Tšepo ea Hae ke ea Sebele
Mathoasong a selemo sena seithuti sa ngoanana sa sekolo se phahameng sa New Jersey sa lokisetsa pale bakeng sa sekolo. Kabelo e ne e re: “Ha u nka leeto le eang nakong e tlang, u ka fella kae? Bolela selemo. Hlalosa hore na lefatše le tla shebahala joang. Hlalosa hore na batho ba tla shebahala joang. Hlalosa mokhoa oa bona oa bophelo; hore na ba tla iphelisa ka’ng; ba je eng; jj.” Enoa ea lilemo li 15—e mong oa Lipaki tsa Jehova—a ngola:
“Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile, ke tse ’nete.”
“Ke ithutile Bibele ka lilemo tse telele, ’me karolo ena ka ho khetheha e ’nile ea nkhahla. Ke ’nile ka pheta-pheta lentsoe le leng le le leng la temana ena ’me ka ’na ka ipotsa hore na maemo ana a hlile a tla ba teng lefatšeng kamoso. Kahoo, ho fapana le batho ba bang, ka haha mochine oa nako ’me ka nka leeto le eang nakong e tlang.
“Ka itsamaela habonolo feela. Ka nka leeto ke tsamaea ka lebelo la lilemo tse 10 ka motsotso. Ha ke eme sebakeng se le seng, lefatše le mpotolohileng la fetoha haholo. Ka bona ho etsahala lintho tse sisimosang: litšisinyeho tsa lefatše, lintoa, litlala, tlōlo ea molao, joalokaha ho hlalositsoe ho Mattheu 24:6-8 ka Bibeleng. Empa lintho tsena tsa feta ka pel’a mahlo a ka joaloka lehalima. Ho latelang, ka bona timetso e feletseng ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpotolohileng. Batho ba timetsoa ke ntho e ’ngoe, e seng lihlomo tsa ntoa tseo ba iqapetseng tsona, empa ke matla a mang a maholo a tlhaho a neng a sebelisoa ke e mong ea moholo hole ho feta motho.
“Ka leka ho theola lebelo la nako haholoanyane e le hore nka bona ha lintho tsena tsohle tse khōIō li etsahala. Ho latelang, ka bona batho ba sebetsa ka thata, ba hloekisa, ba haha ’me ba lokisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ne ho totobetse hore ba bolokiloe ha ho timetsoa ’me ka baka leo ba hleka masupi. Ba ne ba sebetsa hammoho, ka kutloano. Eare ha hona ho feta, ka bona banna ba bang ba bangata le basali lefatšeng. Ke ne ke sa tsebe hore na ba tsoa kae. Ka shebella ho fihlela ke bona monna ea tšoanang le ntate-moholo—ha e le hantle, e ne e le ntate-moholo. O ne a shoele ka 1972. Ka hlahloba mochine oa ka kaofela ha oona ho bona hore kannete ha ke khutlele morao nakong. Ke ne ke sa khutlele morao. Ha e le hantle ke ne ke ea pele, empa ke bona batho ba ileng ba shoa. Joale, ka hopola temana e ka Bibeleng ho Liketso 24:15: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” Ke ne ke hlile ke bona tsoho.
“Joale ka tsamaea ka lebelo le leholo e le hore ’mala le khanya ke ne ke li bonela leroothong. Ka rera ho emisa. Sebaka seo ke ileng ka emisa ho sona, e le sona sane seo ke qalileng ho sona, feela e le nakong e tlang. . . .
“Hojana ke ne ke bona moshemane ea bapalang le phoofolo e khōIō . . . hantle-ntle o ne a bapala le . . . TAU! Ke batla ho mathela ho eena ho mo lemosa ka kotsi eo a leng ho eona, empa ntho e ’ngoe ea nthibela. Tau e ne e thapile, e tšoana le katse ka letsohong la ngoana. Eare ha ke tsamaea ka maoto, ka bona khotso ena ka bongata pakeng tsa motho le liphoofolo, le pakeng tsa liphoofolo ka botsona. Empa kutloano e neng e hapa ka ho fetisisa e ne e le e neng e le pakeng tsa batho. Meloko eohle ea batho e bua puo e le ’ngoe ’me e sebetsa joaloka baena le likhaitseli. . . . Ka hlokomela hore batho bana ha ba na likoli. Ba se na maloetse, ho se ho kula. Sebopeho sa bona se phethahetse. Joale ka nyarosoa ke ho hong. Ke batho bao ke neng ke ba bone pelenyana lilemong tse 400 leetong la ka, empa ba bonahala ba le lilemong tsona tsane. Ho se ea kulang, ea tsofetseng kapa ea shoang. . . .
“Ruri ka ithabela haholo nakong ena e babatsehang ea kamoso. Hona joale, ke lapeng, ke khutletse mehleng ea ka. Ha ho eo nka mo kholisang ka seo ke se boneng. Bonyane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e balang ka Bibeleng e tiile mohopolong oa ka. Ruri ke rata ho khutlela koo ’me ke phele ka ho sa feleng le batho bao. Empa joale ka hopola ka serapa ka Bibeleng se ntiisetsang hore nka e bona, le hona haufinyane! Ke ho Pesaleme ea 37:10, 11: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.’”