Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/1 leq. 15
  • Ketso ea Lefeela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ketso ea Lefeela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Kereke e Tla Etsa se Boletsoeng ke Mopapa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Na Khetho ea Hao ka Phekolo ea Meriana ea Tsotelleha?
    Tsoha!—2001
  • Morui le Lazaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/1 leq. 15

Ketso ea Lefeela

Ho boleloa hore nakong eo Mopapa John Paul II a neng a etetse tulo ea batho ba futsanehileng haholo ea Rio de Janeiro, lehlabuleng le fetileng, o ile a ikutloa a amehile haholo ka bona hoo a ileng a ntša lesale la hae la gauda monoaneng ’me a le nea batho ba tulo ena ba futsanehileng. “Lesale lena ke le nea ma-Vidigal [ke hore batho ba futsanehileng],” e bile mantsoe a hae ho moprista Italo Coelho, ea ileng a amohela lesale lebitsong la batho ba sebaka sena. Empa ho ea bofelong ba Phato lesale lena le ne le e-so ho etsetse batho ba futsanehileng molemo le o monyenyane feela. Moprista Coelho o boletse hore lesale le ne le beiloe kerekeng e akaretsang le sebaka sa “bafumanehi.” Empa ho ea ka lipeho tsa New York “Times” “kereke ke se seng sa libaka tse ruileng haholo.”

Na lesale lena le tla ke le rekisoe hore chelete ea lona e thuse batho ba futsanehileng? Moprista o ile a arabela tjena: “Ho hlakile hore re ke ke ra le rekisa.”

Taba ena e re hopotsa setšoantšo sa Jesu sa “morui” ea neng a ‘iketlile menateng ka matsatsi ’ohle’ le mofutsana ea utloisang bohloko ea bitsoang Lazaro ea neng “a ka lakatsa a ka khora makumane a oang tafoleng ea morui.” Ha se feela hore baeta-pele ba bangata ba likereke ba iphelela hamonate joalo ka “morui,” ’me ba nea mafutsana “makumane” a oang “tafoleng,” ho tšoana le lesale la mopapa; empa sa bohlokoa haholo, na ha baa etsa ntho e tšoanang tabeng ea ho hlokomela ba futsanehileng moeeng? Boemong ba hore ba ba nee “lijo” tse tiileng tsa Bibele, ba ba nea “makumane” feela a litšebeletso tsa borapeli le lipolelo tsa bopolotiki.—Luka 16:19-22, Catholic “Douay Version.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela