Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Phethahatsong ea boprofeta ba pele bo ho Genese 3:15, hloho ea “noha” e tla khojoa neng ke “peō” ea mosali oa Molimo?
Phetolelo ea The Jerusalem Bible ea Genese 3:15 e baleha tjena: ‘Ke tla kenya bora pakeng tsa lōna: uena le mosali, bana ba hao le bana ba hae. O tla khoba hloho ea hao ’me u tla mo bata seretheng.’ The Emphasized Bible ea Rotherham e baleha tjena: “O tla thuha hloho ea hao, empa uena u tla thuha serethe sa hae.” Ho batoa ha serethe sa “peō” ea mosali oa Molimo ho ile ha fella ka lefu la Morena Jesu Kreste. Ho iphetetsa, Morena Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o tla bata Satane Diabolose, noha ea tšoantšetso.
Kamor’a ho “tsoaloa” ha ’muso oa Molimo qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914, Tšenolo khaolo ea 12 e re bolella ka Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone ea tšoantšetso le mangeloi a eona a bademona ’me ba ba leleka leholimong, e phaella ka hore: “Drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.”—Tšen. 12:5, 7-9.
Kamor’a tlhaloso e ho Tšenolo 19:11-21 ea ntoa ea Harmagedone, eo ho eona Jesu a etelletseng pele makhotla a leholimo hore a hlole bahanyetsi bohle ba lefatšeng, Johanne o bona ho kenngoa sekoting ha Satane: “Ka ntoo bona lengeloi [ntle ho pelaelo lengeloi le leholo Mikaele] le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe.”—Tšen. 20:1-3.
Jesu Kreste, e le “peō” ea mosali oa Molimo, o ne a ka khoba “noha ea khale” ka ho feletseng, hore e be sieo ho hang, ka nako ena ho e-na le hore a mo koalle sekoting. Empa Jehova, bohlaleng ba hae, o rerile hore batho ba phethahetseng ba beoe tlas’a liteko tse tsoang ho eena mophephetsi oa borena ba hae ba bokahohle, kamor’a lilemo tse 1 000 tsa puso ea Kreste. Hona ho tla tlosa pelaelo leha e le efe e ka bang teng ea ba hanang ho khelosoa ke Diabolose.
Ho na le boiteko ba ho qetela ba bahanyetsi ba lefatšeng ba etelletsoeng pele ke Satane, hore ba hape lefatše. Johanne o hlalosa se tla hlaha joalokaha eka se se se etsahetse, a re: “Ha hlaha mollo o tsoang ho Molimo leholimong, ’me oa ba qeta.” ’Me ka ho khojoa ha hloho ea “noha e kholo,” tlaleho e re: “’Me Diabolose ea ba khelositseng a akheloa letšeng la mollo le sebabole.” (Tšen. 20:9, 10) Hona ho bolela ho timetsoa ha hae ka ho feletseng. Kahoo, mabapi le ho khojoa ha hloho ea mohanyetsi e moholo oa Molimo ho ke ke ha tlisa ho felisoa ho feletseng ha bahanyetsi bokahohleng feela empa hape ho halaletsoa ho feletseng ha lebitso la hae le halalelang ka ho fetisisa. Hona ho phethahatsa ka ho feletseng tšepiso e ho Ba-Roma 16:20 e eang ho majalefa hammoho le Kreste hore “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna.”—Ba-Heb. 2:14, 15.