho bonahala Nebukadnezare a ne a e-na le lebaka le letle la ho ithorisa, hobane Babylona e ne e le motse o matla ho eohle mehleng ea eona, motse oa moreneng oa ’muso o matla ho feta eohle ea lefatše e neng e kile ea bonoa. Motse o moholo ho ne ho bonahala o ke ke oa kenoa habonolo, kaha o ne o likalikelitsoe ka marako a mabeli a maholo. Hape ho bonahala e na le mohloli oa metsi o sireletsehileng—nōka ea Eufrate—o mathang ka har’a motse. Mathōkong a nōka, ka hare ho motse, e ne e le marako a maholo a nang le menyako e neng e ka koaloa ho koalla ka ntle mokhathatsi leha e le ofe.

6. Babylona e ne e tsebisahala ka eng?

6 Leha Babylona e ne e e-na le sesole se matla, e ne e tsebisahala hape ka ho hong: E ne e le setsi sa bolumeli ba bohata lefatšeng leo la boholo-holo. Ho boleleha hore ho na le mesaletsa ea litempele tse seng ka tlase ho 53 tse sibollotsoeng lithakong tsa motse. The World Book Encyclopedia e re: “Ha ho mohla Bababylona ba kileng ba hla ba lahla melimo ea pelenyana, ka baka leo palo ea melimo eo ba e rapelang ea phahamela liketeng. Ho ne ho le teng melimo e metona le e metšehali e sireletsang motse o mong le o mong hammoho le melimo e emelang lintho tse kang letsatsi, khoeli, le linaleli, boemo ba leholimo, limela, linōka, le naha.” Tšusumetso ea Babylona bolumeling e ne e le matla hoo kamor’a nako e bileng ea ama le Bojakane. Ho tla fihlela kajeno, litumelo tsa bolumeli ba bohata le mekhoa ea Babylona ea kamorao ho Moroallo e fumanoang hoo e ka bang litumelong tsohle tsa lefatše lena.—Gen. 11:1-9.

7. (a) Sekoli se bolaeang sa Babylona e ne e le sefe? (b) Jehova o ne a tla mo etsa joang?

7 Leha ho le joalo, Babylona ea mehleng ea Nebukadnezare e ne e e-na le sekoli se bolaeang: E ne e le sera sa khale, se pelo e thata sa Molimo oa ’nete, Jehova, le sa batho ba hae. Hape, e ne e tšolla mali a mangata a se nang molato. Bibele e re: “Joale ka Babylona ha a ile a liha ba hlabiloeng ba Iseraele, le hona ba hlabiloeng ba lefatše lohle ba tla oa Babylona.” (Jer. 51:49) Ka baka la sena, Jehova o itse: “Babylona, letlotlo la mebuso, khanya ea bokhabane ea ba-Kalde, o tla ba joale ka metse ea Sodoma le Gomorrha, mohla e senngoang ke Molimo. . . . Nako ea Babylona e se e le haufi, matsatsi a hae a ke ke a eketseha.” Boprofeta boo bo ile ba ngoloa ke Esaia hoo e ka bang selemong sa 732 B.C.E. (Esa. 13:19-22) ’Me lilemo tse lekholo hamorao, Jeremia a re: “Ka bohale bo chesang ba Jehova, ha a sa tla ahuoa, ’me e tla ‘ne e be lefeella kahohle; e mong le e mong ea tla feta ka Babylona o tla makala, a some ka likotsi kaofela tsa hae.” E, “Babylona e moholo” eo ho neng ho bonahala a ke ke a kenoa o ne a tla “etsoa liqubu tsa majoe, leaho la liphokojoe, . . . moo ho seng moahi teng.”—Jer. 50:13; 51:37.

8. Ke lintlha life tse ileng tsa fanoa ka hore na Babylona o tla oa joang?

8 Babylona e ne e tla oa joang? Jehova a nea Esaia le Jeremia lintlha tse ling. Esaia a ngola hore Jehova ke eena ea “reng ho boliba: Psha, ’me ke tla pshesa linōka tsa hao.” (Esa. 44:27) Ho Feta moo, Esaia a re: “Jehova o bolela ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo a mo tšoereng ka letsoho la hae le letona, ho hlōla lichaba pel’a hae, ho tlamolla linyepa tsa marena mathekeng a ‘ona, le ho bula menyako pel’a hae, hore menyako e se ke ea koaloa.” (Esa. 45:1) Jeremia o hlile a bolela: “Bahale ba Babylona ba lesitse ho loana, . . . ba feletsoe ke bohale ba bona, ba fetohile basali.” (Jer. 51:30) Kahoo nōka e sireletsang ea Babylona, Eufrate, e ne e tla “psha”; moeta-pele eo Jehova a mo boletseng ka lebitso khale pele a tsoaloa, “Cyruse,” e ne e tla ba mohapi; menyako e pel’a nōka ‘e ne e sa tlo koaloa’; ’me masole a Babylona a ne a tla ‘lesela ho loana.’

9. Ke hobane’ng ha mokete oa Belshatsare e ne e hlile e le manyala ho Jehova?

9 Ka Mphalane 5/6 selemong sa 539 B.C.E. boprofeta boo ba phethahala ka nako hantle. Bosiung boo, morena ea ikhohomosang oa Babylona Belshatsare a etsetsa marenana a hae a sekete le ba bang mokete. A o etsa mokete oa bolumeli e le hore a ka soma Jehova, a tlisa lijana tse halalelang tseo Nebukadnezare a neng a li hapile tempeleng ea Jerusalema ka 607 B.C.E. Ka lijana tseo pele ho moo li neng li sebelisoa ke batho ba Molimo tšebeletsong ea Jehova, Belshatsare le ba bang, ho akarelletsa basali ba morena le linyatsi, ba noa ka nyeliso ho tlotlisa melimo ea bona ea bohata.—Dan. 5:1-4.

10. Mongolo o leboteng e ne e le ofe, ’me Belshatsare a itšoara joang?

10 Leha ho le joalo, Jehova o ne a ke ke a hlola a songoa. Nako e ne e fihlile hore a nke bohato! “Ka nako eona eo, ha hlaha menoana ea letsoho la motho, ’me ea ngola molilong oa lebota, . . . ka tlung ea morena; morena a bona ntlha ea letsoho ha le ngola.” (Dan. 5:5) Pono ena ea tšosa Belshatsare haholo hoo ‘mangole a hae a ileng a otlana.’ (Dan. 5:6) Ka sebete, Daniele a hlalosa mongolo o tsoang ho Molimo o ea ho morena, a re: “Molimo o balile ’muso oa hao, ’me o o khaotse. . . . U lekantsoe ka sekala, ’me ha fumanoa u le chatsi . . . ’Muso oa hao o arotsoe, ’me o neiloe ba-Mede le ba-Persia.”—Dan. 5:26-28.

11. Boprofeta ba Bibele ka Babylona bo ile ba phethahala ka lintlha tsohle joang?

11 Kantle ho marako a Babylona, makhotla a Persia a etelletsoe pele ke Cyruse e Moholo, tšebelisanong le Bamede ba Dariuse, a pota-pota motse. Ha Bababylona ba ntse ba tahoa moketeng oa bora o nyefolang oa bolumeli, ba ikutloa ba sirelelitsoe ke melimo ea bona le lebotho le hlometseng, Cyruse o ne a sebelisa leqheka le masene ka ho fetisisa. Ka leboea ho Babylona, bahlalefi ba hae ba cheka lebopo la Nōka ea Eufrate, ba e khelosa e le hore metsi a eona a se hlole a phallela ka boroa ho kena har’a motse. Kapele bophahamo ba nōka Babylona le mathōkong a eona ba theoha. Ka nakoana e khutšoanyane, metsi a be a le tlase ka ho lekaneng hore mabotho a etelloang pele ke Cyruse a ka kena ka nōka le ka leboea le boroa ’me a theose ka eona ho ea setsing sa Babylona. Ho makatsang, menyako e sikileng ka nōka ka har’a motse e ne e tlohetsoe e butsoe ke Bababylona ba sa belaelleng letho kapa ba tahiloeng. Ka matla a sisimosang, makhotla a Cyruse a aparela Babylona. “Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena oa ba-Kalde, a bolaoa.” (Dan. 5:30) “Babylona e moholo” o ne a oele—ka bosiu bo le bong feela! Hoo e bile ho nyarosang hakaakang, ’me e seng ho Babylona feela, empa le ho lichaba tsohle tse e potolohileng! Bofelo ba eona ba tla hantle joalokaha bahlanka ba Jehova ba ne ba boletse e sa le pele. ’Me ka nako ea teng Babylona ea fela ea fetoha “liqubu tsa majoe,” “makatso le sesomo, moo ho seng moahi teng.”

BAKENG SA MEHLA EA RŌNA

12. Moapostola Johanne o re’ng ka “Babylona e moholo” ho Tšenolo khaolo ea 17?

12 Hoo ho bolela eng bakeng sa mehla ea rōna? Ho hoholo. Lilemo tse fetang makholo a tšeletseng hoba Babylona e oe, moapostola Johanne o ile a bululeloa hore a ngole buka ea Tšenolo (Apocalypse). Ho eona a bua ka “Babylona e moholo” e ’ngoe, ’me a e hlalosa e le “’m’a liotsoa le a manyala a lefatse.” (Tšen. 17:5) Ka eena, Johanne a ngola, “marena a lefatše a febileng le sona, le ba ahileng lefatšeng ba tahiloeng ke veine ea bootsoa ba sona.”—Tšen. 17:2.

13. (a) Ke hobane’ng ha “Babylona e Moholo” oa kajeno e ke ke ea e-ba feela ’muso o mong oa bopolotiki? (b) Ke ka lebaka lefe seotsoa se bitsoang “Babylona e Moholo”?

13 Kaha ho boleloa hore marena a febile le eena, ho hlakile hore “Babylona e moholo” enoa e ke ke ea e-ba “morena” e mong. Seo e hlileng e se emelang ke seo Babylona ea boholo-holo e neng e tsebisahala ka sona—bolumeli ba bohata. Ke ka baka leo seotsoa sa kajeno se nang le lebitso le tšoanang le la motse oa boholo-holo. Ka sebele, lithuto le mekhoa e mengata e fumanoang ho Babylona oa kajeno oa bolumeli mohlala oa tsona o hlaha ka ho toba ho bolumeli ba Babylona ba boholoholo. Kahoo, seotsoa “Babylona e moholo” oa mehleng ea rōna o emela ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata oo ka makholo-kholo a lilemo o ineetseng ka ho sekisetsa bofebeng le lefatše ho e-na le ho sebeletsa Molimo ka bohloeki. Ho hong hape, e fana ka leseli le leng hore ke oa bolumeli, Tšenolo e re ka eena: “Ka boloi [bolumeli ba bohata] ba hao ua thetsa lichaba tsohle.”—Tšen. 18:23, phet e ncha.

14. Ke ho tšoana hofe ho teng hape pakeng tsa bo-Babylona ba babeli?

14 Hopola hore Babylona ea boholo-holo e ne e bile sera se pelo-thata sa Molimo le batho ba oona, ’me e ikarabella ka mali a mangata a tšolotsoeng likhapong tsa eona tse ngata. Ka ho tšoanang, ka Babylona ea kajeno Bibele e re: “Ho oona ho fumanoe mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšen. 18:24) Seotsoa sena e bile mohlorisi e moholo oa batho ba kajeno ba Jehova, lipaki tsa hae. Hape, ka ho tšehetsa ha hae lintoa tsa lichaba, a khothalletsa batho ba ka mahlakoreng ’ohle hore ba bolaeane, o nkoa a ikarabella ka mali “a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”

15. Seotsoa se tla timetsoa matsohong a bo-mang, ’me ho tla nka nako e kae?

15 Kaha “libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong,” kahlolo ea Molimo ea seotsoa e tla tla ka potlako. (Tšen. 18:5, 21) Bibele e bolela hore: “likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng,” ruri, “ka hora e le ’ngoe!” (Tšen. 18:8, 10) Hoo ho tla tšoana le ho ileng ha hlahela e neng e tšoantšetsa, Babylona ea boholo-holo, e ileng ea oa ka bosiu bo le bong! Seotsoa se tla oa ka matsoho a mang? Jehova o tla tlohella mekha ea bopolotiki e ’nileng ea feba le seotsa hore e se timetse. “Li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.”—Tšen. 17:16.

16. “Metsi” ao Babylona oa kajeno a lutseng holim’a oona ke afe, ’me ho tšoana ho hokae ho ana le Babylona ea boholo-holo?

16 Ho tšoana ho hong ho teng pakeng tsa Babylona ea boholo-holo le ea kajeno, ho amana le ho timetsoa ha tsona. Babylona ea boholo-holo e ne e lutse holim’a metsi, metsi a sebele a Nōka ea Eufrate. Babylona ea kajeno le eona e lutse “holim’a metsi a mangata,” kamoo ho bolelang Tšenolo 17:1. Metsi ana ke eng? Lentsoe la Molimo lea arabela: “Metsi ao u a boneng, ao seotsoa se lutseng ho ’ona, ke merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo.” (Tšen. 17:15) Hlokomela hore ho lihuoa ha Babylona ea boholo-holo ho ile ha etelloa pele ke ho fokotseha ha metsi a sebele a Nōka ea Eufrate. Na ho teng ho fokotseha ha metsi a tšoantšetso (batho) tlas’a Babylona ea kajeno? E, ho teng, ’me ho etsahala hona mahlong a rōna!—Tšen. 16:1, 12.

KAMOO “METSI A MANGATA” A FOKOTSEHANG

17. Ke ka tsela efe “metsi” a tlas’a seotsoa a ntseng a fokotseha?

17 Ke ka tsela efe “metsi a mangata” a tšoantšetso a tlas’a Babylona oa kajeno a fokotsehang, a felang? Ka hore batho ba limillione, ho akarelletsa mashome a likete a basebeletsi ba baruti ba bolumeli, ba tlohetse ho tšehetsa bolumeli ba bona kamoo ba kileng ba ho etsa, ba bo fokolisa ka matla. Hoo ke ’nete ka ho khethehileng Bojakaneng, bo nang le molato o moholo kaha bo ipolela hore bo sebeletsa Molimo le Kreste. Le hoja ka linako tse ling ho boleloa “tsosoloso” malumeling a ’maloa, haholo ao e seng a khale haholo, mabakeng a mangata hona ke ntho e etsoang mahlong a batho feela. Ka mekhelo e seng mekae, phetoho e akaretsang ke e sa ikhakanyeng ’me e ka bonoa ka litlhaloso likhatisong tsa lefatše, tse kang tse latelang:

“Ho na le ho etsahetseng ka Bojakane. Hohle ho bontša hore re kene bosiung bo bolelele ’me re ke ke ra tsoa ho bona . . .

“Boteng bo molemo ba Bokreste le Boroma K’hatholike pontšeng bo se bo nyametse. Re bona ho shoa ha Bokreste bo hahelletsoeng tulisanong le lipolotiking.”—Sengoli se tsebisahalang sa Mok’hatholike Malachi Martin, ho Providence “Sunday Journal,” la 17 Tlhakola, 1980.

“Khaello ea baprista le baitlami ba basali Bophirima e haufi le boemo ba koluoa ho tloha sechabeng se seng ho ea sechabeng se seng.”—“Time,” ea la 21 Phato, 1978.

“Bokreste [bo] checha ka potlako . . . pontšo ea ho se lumele ho nang le tumela-khoela, pherekano le ho hloka tsebo. . . . Hase ho feteletsa litaba ho bolela hore e batla e le bana bohle ba sa tsebeng hore na Bokreste e hlile ke eng.”—London “Times,” ea la 25 Loetse, 1978, e hlalosa ka tlaleho e tsoang lekhotleng la Chache la thuto.

18, 19. Fana ka bopaki bo bong hape ba ho fokotseha ha “metsi” ana.

18 Ha Mopapa John Paul II a etela France ka Motšeanong 1980, New York Times (Motšeanong 31) ea hlalosa: “Tšusumetso ea kereke e ntse e theoha ka potlako France. Khetho e entsoeng haufinyane e senotse hore ke karolo ea 15 lekholong feela ea batho eo e leng Mak’hatholike ketsong, le hoja karolo ea 85 lekholong e le ba kolobelitsoeng kerekeng.” Moarekabishopo Luciano Cabral Duarte oa Brazil o itse: “Mak’hatholike a rōna a felloa ke matla ’me a bolaoa ke phokolo e matla ea moea.” (Veja, Pherekhong 30, 1980) Nigeria, moruti oa kereke ea Presbitheri o ile a lumela hore: “Kajeno kereke e e bonahala e lahlehetsoe ke boikutlo ba ho itsebahatsa e joaloka motho ea kulang hlohong ’me a botsa, ‘Ke mang na?’ hape a re ‘Hona ke batla eng mona’?” (Daily Star, Loetse II, 1978) Greece, koranta e buile ho latelang ka Kereke ea Magerike e kileng ea hlompheha:

“Kajeno Kereke, ke hore baruti, haholo baruti ba phahameng, hangata ke lehaha la lihlong, mohloli oa booatla le bothoto.

“Hoo, ka nako e telele joale, boholo ba batho ba Magerike ba talimang baruti ba bangata e se batsamaisi ba hlomphehang le ba moea, empa e le sehlopha se seholo sa baferekanyi le ba etsang lintho tse lihlong, ba ratang liphetoho le batlatlapi, bao ho e-na le ho ‘tataisa mohlape oa bona’ ba o tšehisang ka lipuo tsa bongoana le mepoto.”—“To Vima,” Mphalane 15, 1978.

19 Ka setsi sa bohlokoa haholo sa Kereke ea Boholo-holo ea Bochabela se Turkey, Time e re: “Pono ea pale, eo e kileng ea e-ba setsi sa halefo ea lefatše la Bokreste, ea shoa.” Rabbi oa Leamerika Alvin Reines o bua tjena ka bolumeli ba Bajode: “Bojode ba Amerika bo boemong bo tsielehileng ba tlokotsi. Bothata ke hore Bajode ba Amerika ha ba amohele lithuto tsa Bojode ba neano.” England, likereke tse ngata haholo li koetsoe lilemong tsa morao tjena ka baka la ho fokotseha ha ba bang teng hoo mohlalosi e mong a ileng a li bitsa “mofuta o kotsing.” Jeremane, khetho e senotse hore ke karolo ea 17 lekholong feela ea Majeremane a ka tlase ho lilemo tse 35 e lumelang hore Molimo o teng. Japane, ha batho ba ne ba botsoa, “na u na le bolumeli bo itseng?” Karolo ea 60 lekholong ea arabela “Che” ’me ea 7 lekholong ea se ke ea arabela. Linaha ka ho latellana boemo ba lefatše lena ba bolumeli ba joalokaha The Age ea Melbourne Australia, e re—lihlopha tsohle “li bohlokong ba ho lahleheloa ke balumeli.” Kaha “ho oa ha balumeli,” ho oa ha “metsi a mangata” ao seotsoa se lutseng holim’a oona, ho etsahala ka mokhoa o totobetseng hona joale, na ebe makhotla a timetso a ka ba hole haholo? Che.

20. Ke keletso efe e potlakileng eo Lentsoe la Molimo le fanang ka eona ho batho ba sekametseng ho lokeng?

20 Ho tšehetsoa ho ntseng ho fokotseha ha “seotsoa se seholo” ho lumellana le tlhaloso ea boprofeta ba Bibele ka “mehla ena ea qetello’ ha bo bolela hore batho e tla ba “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.” Boprofeta bona boo joale boa eletsa: “Le ba joalo u ba furalle.” (2 Tim. 3:4, 5) Ka ho tšoanang, polelo e matla e lebisoang ho batho ba sekametseng ho lokeng ba sa ntsaneng ba le ho “Babylona e Moholo” ke hore: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”—Tšen. 18:4.

21. Ke ketso efe e qetellang e etsang hore Jehova a halefe, hona ka phello efe?

21 Haufi hona joale, “seotsoa se seholo” se tla bolaoa e le kahlolo ea Molimo ho sona. Joaloka Babylona ea boholo-holo, ho oa ho potlakileng ha Babylona ea kajeno ho tla ipaka e le ho nyarosang haholo ho lefatše. (Tšen. 18:9-19) Ho timetsoa ha eona e tla ba ketsahalo e tla tšoaea ho qaleha ha ‘mahlomola a maholo.’ Joale, hape, mekha eo e hananang le Molimo e tla retelehela ho bahlanka ba Jehova ho leka ho ba pshatla. (Ezek. 38:16) Empa Jehova o re ho ba tšepahalang ba hae: ‘‘Ea le amang o ama thaka ea leihlo la [ka].” (Zak. 2:8) Hona ho baka hore Molimo o nke bohato bo potlakileng. Jehova o re: “Tsatsing leo, . . . bohale bo tla tlala linko tsa ka. Ke rialo poulelong ea ka le chesehong ea khalefo ea ka.” (Ezek. 38:18, 19) A tla ho tla pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang, Molimo ka potlako le ka makhotla a thumakanyang o otla lichaba ‘‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ‘ohle,” Harmagedone. Lira tsa Molimo le batho ba hae kahoo lia felisoa, lefatše le hloekisoa bokhopo bohle.—Tšen. 16:14, 16; Liprov. 2:22.

22. Ba tšepahalang ho Jehova ba tla putsoa joang?

22 Kamor’a Harmagedone, ho qaleha taolo e ncha e babatsehang. Ba tšepahalang ba fetang “mahlomoleng a maholo” ba putsoa ka ho enneng. “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:3, 4.

23. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho khothala ho sa tsotellehe maemo a hona joale a thata? (b) Re ka phehella ba batlang ’nete ho etsa joang?

23 Ka baka leo, khothalang, lōna bohle ba ratang ho loka! Tsebang hore matsatsi a “seotsoa se seholo” le a babusi ba hatellang ba bopolotiki ba tsamaiso ena ea lintho, a baliloe ’me haufi Jehova o tla ba tlosa tseleng. Kaha ‘Molimo ha o thetse,’ tšepa hore o tla phethahatsa seo u se tšepileng ho phela ka ho sa feleng taolong e ncha ea paradeise moo letsatsi le leng le le leng ‘u tla iketla khotsong e khōlō.’ (Tite 1:2; Pes. 37:11) Ho sa le joalo, iphumantše litokisetso tsa Jehova ho u matlafatsa moeeng bakeng sa matsatsi a thata a haufi. Ha u ntse u etsa joalo, ka lerato u nahane ka ba bang ba sa ntsaneng ba ‘lapetse le ho nyoreloa ho loka.’ Phehella ba joalo ho tebisa pelong keletso ea Bibele: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.”—Matt. 5:6; Esa. 55:6.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Babylona ea Boholo-holo e ne e lutse pakeng tsa metsi a Nōka ea Eufrate

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Ho fokotseha ha metsi a Nōka ea Eufrate ha hleka tsela bakeng sa hore makhotla a sera a kene Babylona le ho e liha

Ho fokotseha ha metsi a tšoantšetso (batho) tlas’a Babylona e Moholo ho etella pele ho timetso ha hae

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela