Lehloeo Har’a “Baena” le Arola Lichaba
● Ho latela makasine ea “GEO,” “baeta-pele ba bangata ba [Belgium] ba botsa hore na selemo sa [eona] sa bo151 hase sa ho qetela.” Hobane’ng? Ho bonahala eka har’a Mawalloone a sechaba a buang Sefora a limillione tse 4 le Mafleming a buang Sedache a limillione tse 5,5 “ho hloeana [ho tsoaloang ke boikhohomoso ba bochaba] ho arotse naha haholo, hoo kajeno, bophelo ba bosechaba ba Belgium bo sa tsitsang.” Phutuhelano ea sebele pakeng tsa lihlopha tse peli ho tlalehoa e etsahetse ka makhetlo a ’maloa.
Empa leha ho le joalo karolo ea 98 lekholong ea batho bana ke “baena” ba Roma K’hatholike. Ho e-na le hore bolumeli bo sebetse e le matla a tlamahanyang, mekhatlo ea bolumeli le litšebeletso ke feela tse arohaneng joaloka batho. “Univesithi ea K’hatholike ea Leuven (Louvain), eo Erasmus a keneng ho eona, e arohane . . . ka likotoana tsa lipuo,” kamoo ho tlalehang “GEO.” “Hoo e ka bang thepa eohle e ka suthisoang ea sekolo sa khale e ile ea aroloa, ’me hona joale lihlopha tse arohaneng li buisana ka mokhoa o tlase haholo.”
Likarohano tse tebileng joalo tse theiloeng bochabeng kapa puong ka boikhohomoso li etsa hore batho ba nahanang ba ipotse hore na ke hobane’ng ha litho tsa kereke e ipolelang hore ke eona ea ’nete ea Kreste li sa bee mohlala tšoanelong eo Jesu a itseng e tla khetholla balateli ba hae ba ’nete: “Ka lerato lena leo le ratanang ka lona, mang le mang o tla tseba hore le barutuoa ba ka.”—Johanne 13:35, “Jerusalem Bible” ea K’hatholike.