Jesu e ne e le Setsebi sa Molumo
Bukeng ea Auguste Raes e bitsoang “Isolation Sonore et Acoustique Architecturale” (Khōliso ea molumo ntle ho mochini le Bohlale ba Tsamaiso ea Molumo) ho na le khaolo e buang mabapi le ho bua phatlalatsa sebakeng se bulehileng. Ho thabisa haholo ho bala buka ena tlas’a sehlooho se reng “Gospel Preaching” (Ho Ruta Evangeli):
“Thutong ena ho na le mantsoe a reng: ‘A kena ho se seng sa likepana . . . a kopa [Simone] hore a suthise sekepe hanyenyane lebopong . . . ’me a ruta matšoele a lutse sekepaneng.’—Luka 5:3, ‘The Jerusalem Bible.’
“Sebaka se theohelang se leng mabapong a letša la Genezarethe ha sea fetoha, se sa le joalo ka mehleng eo taba e boletsoeng ka holimo e etsahetseng ka eona. Ka baka leo re ka sebelisa likarolo tse etsahetseng mabopong a lona kajeno. . . .
“Mabopong a letša ho ne ho le teng lintho tsohle tsa bohlokoa bakeng sa molumo. Pele, batho ba ne ba khona ho bona sebui le ho utloa mantsoe a tsoang molomong oa sona. Ereka ha sebaka se pel’a mabopo se theohela, molumo oa lentsoe la sebui o utloahala haholo ha se sutha hanyenyane lebopong. Taba ea bobeli, metsi a khutsitseng a letša a tseba ho jara molumo oa lentsoe la sebui hantle. Ka baka leo molumo oa lentsoe o tsoang metsing o utloahala hantle haholo . . . o hlakile ho feta hōle molumo oa lentsoe la sebui o utloahala haholo ha se sue jarang molumo oa lentsoe e kapele ho sebui.
“Taba ea ho qetela, mona re ithuta ntho e ’ngoe ea bohlokoa e sebetsang: Sebui ha se ea lokela ho ba haufi haholo le bamameli ba sona.”
Nakong eo Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se neng se le sebakeng se ka leboea ho New York, morupeli ea neng a bua phatlalatsa sebakeng se bulehileng o ne a ee a bontše liithuti tsa hae kamoo metheo e boletsoeng ka holimo e sebetsang ka teng ka hore a bue le liithuti tse lutseng lebaleng a le ka lehlakoreng le leng la letamo.