Se Ntliselitseng Molemo o Moholo Bophelong
Kamoo ho boletseng Jaya Reddy
KE LERATO la ka la libuka le ileng la tsosa thahasello ea ka bolumeling. Hobane ho ea kamoo ke hopolang, libuka li bile le sebaka se khethehileng ho ’na. Ka letsatsi le leng ke ne ke batla ntho eo nka e balang har’a qubu ea libuka ha ke kopana le e nang le sehlooho se sa tloaelehang, Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape. Re ne re e nkile ho e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a re etetse. E ne e tlohetsoe ka laeng, ea lebaleha ho bile ho se ea kileng a e thetsa. Ka fumana e hapa ho hlollang. Ka e bala ka beke feela.
Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 12. Buka ea tsosa thahasello ea ka Bibeleng, buka ea ho ithuta e fapaneng le bolumeli ba ka ho hang. Ke hlahetse lelapeng la Bohindu, empa ha ho mohla ke hlileng ka bo sebelisa. Re phela Durban, kou eo e sephethe-phethe e ka lebopong le ka bochabela Afrika Boroa.
KHOLOFALO EA ’MELE
’Mè o na le bana ba bararo ’me ka boraro ba rōna re e-na le ntho e tšoanang. Kaofela re tsoetsoe ka bohloko boo re bo futsitseng, ba linama tse fokolang. Bohloko bona bo ka mefuta e meraro e sa tšoaneng. Khaitseli ea ka e monyenyane eena o ne a fokola haholo, ’me a shoa a le lilemo li ’nè feela.
Kaofela ha rōna re ne re phela hantle tlhahong, kamoo ho neng ho bonahala eka ho joalo. Bohloko bona bo iponahatsa hamorao—mohlomong ka liphaka le litlhafu tse fokolang, e leng ho etsang hore motho a oe ka tšohanyetso, ’me ha lilemo li ntse li feta, manonyeletso le linama li ba botsoa ho etsa lintho. Bohloko bona bo kenella ka mokhoa o iketlileng le o bolotsana.
Linama tsa ka li ntse li fokola ho ea pele ha lilemo li ntse li feta. Kahoo, lintho tse bonolo joaloka ho ja kapa ho kama moriri li hloka boiteko bo sa tloaelehang. Le ho lula ka nako e ’ngoe ho imela linama. Linama tsa ka li fokola hoo ke tlamehang ho apara liaparo tse bobebe haholo ’me ke lula feela ha ke tšehelitse mokokotlo.
Ha linama li khathala ke ho saroloha, lia satalla ’me li ope, ka nako e ’ngoe ho nka matsatsi. Ka linako tse ling ho imeloa ha linama ho ba matla hoo mothapo o mong le o mong le mosifa li opang ho se nang mamello. Linama tseo motho a lulang ka tsona li ’nile tsa fokola le nako, joale le mokokotlo oa ka oa kobeha.
Ha ke le lilemo li 18 ka ea buuoa mokokotlong. Ena ebile tšebetso eo ho eona ke kenngoang molamu oa tšepe ka mokotlong hore o otlolohe ’me e emisoa e otlolohile ka likurufu tsa tšepe. Ho khaitseli ea ka bohloko bo tsamaile butle haholo, empa qetellong le eena a qetella a lula setulong se mabili ha a le lilemong tsa bocha.
HO HŌLISA THAHASELLO E MATLA
Ke tlamehile ho lula setulong se mabili ha nka ka tlohela ho hōlisa thahasello. ’Mè ke eena ea ka lebohuoang ka hoo. O itekile kahohle lebitsong la rōna, a sa qenehele letho ’me a itella ho hongata. O re hōlisitse joaloka mang le mang. Re ne re sa bokotsoe kapa ho tefisoa.
Ke ne ke le lilemo li 11 ha ka lekhetlo la pele ’mè a nkhothalletsa ho ithutela ho ngola. Ekaba ntho e molemo, kamoo a ileng a bolela. Ke ne ke tla sebeletsa lapeng, ka nako ea ka. Maikutlo ao a ipiletsa ho ’na. Ntle ho molemo oo o bonahalang, ke ne ke ithatela lefatše la “torong.” Hape ke ne ke le motho oa ho ithatela mepoto le menyaka. Kahoo boholo ba seo ke neng ke se ngola e ne e le lipale.
Ha ke hetla morao hona joale, ke thabela hore ke hlile ka qalisa ke sa le monyenyane, kaha bongoli hase mosebetsi o bonolo. Empa ke ntho e hōlang le uena le e tsoelang pele le uena. Ka ho ke keng ha qojoa ho fetoha uena hoo karolo e ’ngoe ea kelello ea hao ho itlisang hore e nke maikutlo a macha le mehopolo eo u tla e sebelisa nakong e tlang.
Ka hla ka ba le thahasello e khethehileng historing le bophelong ba liphoofolo tse hlaha. Hape, ke bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ke neng ke e fumana ka bolumeli. Kaha ke ne ke rata libuka le lithothokiso, ka fumana mongolo le botle ba Bibele e le bo khethehileng haholo. Hamorao, ha ke ntse ke hlokomela bophelo haholoanyane le ho hlokelana botho ha batho, ka ba le thahasello tulisanong ea batho le botho ka bobona.
HO BATLA LIKARABELO BOLUMELING
Ha ke le lilemo li 15 ka kena se seng sa lihlopha tse nyenyane tsa “Bokreste,” ’me ke ea litšebeletsong tsa sona ka nako e ’ngoe ka boiteko ba ho fumana ntho e khotsofatsang le e molemo. Empa seo ke ileng ka se bona sa se ke sa nkhotsofatsa ho hang.
Ka lemoha hore moprista, ntle ho ba seng bakae, ha a thahaselle litho tsa mohlape oa hae. A bonahala a ruile haholo, kaha hangata o ne a e-na le koloi e ncha ’me a phela hantle. Hape, ho ne ho khetholloa merabe. Moprista ea Motšo o ne a amohela chelete e tlase ho ea oa habo ea Mosoeu. Lithuto e le tse tsoafisang. Thuto ena ho se moo e fapaneng le e ’ngoe ’me ho bonahala ba beile maikutlo a bona mangolong a ’maloa feela.
Ka belaetsoa ke matla a litho tse itseng tsa kereke ao ho thoeng ba na le oona a ho bua maleme asele le ho phekola ba fokolang. Ho sa tsotellehe ho kula ha ka, ha ke ntse ke batla ’nete ke ne ke sa batle ho phekoloa ’meleng. Ho ’na ho ne ho bonahala ho sa utloahale hore Molimo o lerato o ka phekola ba ’maloa ha o hlokomolohile mahlomola a bongata. Ka ikutloa hore kannete ho teng ho hong ho tebileng haholoanyane ho amehang.
Ke ne ke sa ithute letho kerekeng. Eaba ke khaotsa ho ea ’me ka etsa qeto ea ho ithuta Bibele bointšing.
MAIKUTLO A HŌLANG
Ho sa le joalo, ke ne ke qalisitse ho ipotsa ka bophelo bo mpotolohileng. Ho ne ho bonahala histori e tletse ka ho hlokelana botho ha batho, ho qhekellana, ho khethollana le ho khetholloa ha mafutsana ke lequloana le tšoereng marapo a puso. Re ne re hloka phetoho e tla tlisa tokoloho le tekano ho bohle le e lumellang motho ka mong ho tsoela pele ka ho feletseng matleng a hae.
Ka matla ka ikutloa hore karabo e lipolotiking, hobane puso e matsohong a nepahetseng e sebelisoa ka tsela e nepahetseng e ka fella ka botle. Ho ka be ho le molemo hakaakang hoja baeta-pele ba rōna e ne e le Bakreste ba ’nete ba tsotellang litokelo tsa motho ka mong le bolokolohi le ba lumellang lithuto tsa Jesu Kreste hore li tataise liqeto tsa bona bakeng sa molemo oa naha ea habo bona!
Ka nako e ’ngoe ke ne ke fumana Molula-Qhooa le Tsoha! Ka hlokomela hore linnete tsohle le keletso tse fanoeng limakasineng tsena li tšehetsoa ke Bibele. Ho ’na mabaka a neng a beoa a ne a utloahala a bile a loketse mathata le maima ao re oelanang le oona lefatšeng la kajeno. Empa ho na le ntlha e ’ngoe ka ho toba eo ke neng ke sitoa ho e ananela: Ho se nke lehlakore ha Bokreste litabeng tsa lipolotiki. Bakreste ba ’nete, ke ne ke kholisehile, e ne e ka ba matla a sebele a molemo lefatšeng haeba ba ka ikamahanya le lipolotiki.
Ha maikutlo a ka a ntse a phahama ke sena, eaba ke ntse ke hanana le Lipaki ho se nkeng lehlakore ha tsona lipolotiking. Leha ho le joalo ka khahloa ke boemo ba tsona. Boithutong ba ka ba histori, ka lumela hore ntoa ke ntho e mpe ka ho fetisisa. Lintoa tse peli tsa lefatše li ne li re senyelitse hoo re neng re ke ke ra lakatsa ho pheta phoso hape.
Ha e le hantle, ke ne ke hanana le polao eohle e se nang kelello, hammoho le ho senngoa ho sehlōhō ha liphoofolo tsa naha. Ka booatla le boithati ba motho, mefuta e mengata e metle le e bonoang seoelo e lintšing tsa ho felisoa. Boithutong ba ka ba Bibele, ke ne ke tseba hore Molimo ha oa rera hore ho be joalo. Ho busa ha motho holim’a pōpo ea Molimo ea liphoofolo ho ne ho reretsoe hore e be puso ea lerato.
Ka kholiseha hore karabelo mathateng a motho e kae-kae maqepheng a Bibele. Empa tsebo ea ka e sa lekana ho hang. Ho sa le joalo, ke ne ke rerile ho sebelisa ho ngola ha ka e le kofuto ea ho phahamisa mathata le khatello ea ba Batšo. Ke ikutloa hore phetoho e tlameha ho ba teng.
MOHLOLI OA BOHLALE BA ’NETE
Ntlheng ena bophelong ba ka, ka kena sepetlele bakeng sa ho ea buuoa mokokotlong. Ka lieha ho fola ’me ka nka nako e telele. Lilemo tse peli hamorao, ha ke le lilemo li 20, ka qala ho ithuta Bibele ka botebo.
Paki eo ke neng ke tloaelane le eona hanyenyane ea ntetsetsa mohala ka tsatsi le leng ka Pherekhong 1969 ho qoqa hakhutšoanyane. Ka mo mema hore a tle mafelong a beke eo. A ntšiela buka ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng, a re: “Kea tseba u tla e bala beke feela. Empa ho e bala ha hoa lekana. Taba e tšoeroeng ke buka ena e tebile ’me e hloka boithuto bo hlokolosi.”
Ka ’nete, ke fetse ka e qeta mafelong a beke e latelang eo. Eare ha a khutla, a etsa tlhahiso ea thuto ea Bibele. Ka e amohela. Ha a etile ka lekhetlo le latelang, a kōpa khaitseli ea ka ho kopana le rōna. A lumela, empa, a sa lumele hore Molimo o teng, a etsa ka lekhonono.
Ha nka ka ithuta sohle ka nako e le ’ngoe. Ho ithuta ha ’nete ke ha tsebo e teba pelong ea motho ’me e fetoha karolo ea botho ba hae. Motho o tlameha ho e nahanisisa le ho thuisa ka eona, joalokaha moapostola a itse: “Thahasella lintho tsena, ikakhele ho tsona ka setōtsoana.” (1 Tim. 4:15) Lentsoe la Molimo, ka ananela hore ruri ke mohloli oa bohlale ba ’nete.
MOLAETSA O FETOTSENG BOPHELO BA KA
“Maikutlo” a Bibele, kamoo thuto ea rōna e ileng ea senola, ke puso ea leholimo—puso ea Molimo. Molimo o tla thea tsamaiso e ncha ea khotso ea sebele bakeng sa batho. ’Muso oa Molimo oo Bakreste ba rutoang ho o rapella o tla phetha sena. (Matt. 6:9, 10) Ka makala ho tseba hore ’muso ona ke puso ea sebele e matsohong a Mora oa Molimo, Jesu Kreste, le hore o tla tlosa lefatšeng mebuso eohle ea batho ’me o khutlisetse lefatšeng paradeise e ntle. (Esa. 9:6, 7; Dan. 2:44) Kahoo ho na le nako eo ka eona lefatše le tla boela le hloka khohlano le qhoebeshano.
Le hona tsamaisong eo, ho tla ba le tsamaiso e bohlale, ho fapana le boemo bo tsamaisong ena, moo hangata motho a bonang libaka tsa boikarabelo li le ho batho ba fosahetseng. “Ke bone bafo ba palamang, le mahosana a tsamaeang ka maoto joale ka bafo.” (Moek. 10:7) Ba litulong tsa boikarabelo tlas’a ’muso oa Molimo ba tla khethoa tlas’a tsamaiso ea Molimo. Motho e mong le e mong o tla tseba ho tsoela pele ka botlalo ’me o tla tlisetsa tsamaiso eo boleng ba hae.
Qetellong, tsebo ea ’nete le bohlale li tla tlisa se molemo le se tšoanelehang le se hahang. Ka mohlala, hoja chelete eohle e sebelisoang kajeno lihlomong e ne e sebelisetsoa ho ruta le ho fepa mafutsana, lefatše le ka be le thabile haholoanyane hakaakang! Joalokaha Lentsoe la Molimo le re: “Bohlale bo molemo ho e-na le lihlomo, empa moetsalibe a le mong o senya monono o mongata.”—Moek. 9:18.
Baahi ba tsamaiso e ncha ea Molimo, ka qala ho bona hore ba lokisoa e sa le hona joale bakeng sa bophelo ba nakong eo. Ke mehlala e phelang ea kamoo Bokreste ba ’nete bo sebetsang kateng. Ka rata seo ke ithutang sona ’me ka fumana se khotsofatsa kannete. Qetellong ea selemo, ka Tšitoe 1970, ka tšoantšetsa boineelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso. Hamorao ha kolobetsoa khaitseli ea ka. Ha lilemo li ntse li feta ’mè le eena a ba le lerato le ho amohela seo re se lumelang.
MOHLOLI OA NYAKALLO EA ’NETE
Se nthabisitseng haholo ke ho kopanela tšepo ea ’Muso le ba bang. Ka baka la kholofalo ea ka, ke paka haholo ka ho ngola. Ha ho hlaha litaba tse khahlisang tse kang ho ntšoa ha limpa, ho hana sesole ka baka la letsoalo, sehlōhō liphoofolong, ho bua ka maleme asele, le tse joalo, ke ngolla bahatisi ke ba nea maikutlo a Bibele. Ka mehla ke ngola lebitso la ka le aterese ’me hangata batho ba ’ngolla ka ho toba ha ba bala seo ke se ngotseng. Hona ho mpha sebaka sa ho araba, ke ba pakela ka merero e meholo ea Molimo bakeng sa batho. Hape ke paka haholo ka mokhoa o sa rereloang, ’me ke ba le lithuto tsa Bibele le bana ba ka phuthehong.
Qetellong, seo motho a hlileng a se hlokang bophelong ke lerato le kutloisiso ea metsoalle. Phutheho ea Jehova e re lokisetsa metsoalle e joalo ea ’nete le mofuthu oa sebele. Ke hlokometse hore ba phehellang matlotlo a bonahalang hangata ha baa khotsofala ’me ba bolutung. Ba fifalloa ke ho bona lintho tsa sebele. Ho tšoana le ho tšoara seriti o tlohela ntho ea sebele.
Ho feta tsohle, ke ithutile hore se hlileng se buang bophelong ke kamano ea motho le Jehova Molimo. Ha motho a atamella haufi le eena, o tseba matla a phekolang le ho sebetsa ha moea oa Molimo haholoanyane bophelong ba hae. Ke ka nako eo feela motho a ka tsebang monono oa sebele oa ho phela, oa ho fella le ho utloisisa, oa thabo e sa fifaleng. E tla ba ntho e kaakang ha tšepo ea rōna e phethahala tsamaisong e ncha ea ho loka ea Molimo!—2 Pet. 3:13; Tšen. 21:3, 4.