Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/1 leq. 32
  • Kamoo ba Finyelletseng Bophelo bo Thabileng ba Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ba Finyelletseng Bophelo bo Thabileng ba Lelapa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/1 leq. 32

Kamoo ba Finyelletseng Bophelo bo Thabileng ba Lelapa

LILEMONG TSE fetileng Lipaki tsa Jehova tse peli—banyalani ba neng ba kene mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng—ba kopana le lelapa le botsoalle la ma-Czech le neng le phela Switzerland. Mosali e le tichere ’me monna oa hae e le sebapali se seholo. Ba ne ba hōlisitsoe e se ba lumelang boteng ba Molimo, ’me neng le neng ha ho boleloa ka Molimo kapa Bibele ba ne ba bososela. Kamor’a ho buisana ka makhetlo a ’maloa, bo-pula-maliboho ba khaotsa maeto.

Hamorao, leha ho le joalo, “Molula-Qhooa” oa bua ka taba ea motho e motšo oa semathi ea neng a hapile ’metlele oa gauda lipapaling tsa Machaba Tokyo. Paki (eo monna oa eona a neng a se a shoele) e-ea ngola:

“Ka hopola banyalani ba ma-Czech, kaha monna a ne a hapile ’metlele oa silevera hona lipapaling tseo tsa Machaba. Joale sehloho sena e ne e le pontšo ho ’na ea ho etela lelapa lena hape. Pele, ra bua ka lipapali eaba ’na ke imamella feela. Ha ke ntse ke chaka hangata, ka ’na ka bua haholoanyane ka Bibele. Empa ke ne ke kenoa hanong ha bohlale ka hore: ‘Re tšoarele Mofumahali——. U lebetse hore ha re lumele ho Molimo.’ Ntle ho sena, ka ’na ka etela lelapa lena le monate. Ka mokhoa o mong ka ikutloa hore phoso e teng kae kae.

“Qetellong, ka hlokomela hore ba na le mathata ka lapeng. Ba ne ba se ba bua ka ho hlalana. Eaba ke ba bontša ka Bibele hore na ba ka hlōla mathata a joalo joang. Ba makala haholo ke keletso e molemo e fumanoang ka Mangolo ’me ba lumela hore thuto ea Bibele e ka ba teng. Lenyalo la bona la ’na la matlafala ’me ba qoelisoa kopanong ea potoloho.”

Ka kolobetso ea metsing, kapa qoeliso, banyalani bana ba tšoantšetsa boineelo ba bona ho Molimo. A hopola ka liphetoho tse molemo tsa moea bophelong ba bona, monna o re:

“Pele ke ne ke sitoa ho mamella ho utloa mantsoe ’halalela,’ ‘mangeloi’ le a joalo. A ne a hlaba litsebe tsa ka. Ke ne ke sa batle ho utloa letho ka liboka. Empa hohle ho fetohile. Joale nako eo ke lokolohileng ka eona ke ea Molimo le lelapa la ka. Hape, le metsoalle re batlile e mecha. Joale ke tseba hore na liboka tsa Bokreste ke tsa bohlokoa hakae. Ho feta moo, ke ithutile ho jara boikarabelo ba ntate, ’me joale bophelo ba lelapa la rōna bo thabile. Ke rata ho leboha Jehova Molimo hape hore ebe re ile ra lumelloa ho ithuta ho rapela le hore ebe o ile a re tšoara ka letsoho pele re mo batla.”

Ba bang, le bona, ba ’nile ba thusoa ke buka “Making Your Family Life Happy.” Likhaolo tse akarelletsang “Finding the Key to Family Happiness,” “Keeping the Lines of Communication Open” le tse ling. Amohela buka ena ea bohlōkoa e maqephe a 192, poso e lefelletsoe, ka ho rōmela lisente tse 60 feela ho Watch Tower, Private Bag 2, Elandsfontein, 1406.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela