Lithapelo le Boiteko Lia Putsoa
MOAPOSTOLA oa Mokreste Pauluse o ile a phehella balumeli hammoho le eena ho ‘tiisetsa thapelong,’ (Ba-Roma 12:12) E ne e le ka lebaka le letle, hobane Pauluse o ne a tseba hore thapelo e joalo e molemo. Molimo o hlile o arabela lithapelo tse loketseng tse tumellanong le thato ea Molimo. Hangata, boiteko bo tiileng bo tlameha ho tsamaisana ie thapelo e etsoang ka matla. Ka mohlala:
Masimong a maholo a libanana Ecuador ho ne ho le teng sehlotšoana sa baboleli ba ka fihlang ho 10 ba ’muso oa Molimo. Ba ne ba tlameha ho tsamaea lihora tse telele e le hore ba ka ba teng libokeng tsa Bokreste, le sebaka seo ba pakang ho sona se qalikane haholo hoo ho ba nkang lihora tse peli ho isa ho tse tharo hore ba fihle ho bao ba ahisaneng le bona ba tsamaea ka maoto. Empa lipaki tsena tsa Jehova li ile tsa fumana moputso bakeng sa boiteko ba tsona ha li bolela, kapa ha li tsebahatsa ‘litaba tse molemo.’—Esa. 52:7.
Paki e ’ngoe hona sebakeng seo—monna moholo ea lilemo li 60—a rapela hore Jehova Molimo a ke a hlohonolofatse boiteko ba hae ka ho mo nolofaletsa hore a fumane ’me a tsamaise thuto ea Bibele le motho e mong ea thahasellang. A phakisa a fumana thuto e ’ngoe. Leha ho le joalo, ’moleli enoa oa ’Muso, a ’na a rapela hore Molimo o mo thuse ho ea pele e le hore ho tsamaea hohle ha hae sebakeng seo se ka thōko ho ka ba molemo. Phello ea e-ba efe? Kamor’a nakoana o ne a tsamaisa lithuto tse nè tse arohaneng tsa Bibele le batho ba bontšang ho thahasella ‘litaba tse molemo.’
Boiteko ba bahoeletsi ba ’Muso ba 10 ba sehlopheng bo ne bo hlohonolofalitsoe le bona. Hona ha totobala ha ba khona ho tlisa batho ba 80 bakeng sa puo ea phatlalatsa ea Bibele ha ho ne ho etile molebeli ea tsamaeang. Batho ba bang ho ba neng ba le teng ba ile ba tlameha ho tsamaea lihora hore ba eo ba teng.
Leha e le libakeng tse thōko kapa kae le kae feela, Lipaki tsa Jehova li thabela ho kopanela le ba bang ‘litaba tse molemo tsa Molimo o thabileng.’ (1 Tim. 1:11) Liketsong tsena nako le nako lithapelo tsa bona tse tiileng le boiteko bo tšepahalang lia putsoa. Ho hana’ng hore u buisane ka Bibele le Lipaki ka lekhetlo le latelang ha li etetse lapeng ha hao? Ho etsa joalo ho ka u putsa ka bouena moeeng.