Hobane’ng ha Molimo o Lerato o Tla Iphetetsa?
“Molimo o lerato.”—1 Joh. 4:8.
1. Ke eng se tla re thusa ho utloisisa ho bonahalang eka ke ho ikhanyetsa sehloohong sa rōna?
PHETETSO? Ea Molimo o lerato? Hoo ho ka etsahala joang? Na ho nahana ka Molimo o lerato o iphetetsa hase ntho e ikhanyetsang? Ho ka ’na ha bonahala joalo? Empa ha re ke re nahaneng ka litšoaneleho tse lerato tseo ’Mōpi a li bontšang, joale re tla utloisisa ka ho hlakileng haholoanyane hore na hona ho amana kae le phetetso ea hae.
2. Ke hobane’ng ha re ka re lerato la Molimo ke le fetisisang, ’me tse ling tsa litokisetso tsa hae tse lerato tseo re lokelang ho mo leboha ka tsona ke life? (Pes. 136:1-6)
2 Ha re bua ka lerato la Molimo, re ka re le phahame ka ho fetisisa. ’Me re le bontšoa ka litsela tse ngata-ngata. Ka mohlala, nahana ka lefatše leo re phelang ho lona. Bibele e bolela hore lefatše ke ‘mpho’ ea Molimo ho batho. (Pes. 115:16) ’Me ke mpho e babatsehang hakaakang! Nahana kamoo ka lerato Molimo o re lokiselitseng qitikoe ena. Molimo o le beile maholimong hore le fumane mofuthu le khanya ea letsatsi ka tekanyo e nepahetseng, ’me a le apesa ka kobo e ntle ea botala, hammoho le lipalesa tse ngata tse sa tšoaneng le tse mebala e metle. Ho itsoela leratong la Molimo, a tlatsa lefatše la rōna ka liphoofolo, linonyana le lihlapi tse ngata, ’me a fana ka lijo-thollo le lijo tse ling ka bongata bo fetisisang.—Pes. 104:1, 13-15.
3. Molimo o bontšitse lerato joang ka ho re bōpa rōna batho?
3 Leha ho le joalo, lerato la Molimo ha lea bontšoa feela ka lintho tseo a re etselitseng tsona; le bontšitsoe hape ka tsela eo a re entseng ka eona. O re entse hore re thabele seo a se bōpileng. Mopesaleme o ho hlalositse hantle hakaakang ha a re: “Jehova . . . ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka”! (Pes. 139:1, 13) Ka ho fana ha hae le ka lerato la hae, Molimo oa re nea mahlo ao re ka bohang botle ba lefatše le re potolohileng. A re nea litsebe tseo ka tsona re ka thabelang melumo e sa tšoaneng e kang ’mino le mantsoe a batho. A re nea linko tseo ka tsona re ka fofonelang menko ea lijo le maphoka a lipalesa. Kaholim’a tsohle ke boko ba motho, bo beang mabaka, bo hopole le ho kopanya liketso tsa ’mele. Ruri, re lokela ho makalla mokhoa o enneng oo ka oona Molimo o apesitseng ’mele ea rōna. Ruri, “Molimo o lerato.”—1 Joh. 4:8.
Lerato la Molimo pholosong
4. Lerato la Molimo le bontšitsoe joang paradeiseng ea Edene?
4 Ha Molimo o bōpa motho oa pele, Adama, oa mo bea paradeiseng e ntle ea Edene. Adama o tlameha ebe o ile a khahloa hakaakang ke bongata ba litokisetso tse lerato tsa Molimo tse mo potolohileng! Hamorao, Molimo oa etsa Eva ’me oa mo tlisa ho Adama. Ke thabo e kaakang bakeng sa Eva, ka letsatsi la pele a phela, hore a kopanngoe le monna le hlooho e neng e tla mo rata le ho mo tataisa! Ba ne ba ka lebella hammoho ho phethahatsa thato ea Molimo ho ntlafatsa le ho tlatsa lefatše ka batho, le ho busa liphoofolo ka lerato. Molimo o ne o ba beetse bokamoso bo boholo hakaakang!
5. (a) Baholo-holo ba rōna ba pele ba ile ba fetoha ba sa tšoaneleheleng lerato la Molimo joang? (b) Empa lerato la Molimo la fetisetsoa ho bana ba bona joang?
5 Leha ho le joalo, ka masoabi, bokamoso boo ha boa ka ba phethahala, bonyane bakeng sa bona. Sebopuoa sa moea sa lerabele ka boithati sa itlosa tlas’a lerato la Molimo, se iketsa Satane Diabolose. Diabolose enoa a phehella Eva, ’me ka Eva, Adama, hore ‘ba ikele ka tsela ea bona.’ Kahoo, ba ea ka tsela ea boithati, e sieang ’Mōpi oa bona ka thōko. Empa ka ho etsa joalo, ba iponahatsa hore ho hang ha ba tšoaneloe ke lerato la ’Mōpi oa bona. Molimo ka nepo oa fetisa kahlolo ea lefu holim’a baetsalibe bao ba ka boomo. Leha ho le joalo, ka baka la lerato la hae ho batho, a ba lumella ho phela ho fihlela ba e-ba le bana, ho seng joalo re ka be re sa phele hona joale. Ho feta moo, le hoja moloko oa motho o ne o futsitse sebe le lefu ho batsoali ba rōna ba pele, Molimo o lerato oa fana ka motheo oa tšepo.—Gen. 3:16-23; Ba-Roma 8:20, 21.
6. Ke polelo efe Edeneng e ileng ea bontša lerato la Molimo, joang?
6 Ka tsela efe? Hona qalehong ea borabele feela, Molimo oa tsebahatsa hore o tla hlahisa ‘peō,’ ke hore, ngoana. O ne a tla ntša Enoa phuthehong ea hae ea leholimo e tšepahalang ho etsolla tšenyo eohle e entsoeng ke Diabolose, le Adama le Eva. Leha ho le joalo, morao koo Edeneng, Molimo o lerato oa boela oa bolela hore o tla iphetetsa ho Satane le ba bang bohle ba neng ba tla iketsa karolo ea bana ba Satane ka ho furalla lerato la Molimo.—Gen. 3:15; Tšen. 12:9.
MOLIMO OA LERATO, LE OA PHETETSO
7. Tumellanong le Deuteronoma 32:43, re na le lebaka lefe la ho thaba?
7 Kahoo Molimo oa lerato oa ipolela hore hape ke Molimo oa phetetso. Empa ho iphetetsa hoa hae ho lira tsa hae ke ho nepahetseng. Hobane’ng? Hobane ho ne ho tla hleka tsela bakeng sa batho bohle ba ratang Molimo hore ba thabe, ba nyakalle. Ka sebele, hona joale re ka nyakallela hore Molimo o tla re hlekela tsela ea hore re thabele tokisetso ea oona ea bophelo bo sa feleng. Hlokomela seo Molimo o bululetseng Moshe hore a se bolele: “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae; hobane o ea pheteletsa mali a bahlanka ba hae, a itefetse ho lira tsa hae.”—Deut. 32:43.
8, 9. (a) Ka lerato la oona, Molimo o rerile ho etsa lintho life tse peli? (b) Pontšong ea lerato la oona, Molimo o fane ka mpho efe e tsotehang?
8 E, Molimo o lerato o rerile ho tumisa ho lokela ha puso ea hae, le ho pholosa ba mo ratang ho lira tsa bona. O tla be a re lopolle le ho sera se seholo, lefu, se keneng bophelong ba rōna ka phutso ho batsoali ba rōna ba pele. (Ba-Roma 5:12) Hona Molimo o ho etsa joang? Bibele e bontša hore o ho etsa ka neo ea Mora oa hae: “Molimo o lerato. Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena. Lerato le bonahala hona moo hoba hase rōna ba ratileng Molimo, empa e le oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.”—1 Joh. 4:8-10; 1 Ba-Kor. 15:25, 26.
9 Kahoo Molimo o fane ka Mora oa oona Jesu Kreste ho re lopolla lefung le re tlelang ka baka la sebe seo re se futsitseng ho Adama. E, joalokaha Bibele e bolela ho Timothea oa Pele 2:6, Kreste ‘o ineetse ho ba topollo ea bohle’ ba tla lumela ho eena. Ka baka leo Jesu o ne a ka bua tjena ka balateli ba hae ba kang linku: “Ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa,” e, bophelo bo sa feleng.—Joh. 10:10.
10. (a) Ke hobane’ng ha ‘Molimo oa lerato’ hape e le Molimo oa “phetetso”? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakana kajeno hore re tsebe le ho utloa Molimo?
10 Leha ho le joalo, ka ho pheta-pheta, Bibele e re bolella hore ‘Molimo oa lerato’ hape ke ‘Molimo oa phetetso.’ Hobane’ng? Hobane lerato la Molimo le ke ke la mamella bobe ka ho sa feleng. (Nah. 1:2; Deut. 32:35, 41) Ke ka baka leo moapostola Pauluse a ngolang ka ‘Morena Jesu a bonahala a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.’ (2 Ba-Thess. 1:6-9) Ke habohlokoa hakaakang, hore re tsebe Molimo! Lefatšeng lena le ferekaneng la litumelo tse ngata hakana tse sa tšoaneng, ke habohlokoa hakaakang, joalokaha Bibele e bolela, ‘ho batla Molimo oa ’nete le ho o fumana!’—Lik. 17:27.
HO LEKA-LEKANYA PHETETSO LE LERATO
11, 12. (a) Ke boemo bofe bo ileng ba hōla qalehong ea pale ea motho, bo biletsa bohato bofe ba Molimo? (b) Phetetso ea Molimo e ile ea leka-lekanngoa joang le lerato la oona moo?
11 Leha ho le joalo, a re khutleleng qalehong ea pale ea motho. Hona ho tla re thusa hore re utloisise hamolemo kamano pakeng tsa lerato la Molimo le phetetso ea hae. Ka lerato, Molimo o ne o lumelletse bana ba Adama hore ba ate. Empa batho ba itaolang ba se ke ba arabela leratong leo. Kahoo, kamor’a lilemo tse ka bang 500, Jehova a rōmela moprofeta oa hae Henoke hore a bolele kahlolo ea Molimo holim’a batho ba khopo ka baka la liketso tsa bona tsa bonyefoli le lintho tse sisimosang tseo ba neng ba li bua ka Molimo. (Juda 14, 15) Ha feta lilemo tse ling tse sekete, ’me lefatše leo la khale la fihla sehlohlolong sa boitšoaro ba lona bo bobe le toantšano. Kahoo, Lentsoe la Molimo le re: “Lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana. Molimo oa talima lefatše, ’me oa bona hoba le bolile.”—Gen. 6:11, 12.
12 Joale, Molimo o ne o tla etsa joang? Na o ne a tla iphetetsa? E! Empa le hona mona, tšoaneleho ea hae ea lerato ea ’na ea etella pele. Re bua joalo hobane’ng? Ka nako eo, ho na le lelapa le leng lefatšeng le neng le ineetse ho etseng thato ea Molimo. Ke lelapa la Noe, monna ea bitsoang “’moleli oa ho loka” ka Bibeleng. Ka lerato, Jehova a re Noe a hahe areka “ho pholosa ba ntlo ea hae.” Joale ha tla moroallo oa lefatše lohle, o ileng oa felisa ba ahileng le Noe ba khopo. (2 Pet. 2:5; Ba-Heb. 11:7) Lefatše lohle la hloekisoa litoantšano tse senyang le boitšoaro bo bobe, hoo le ileng la boela ea e-ba sebaka se loketseng lelapa la motho ho ata ho sona.—Gen. 6:9, 22; 7:21-23; 8:15-17.
13. Na ho ahlola ha Jehova Sodoma le Gomorrha e ne e le ho hloka lerato, u arabela joalo hobane’ng?
13 Leha ho le joalo, litšekamelo tse futsitsoeng tsa boetsalibe ho Adama tsa ema li le joalo, ’me batho ba banyefoli ba phakisa ba qala ho bontša litšobotsi tse mpe hape. (Pes. 51:5) Ka mohlala, nka batho ba Sodoma le Gomorrha, ba neng ba phela seterekeng se neng se “le joale ka tšimo ea Jehova.” Bibele e re bolella hore “batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsalibe pel’a Jehova ka ho fetisisa.” Banna ba teng ba ne ba robala le banna, ’me ba loana ha ba batla ho khotsofatsa takatso ea bona e mpe. (Gen. 13:10, 13; 19:4-11) Molimo o lerato, Jehova, oa rera ho senya metse eo. Ka tsela ena Abrahama ea lokileng le ngoana oa ngoan’abo Lota ba ne ba ke ke ba hlola ba lokela ho mamella baahisane ba litšila joalo. Joalokaha Genese 18:25 e re, “moahloli oa lefatše,” Jehova, ‘a etsa ka ho loka.’ A lopolla Lota le barali ba hae ba babeli, empa a nesetsa mollo o senyang holim’a Sodoma le Gomorrha, a senya setereke seo kaofela.—Luka 17:29; Juda 7.
14, 15. (a) Bakanana ba ne ba se na tsebo hakae? (b) Na Molimo o entse hantle ka ho iphetetsa ho bona?
14 Lilemo kamor’a moo Jehova a boela a etsa ‘ka ho loka’ ho batho ba hae, Iseraele. Joang? Ka ho lokisetsa ho leleka Bakanana Lefatšeng la Pallo. (Deut. 18:9-12) ‘Empa na e ne e se leeme bakeng sa Bakanana bao ba se nang molato?’ e mong a ka ’na a botsa. Bakanana ba se nang molato? Ho hang ba ne ba le molato. Bakanana bao e ne e le ba nyonyehang mekhoeng ea bona ea ho nyalana le bana babo bona ba haufi ka mali, ho silafala likamanong tsa botona le botšehali, bohlola, ho etsa bana mahlabelo, bosodoma le ho robala le liphoofolo. Ka mohlala, borapeling ba bona ba melimo ea bohata ba etsa bana ba bona mahlabelo ka ho ba akhela mollong ba ntse ba phela. Hape, ba ne ba e-na le liotsoa tsa tempele tse tona le tse tšehali.a Ka baka leo, Jehova a laela batho ba hae: “Le se ke la itšela sesila ka efe le efe ea ntho tseo, hobane ke ka lintho tseo kaofela lichaba tsee ke eang ho li lelekisa pel’a lōna li itšetseng litšila. Ke ka tseo ba li entseng naha e silafetseng; joale, ke tla e otla ka manyala a eona, ’me e tla hlatsa baahi ba eona.”—Lev. 18:1-25.
15 Hape, ke ka baka la lerato la hae ho batho ba hae Jehova a ileng a laela Iseraele ho hleka bafosi bao. Tsela e litšila eo ba neng ba phela ka eona ea bea batho ba Molimo kotsing. Ho joalokaha Bibele e ho bolela, “manyala ho Jehova.” Ka nepo, phetetso ea Molimo ea ba tukela.—Pes. 106:34-40; Deut. 18:12.
16. Lerato la Molimo le mamello li bontšitsoe joang ho Iseraele?
16 Ka lehlakoreng le leng, Molimo oa sebetsana le batho ba Iseraele joang? Jehova a bontša lerato le mofuthu ka ho fetisisa ho bona. Moshe a ho hlalosa ka mantsoe ana a khabane ho Deuteronoma 32:11, le 12: “A etsa joale ka ntsu ha e tsosa malinyane a eona, ’me e oka-okela holim’a ’ona, e emisa mapheo a eona, e nka bana ba eona, ’me e ba pepa mapheong a eona. Jehova o mo tsamaisitse e le eena a ’notsi; ’me ho no ho se molimo osele le eena.” Empa, jo! Kamor’a nako, melimo esele e fetse ea kenella borapeling ba Iseraele. Kahoo, Molimo o neng o boletse hore o tla iphetetsa ho lira tsa bona oa tlameha ho iphetetsa ho batho ba oona. Empa Jehova o ne a mamelletse Iseraele hakaakang! Ka lilemo tse 900 a mamella boitaolo ba bona. Ka nako eo eohle, Jehova a otlollela letsoho la hae la mohau ho bona. Jehova Molimo a re: “Ha ke khahloe ke lefu la molotsana, ke khahloa ke molotsana, ha a baka mokhoeng oa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng, lōna ntlo ea Iseraele!”—Ezek. 33:11.
17. (a) Molimo o neile Iseraele temoso efe? (b) Phetetso ea Molimo ho Iseraele e ile ea fokotsoa ke lerato la hae ho eona joang?
17 Nako le nako, Molimo oa lemosa batho ba oona ka liphello tsa borapeli ba bona ba litšoantšo, boitšoaro ba bona bo bobe, le ho tšolla ha bona mali a se nang molato. Empa, qetellong, Jehova a tlameha ho iphetetsa ho Iseraele ka ho lumella Morena Nebukadnezare oa Babylona ho timetsa Jerusalema le tempele ea bona. Ba phonyohileng ba isoa Babylona. Leha ho le joalo, kamor’a lilemo tse 70 Molimo oa sebetsa ho lihuoa ha Babylona e le hore masala a ananelang a Baiseraele a ka khutlela naheng ea habo bona ’me a nka hape borapeli bo hloekileng moo.—2 Mar. 24:3, 4; 2 Likron. 36:12-21; Esdr. 1:1-3; Ba-Heb. 12:6.
JESU O BUA KA LERATO LE PHETETSO
18. Jesu o buile eng ka (a) lerato la Molimo, le (b) phetetso ea oona?
18 Jesu Kreste o buile life ka taba ena ea lerato la Molimo le phetetso? O buile ka mofuthu ka lerato la Ntate oa hae, a re: “Molimo o ratile lefatše [la batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Empa na o ile a tsila-tsila ho bua ka phetetso ea Molimo? Che! Hobane Bibele e bolela hore Jesu, ho tšoana le Ntat’ae, ‘o rata ho loka, ’me o hloile bokhopo.’ Haholoholo Jesu o ne a hloile bokhopo le molato oa mali ho baeta-pele ba bolumeli. (Ba-Heb. 1:9; Pes. 11:5, 7) Ha ho mohla a kileng a itšohla liteme ha a bua le, baruti ba Bajode ba mehleng ea hae kapa a bua ka bona. Ka makhetlo a mararo Thutong ea hae ea Thabeng, a ba bitsa “baikaketsi.” (Matt. 6:2, 5, 16) A re ho baruti bao: “Le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose,” kahoo a ba bea sehlopheng se le seng le ‘peō ea noha.’ (Joh. 8:44; Gen. 3:15) Matsatsi a mararo feela pele a bolaoa, Jesu a latola baeta-pele bao ba bolumeli ba Bajode pontšeng, a re: “Linoha, malinyane a marabe! le ka phema kahlolo ea lihele joang?”—Matt. 23:13-33.
19. (a) Ke hobane’ng ha boikutlo le molaetsa o lemosang oa Jesu li ne li le lerato hakana? (b) Empa Jehova a nka bohato bo nepahetseng joang?
19 Na hona ho bolela hore Jesu o ne a se na lerato? Le hanyenyane, hobane le hoja Jesu a tsebile hore Bajode bao ba tloha ba eketsa molato oa mali oa bona ka ho mo bolaea, empa a ’na a re, ho Mattheu khaolo ea 23: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joale ka khoho ha e bokella litsuanyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne. Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” (Matt. 23:37, 38; Lik. 3:13-15) Lilemo tse 37 hamorao makhotla a Roma a tlatlapa thepa Jerusalema e hapiloeng ’me a timetsa tempele ea eona. Ena ke koluoa eo ho eona ho ileng ha shoa batho ba eona ba marabele ba 1 100 000! Joale, ka nako eo, matla a feletseng a mantsoe a boprofeta a Jesu a felella. Ka nepo, Jehova o ne a iphetelitse!
20. Ka lerato le phetetso, ke litšobotsi life tse khahlisang tse fumanoang ho Esaia 61:1, 2?
20 Makholo a lilemo pelenyana, Esaia, e mong oa baprofeta ba tlalehoang ba fenethetsoe Jerusalema ea boholo-holo, o buile mantsoe ana: “Moea oa Morena Jehova o lutse ho ’na, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba malimabe taba tse molemo . . . ho bolela ngoaha oa mehauhelo ea Jehova, le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna; ho tšelisa ba llang kaofela.”—Esa. 61:1, 2.
21. (a) Mohlomong lebaka leo Jesu a qotsitseng karolo feela ea Esaia 61:1, 2 ka lona ke lefe? (b) Ho hlaha potso efe, e akarelletsang Esaia 2:2-5?
21 Jesu a bala karolo ea boprofeta bona qalehong ea tšebeletso ea hae ea lefatše ’me a itšebelisetsa bona e le Motlotsuoa e Moholo oa Jehova. (Luka 4:18-21) Leha ho le joalo, ha Jesu a qotsa mantsoe ao a Esaia a haelloa feela ke ho bolela ka letsatsi la boiphetetso ba Molimo. Hobane’ng? Ho bonahala hore khatiso e khōlō ea ho bolela letsatsi la Molimo la liphetetso e ne e tla tla ‘mehleng e qetellang,’ kamoo Esaia khaolo ea 2 e bolelang. Na re fihlile nakong eo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona hape Aid to Bible Understanding, e hatisitsoeng ke Watch Tower Society, maqephe 76, 145 le 287, tlas’a “Anath,” “Ashtoreth” le “Canaan, Canaanite.”
[Lebokose le leqepheng la 3]
“Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao. . . . Boka Jehova, moea oa ka! Bokang Jehova!”—Pes. 104:24, 35.
[Lebokose le leqepheng la 4]
MPHO E KHOLOHALI EA LERATO LA MOLIMO
Ho Tsoa botebong ba lerato la ’ona la ho rata batho, Molimo o ratile ho tela motho oa bohlokoahali, motsoalle oa ’ona ea haufi-ufi, “motlatsi” oa hae mosebetsing oa popo, ea neng “a thabile ka matsatsi-tsatsi.” O ne o itokiselitse ho romela lefatšeng Mora oa ’ona oa letsibolo oa leholimo, hore a be tlas’a likhobo, litšotleho le lihlokofatso tseo Diabolose le bathetsuoa ba hae ba ka li tlisang holim’a hae. Tlas’a teko, Mora o ne a tla paka hore, joale ka motho ea phethehileng, o ne a ka khona ho emela borena ba Molimo tlas’a liteko tse thata-thata, esita le lona lefu. Ho feta mona, ka tsela eo o ne a tla khona “ho neela bophelo ba hae ho ba topollo” bakeng sa ba bangata ba tsoang molokong oa motho o imetsoeng ke sebe ba ka lumelang ho eena. (Liprov. 8:30; Matt. 20:28) Ka baka leo Jesu o ne a ka khona ho bolela ka balateli ba hae ba joalo ka linku, ba “mohlatsoana” le “ba linku tse ling” hore: “’Na ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me li ke ke tsa timela le ka mohla o le mong.” Bongata ba bona bo tla fumana bophelo bo ka ho tsoha bafung. (Luka 12:32; Joh. 10:16, 28; 5:28, 29) Ke mosa o sa tšoanelang hakaakang ona, o bontšitsoeng batho ba hlokang thuso! Ha re ka nyelisa tokisetso ena e lerato, ka sebele e tla ba re hlile re lokeloa ke bohale ba Molimo!
[Lebokose le leqepheng la 5]
BOPHELO BA RONA BO ITŠETLEHILE HO BONA!
Batho ba bangata ba tsoaletsoe bolumeling. Empa na hona ho bolela hore ba rapela Molimo oa ’nete? Ho e-na le hoo, na ba bangata ha ba iphumana e se e le balumeli ka tsoalo? Empa bophelo ba rona bo Itšetlehile ka ‘ho tseba Molimo le ho utloa evangeli ea litaba tse molemo tsa Morena Jesu,’ eo o mo rometseng ho tla re lopolla sebeng le lefung. (2 Ba-Thess. 1:8; Mar. 10:45) Ho pepeneneng hore, lefatše le re potileng ha le “tsebe Molimo.” Bibele e bolela ka ho hlakileng hore “Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle.” (Ba-Ef. 4:6) Leha ho le joalo batho ba ikarotse borapeling ba melimo e mengata ea bolumeli. Ho na le ba-Buddha, balimo ba bo-Shinto le bo-Confucia, Allah oa ma-mosleme, hape le Brahma, Vishunu le Siva—boraro-bo-bong ba ma-Hindu—le ba Bojakane ba boraro-bo-bong ba Ntate, Mora le “Moea o Halalelang.” Batho ba bangata ba bile ba rapela le batho ba tumileng, ba phelang le ba shoeleng, ba joale ka libini tsa “rock,” libapali le baeta-pele ba phetohelo.
[Lebokose le leqepheng la 6]
TSA MESALETSA EA BOHOLO-HOLO KANANA
“Batho ba naha ea Kanana ba ne ba rapela ka mokhoa oa ho lemalla bohlola, tšebeletso tsa bolumeli, pel’a melimo ea bona; ’me hape, ka ho bolaea bana ba bona ba matsibolo, e le ho etsetsa melimo ena mahlabelo. Ho bonahala hore, sechaba sohle sa Bakanana se ne se fetohile Sodoma le Gomorrha. Na manyala a joalo le liketso tse sehlōhō li ne li lokela ho lumelloa? Bacheki ba mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo masuping a metse ea Kanana ba makala ha e le mona Molimo o sa ka oa ba felisa kapele-pele ho feta ka moo o entseng ka teng.”—“Halley’s Bible Handbook,” H. H. Halley, p. 161.
[Lebokose le leqepheng la 7]
TŠOANELEHO E FETISANG EA MOHAU OA JEHOVA
Esita leha a ile a otla Iseraele oa mofetoheli habohloko, Jehova o ile a otlolla letsoho la hae la mohau, a re ka moprofeta oa hae Jeremia: “Hobane Morena a ke ke a lahla ka ho sa feleng. Leha a hlomolisa, le hona o utloela motho bohloko ka bongata ba mehauhelo ea hae. Hobane pelo ea hae ha e rate ho utloisa bohloko le ho hlomolisa bana ba batho.”—Lillo 3:31-33.