Ha ho sa Hlokomeloe Keletso ea Molimo
Paki e nyenyane e qalehong ea lilemo tse 20 e bolela ka liphello tsa ho sitoa ha eona ho ela hloko keletso ea Molimo. E-ea ngola:
“Ke ile ka etsa phoso e tšabehang lilemong tse seng kae tse fetileng. Ka etsa bohlola le mohlankana ea sa kolobetsoang ea neng a ithuta Bibele ka nako eo. Ke ne ke kolobelitsoe. Ke ne ke batla hore a nthate. Bakeng sa hoo, ka bobeli ra tlōla molao oa Jehova. . . .
“Hona joale bophelo ba ka ke letoto la bo-Hoja. Hoja joaloka mocha ea ratang Jehova ke bile matla haholoanyane. Hoja feela ka mamela seo Jehova a se hlokang haholoanyane. Hoja feela ka nahana ka botebo ba liketso tsa ka ha ke etsa phoso. Joale ke tlameha ho kotula seo ke se jetseng. . . . Ho hlobaela bosiu, linako tsa tsieleho ka likhapha ke karolo ea moputso oa ka oo ke tlamehang ho o lefela ho se utloe Jehova. . . .
“Ke lakatsa eka bacha ba ka hlokomela hore baholo le Jehova baa ba rata ’me ha ba batle ho bona ba tsoile kotsi. Seo Molimo o se hlokang se molemong oa thabo ea rōna feela. Hang ha ho entsoe phoso, ha ho sa le ho khutlela morao ho ea e lokisa. Re tlameha hore ka mehla re tšepe Jehova ’me re ikemisetse ho tšoarella metheong ea hae e lokileng le e lerato. Thabo ea rōna re le bacha ea ameha. Ka linako tsohle re nahane ka nako e tlang; kamano ea rōna le Jehova. Hore re etse joalo re lokela ho khetha tsela ea rōna ka bohlale hona joale, ho latela metheo ea Bibele. Ke seo ke ithutileng sona, ka bomalimabe ka tsela e thata. Ba bang ka tšepo ba tla qoba phoso, ba tšepa Jehova.
“Ruri ke rata Jehova. Ho nkutloisa bohloko hore ke ile ka mo hlompholla. Empa ke ikemiselitse ho hatela pele, ho sebetsa ka thata, ho haha kamano e matla le ea ka mehla le Jehova. Ke lebelletse ka cheseho nako ea ha neo ea Jehova ho bafo ba hae ba tšepahalang, tsamaiso e ncha e busoang ke boitšoaro bo khanyang, e tla phethahala le ho thabeloa ke bohle. Ke ka nako eo feela nka lebalang bohloko ba pelo le lehlaba leo ke le baketsoeng ke sebe sa ka.”