Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 6/1 maq. 11-12
  • Ke Eng se Khotsofatsang Kelello Kannete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Khotsofatsang Kelello Kannete?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Letlotlo le sa Senyeheng ho Hang’
  • Letlotlo la ‘Katamelano le Jehova’
  • Morena Davida o itse: “Bona, ke tsoaletsoe bokhopong, ’mè o nkemoletse sebeng.”—Pes. 51:5.
  • Mokhoa oa hore U Latsoe Khotso ea Molimo Haholoanyane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso ea Molimo bakeng sa ba Rutoang ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • U ka Etsa’ng Hore U be le Khotso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 6/1 maq. 11-12

Ke Eng se Khotsofatsang Kelello Kannete?

KHOTSO ea kelello. Ke mang ea ka e fumang lefatšeng la kajeno le mahlonoko? Baferekanyi ba atisa ho bea bophelo ba batho ba bang kotsing. Babalehi ba atisa ho baleha naheng ena ho ea ho e ’ngoe. Libetsa tse chefu li tletse hohle ’me li eme e le kotsi e bolaeang holim’a moloko ’ohle oa motho. Ho theoha ha matla a chelete ho ja lichelete tse bokelletsoeng, ’me hangata le lichelete tseo e leng khale li bokelletsoe. Ho sena phaella “lintoa” tse ngata tsa botho le mathata a bophelo, masoabi a tsoaloang ke lefu la ea ratoang—le lipelaelo tse ngata tse tloaelehileng ho batho hohle—’me ruri khotso ea ’nete kelellong ke ntho e oeloang tsamaisong ea kajeno.

Empa ba bangata ba shebelletse tšireletso le khotso eo ba e lebelletseng hokae? Hangata ba e shebelletse leruong la chelete le thepa e ngata e bonahalang. Leha ho le joalo, na hona ho khotsofatsa kelello kannete?

Ho ka ’na ha bonahala eka ho joalo. Empa ka mokhoa o khutsitseng—mokhoa o sa bonahaleng—molemo oa lintho tse bonahalang o tla pona ha lilemo li ntse li feta. Ka mohlala, motho oa morui a ka ’na a ba le liaparo tse ngata tse theko e boima. Empa ke booatla bo bokaakang ho bea molemo o mongata liphahlong tseo a li bolokileng! Kokoanyana e mapheo a mane—haholo pele e mela mapheo—e ka etsa kotsi liphahlong tse theko e boima. E, tšoele e ka ba khathatso ’me, ho isa tekanyong eitseng, ea amoha motho kelello ea ho sireletseha le hoo e kang ke khotso ea kelello. Ka baka leo, leha ho pholohuoa litlhaselo tse senyang tsa tšoele, liaparo lia tsofala kapa lesholu le ka ’na la li utsoa.

‘Letlotlo le sa Senyeheng ho Hang’

Moprofeta oa Molimo Esaia o bontšitse hore qetello ea bahanyetsi ba oona ba ikelang ka tsela ea bona e tla tšoana le ea seaparo se jeloeng ke tšoele kapa se tsofetseng. Empa hona tabeng eo Esaia a supa mohloli oa sebele oa tšireletseho le khotso ea kelello, a re: “Morena Jehova ke thuso ea ka. Ke tla tsuoa ke mang? Bonang, ba tla fela bohle joale ka seaparo se maharasoa, ba tla jeoa ke tšoele.” (Esa. 50:7-9) Ka sebele, le hoja lintho tse bonahalang e le tsa bohlokoa ka nakoana, kamano e haufi ea botho le Molimo ea matlafatsa. E khotsofatsa kelello kannete.

Jesu Kreste a nkela litaba pejana ha a re: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso. Bapatsang ka tseo le nang le tsona, ’me le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa fefeleng maholimong, moo lesholu le sa atameleng teng, le moo tšoèlè e sa senyeng. Hobane, moo letlotlo la lōna le leng teng, ke moo le lipelo tse lōna li tla ba teng.” (Luka 12:32-34) Jesu joale o ne a bua le balateli ba hae ba tlotsitsoeng bao e neng e tla ba majalefa le eena ’musong oa leholimo. (Ba-Roma 8:12-17) Empa motheo o akaretsang o sebetsa ho Bakreste bohle. Lintho tsa moea ke tsa bohlokoa bo fetisisang.

Letlotlo la ‘Katamelano le Jehova’

Empa, habohlokoa ho feta ntho leha e le efe ke kamano ea botho le Molimo o Holimo-limo. Ka “letlotlo” lena, mopesaleme Davida o itse: “Lekunutu la Jehova ke la ba mo tšabang.” (Pes. 25:14) ’Me ke ntho e khōlō hakaakang ho tloaelana le ba bang ba thabelang kamano e haufi ea botho le Molimo e le batho ba oona! Ka lekhetlo le leng, ka thabo Davida a re: “Ke moo ke tla u leboha phuthehong e kholo, ke u roke har’a sechaba se sengata.”—Pes. 35:18.

Le hoja e le habohlokoa hakaalo ho ba le batho ba Molimo, tšebeletso ea rōna e ke ke ea e-ba feela e hlophisitsoeng le e lokiselitsoeng haeba e tla amoheleha ho Molimo. Ha e le hantle, khotso ea ’nete ea kelello e ka ’na ea haella haeba motho a kena mesebetsing ea Bokreste ntle ho tšusumetso e loketseng. Pele a neela bophelo ba hae ho Molimo, mosali e mong e mocha o ne a thabile haholo ke ho tloaelana le Lipaki tsa Jehova. Empa o lumela hore:

“ . . . Ke ne ke hohetsoe ke batho ba bolumeli bona bo bocha. Ba ne ba thabile, ba le botsoalle ba thabela ho boloka melao e phahameng ea boitšoaro ea Bibele. Ka thabela ho ba le bona. Ka ea libokeng tsa bona ke bile ke kopanela ho ea ka ntlo le ntlo ho buisana le ba bang ka Bibele.

“Ka tsatsi le leng ka ipotsa potso e tebileng. Na bolumeli e tlameha ho ba kamano le batho ba bang kapa e lokela ho ba kamano le Molimo? Ke ne ke bona hore ke fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova e mafolo-folo hobane ke ne ke hlile ke thabela batho ’me hape ke batla ho khahlisa matsale oa mosali [e mong oa Lipaki], e seng hobane ke rata Molimo. Ke ne ke ea ka ntlo le ntlo ka Bibele, empa ke sa tsebe hore na ke ho etsa ka lebaka lefe. Ka tlohela seo ke se etsang.”

Ha likhoeli li ntse li feta, mosali e mocha enoa a lekanyetsa ka nepo “hore na ho bolela eng ho ba le kamano ea botho le Jehova Molimo.” Hape, a fumana thuso ea Mangolo ho mosali e mong oa Mokreste ’me a utloa kameho e lerato e tsoang phuthehong ea moo ea Lipaki tsa Jehova. Phello ea e-ba efe? A “fumana tšepo e phelang kamanong ea [hae] ea botho le Jehova.” Mosali enoa a kolobetsoa tšoantšetsong ea boineelo ba hae ho Molimo ’me a qala ho sebeletsa Jehova ka thabo le batho ba hae.

Khotso ea ’nete ea kelello le tšireletseho li thabeloa ke ba nang le kamano e haufi le Jehova. ’Me ho sa tsotellehe lipelaelo tse sa tšoaneng tsa bophelo, bona, hammoho le balumeli bahabo bona, ‘ba sebeletsa Jehova ka nyakallo.’ (Pes. 100:2) Empa ha re ke re keneng ka ho teba ’me re ithute hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba thabela khotso ea kelello le pelo lefatšeng lena le mahlonoko.

Morena Davida o itse: “Bona, ke tsoaletsoe bokhopong, ’mè o nkemoletse sebeng.”—Pes. 51:5.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela