Moruti o Talima Lihele ka Tsela e ’Ngoe
HAUFINYANE ho tsoa phatlalatsoa lipelaelo tsa moruti oa Methodist ka boteng ba lihele tse tukang ho makasine ea U.S. Catholic. A ngola: “Ho na le linnete tse ngata haholo tse matla tsa Bibele, thuto, le kelello tse hananang le boteng ba lihele tsa sebele hoo potso ena e itlhahisang ka tlhaho. Ke hobane’ng ha likereke li e ruta hona ke hobane’ng ha batho ba atisa ho e lumela?” Moruti, Robert Short, o fana ka maikutlo a hore karabelo e lutse “tšabong e se nang tumelo ea kereke ea ho tela ‘molaetsa leha e ka tšosoa ka lefu.’” A re: “Likereke ho bonahala li lumela, ka kelello kapa e seng ka kelello, hore tšabo—ho e-na le lerato—e hapa sohle.”
Moruti a tiisa hore “khang e matla haholo e loantšang boteng ba lihele tsa sebele . . . eo re ka e tsebang ke ho tseba ntho ka litholoana tsa eona. (Matt. 7:16, 20)” A sebelisa teko ena, a hlokomela hore: “Ho totobetse ka mokhoa o bohloko hore thuto ea ‘Bokreste’ e beileng litholoana tse chefu ka ho fetisisa ke thuto ea lihele tsa sebele. Hobane ho ke ke ha pakoa feela hore thuto ena e hlahisitse ‘Bakreste’ ba sehlōhō le ba itokafatsang paleng eohle ea Bophirima, Bakreste ba ’nileng ba ikutloa ho loketse ho hloea le hona ho bolaea kaha ho ka etsoa khang hore ketso leha e le efe e lokile haeba e pholosa batho ba bangatanyana liheleng, empa tholoana ea morao tjena le e bolaeang haholoanyane ea lihele e bile ho se lumele hore Molimo o teng.”
Ha a qetela, Short a re: “Ke feela ha thuto ea lihele e ne e le ’nete likereke li neng li ka lokafaletsoa ho e boloka. Liithuti tsa bolumeli tse ntseng li eketseha—tsa K’hatholike le Boprostanta—joale li bolela hore hase ’nete. Haeba e se ’nete, likereke li ke ke tsa senya nako ho bolela ka mokhoa o tlerohileng le o phahameng lefatšeng.”
Lipaki tsa Jehova li qalisitse pele lilemo tse fetileng tse lekholo “ho bolela hona ka ho hlakileng lefatšeng.”—U.S. Catholic, April 1980, maq. 37-40.