Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/15 leq. 19
  • Bokamoso ba ba Tšepahalang ba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso ba ba Tšepahalang ba Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato le Tšepahalang la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ha Tsebo ea Molimo e Tlala Lefatše
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lengolo la Tšenolo le Re’ng ka Bokamoso ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Paradeise e Tsosolositsoeng e Tlotlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/15 leq. 19

Bokamoso ba ba Tšepahalang ba Molimo

“JEHOVA o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.” Mantsoe ana a Morena Davida a fumanoa ho Pesaleme ea 11 temana ea 7. ’Me kajeno, ke bokamoso bo boholo hakaakang bo tlelang ba etsang liketso tsa ho loka tšebeletsong ea Molimo! Tšenolo khaolo ea 7 e hlalosa “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle,” bo pholohang ntoa ea ho qetela ea Harmagedone. Molimo o ba koahela ka “tente” ea oona, a hulela bahlanka bana ba ineetseng katamelanong e khōlō le eena.—Tšen. 7:9-17.

Molimo oa rōna o lerato ha o rate ha re timela le ba khopo letsatsing la hae la phetetso. O batla ha re bolokeha. ’Me ho re khothalletsa sena, ka Bibeleng o fana ka pono e tlang e sa le pele e khanyang ea “maholimo a macha le lefatše le lecha.” Lefatše leo le lecha e tla ba tsamaiso e tsitsitseng, e kopantsoeng ke lerato la bomolimo tlas’a “maholimo a macha” a entsoeng ka Kreste Jesu le ba busang le eena ba 144 000. Batlotsuoa bana kaofela ba tla be ba ipakile hore ba tšepahala ho Molimo mona lefatšeng, ’me ba tsoselitsoe hore ba buse le Kreste ’musong oa hae oa leholimo. Batho ba libillione ba tla ho fumana ho le bonolo ho tšepa bana ba lekiloeng le ba pakiloeng ba busang.—Tšen. 14:1, 4, 5; 20:6; 21:1, 2.

Na re itse libillione tsa batho mona lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso? E, libillione! Hobane eo e tla ba nako e khōlō ea tsoho ea bafu ba kena lefatšeng la paradeise. Ke paradeise eo Jesu a buileng ka eona ho sesinyi se neng se na le eena Calvary. (Luka 23:43) Thabo e tla ba kaakang har’a bana ba tsositsoeng ka ho lokolloa litlamong tsa lefu! Meokho, ho lla, ho bokolla, bohloko—le lona lefu le futsitsoeng—li tla be li fetile.—Tšen. 20:11-14; 21:3, 4.

Taolong eo e ncha, ho tla tutubulloa mahlo a foufetseng ho nyakallela lihlōliloeng tse ntle tsa Molimo. Litsebe tse thibaneng li tla thibolloa ho mamela ’mino o thabisang haholoanyane ho feta leha e le ofe o kileng oa qapuoa ke motho. Ba hatisang lipina ka bobona ba tla be ba phethahetse, ’me meloli ea bona e tla phahamisa Jehova le tse khōlō tseo a li entseng. Ho tla tlamolloa leleme la semumu, ho kopanela moqoqong o monate le ho roriseng Jehova. Ba hlotsang ba tla matha hape, ’me bophelo bo hlasimolohileng e tla ba kabelo ea bohle. Mahlohonolo ana ’ohle, le a mang a mangata, a tla phallela ho batho.—Bapisa Esaia 35:1-6.

Taolong e ncha ea Molimo, ho ke ke ha e-ba le mapolotiki a silafetseng a hatellang, mabotho a tla bolaea le ho holofatsa, bahoebi ba baithati ba tla nyolla theko ea oli le lisebelisoa tse ling. Lihlopha tse baloang ka likete tsa bolumeli ba Babylona Ii ke ke tsa hlola li ferekanya batho, kapa ho tšolla mali a se nang molato ntoeng ea bolumeli. Ho e-na le hoo, batho bohle ba tla kopana borapeling ba Molimo oa rōna o lerato, o bolelang o le teroneng ea oona ea leholimo: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”—Tšen. 21:5.

Bohle ba lebelletseng tokisetso eo e khōlō ea Jehova joale ba kopanele phethahatsong ea boprofeta ba hae: “Bakhethoa ba hao ba u boke. Ba tla bolela khanya ea ’muso oa hao.”—Pes. 145:10, 11.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela